PINA YA 15
Rorisang Letsibolo la Jehova!
E Hatisitsweng
1. Rorisang Mor’a Jah.
Ke yena Letsibolo,
Mmusi ya nang le toka,
Ya tla pholosa batho.
Lebitso la Modimo
O’a le halaletsa
Le puso ya Jehova,
O’a e phatlalatsa.
(KHORASE)
Rorisang Mor’a Jah!
Ke yena Letsibolo.
O behilwe Sione,
Jwale o se a busa!
2. Rorisang Mor’a Jah,
Ya ileng a re shwela
A ba a re lopolla,
Mmopi a re tshwarela.
Le monyaduwa o teng,
O emetse Kreste.
Lenyalo leo la Kreste
Le tla re thabisa.
(KHORASE)
Rorisang Mor’a Jah!
Ke yena Letsibolo.
O behilwe Sione,
Jwale o se a busa!
(Sheba le Pes. 2:6; 45:3, 4; Tshen. 19:8.)