PINA YA 16
Rorisang Jah ka Lebaka la Mora wa Hae, Ya Tlotsitsweng
Printed Edition
1. Jah o tlotsitse Mor’a hae
Hore a buse batho.
Terone ya hae ke ya toka,
Ho etswe thato ya Mmopi.
(CHORUS)
Rorisang Jehova Modimo.
Le Mora wa hae a rokwe,
Re mo lateleng kamehla yohle
re boloke ditaelo.
Rorisang Jehova Modimo,
ka Mora wa hae ya busang
Ke ya tlotsitsweng hore a roke
lebitso la Modimo.
2. Bara babo Kreste ba teng
Ba kgethilwe ke Mmopi.
Ke sehlopha sa monyaduwa
Se tla tlisa Paradeise.
(CHORUS)
Rorisang Jehova Modimo.
Le Mora wa hae a rokwe,
Re mo lateleng kamehla yohle
re boloke ditaelo.
Rorisang Jehova Modimo,
ka Mora wa hae ya busang
Ke ya tlotsitsweng hore a roke
lebitso la Modimo.
(Sheba le Liprov. 29:4; Esa. 66:7, 8; Joh. 10:4; Tšen. 5:9, 10.)