Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w22 August maq. 2-7
  • Batjha​—Tswelang Pele ho Tiya Tumelong ka Mora ho Kolobetswa

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batjha​—Tswelang Pele ho Tiya Tumelong ka Mora ho Kolobetswa
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • O KA ETSANG HORE O BE MOKRESTE YA TIILENG?
  • HO BA LE DINTHO TSEO O BATLANG HO DI FINYELLA HO KA O THUSA JWANG HORE O TSWELE PELE HO TIYA TUMELONG?
  • Tswela Pele o Rata Jehova le Batho ba Bang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Tswela Pele ho Matlafatsa Kamano ya Hao le Jehova
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ipehele Dintho Tseo o Batlang ho di Etsetsa Jehova o be o di Finyelle
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Jehova o o Rata Haholo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Bala Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
w22 August maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 32

Batjha​—Tswelang Pele ho Tiya Tumelong ka Mora ho Kolobetswa

“A re holeng dinthong tsohle ka lerato.”​—BAEF. 4:15.

PINA YA 56 Phelela Nnete

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. Ke dintho dife tse thabisang tseo batjha ba di entseng?

SELEMO le selemo ho ba le batjha ba dikete ba kolobetswang. Na le wena o se o fetile moo? Haeba ho jwalo, bara le baradi beno ka phuthehong ba thabiswa ke seo. Jehova le yena o a thaba. (Liprov. 27:11) Ka motsotswana feela a ko nahane ka seo o se finyeletseng ho fihlela hona jwale. Ka mohlala, o tshepahalletse ho ithuta Bibele mohlomong ka dilemo tse itseng. Ho ithuta ho o kgodisitse hore Bibele ke Lentswe la Modimo. Ho feta moo, o ile wa tseba le ho rata Mongodi wa Bibele. Lerato la hao ho Jehova le bile matla hoo o ileng wa etsa qeto ya ho inehela ho Jehova mme wa kolobetswa. Eo e bile qeto e bohlale.

2. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Mohlomong pele o kolobetswa o ile wa thulana le mathata a mangata a ileng a etsa hore ho be thata ho dula o tshepahalla Jehova. Empa ha o ntse o hola, o tla thulana le mathata a mang ao o qalang ho a bona. Satane o tlo leka ho fokodisa lerato la hao ho Jehova e le hore o tlohele ho mo sebeletsa. (Baef. 4:14) Ha o a lokela ho dumella seo ho etsahala. Empa ke eng e ka o thusang hore o tswele pele ho tshepahalla kano eo o e etseditseng Jehova? O lokela ho sebetsa ka thata ho ba Mokreste ya hodileng tumelong. (Baheb. 6:1) Sehloohong sena re tlo bua ka hore na o ka etsa sena jwang.

O KA ETSANG HORE O BE MOKRESTE YA TIILENG?

3. Bakreste bohle ba lokela ho etsa eng ka mora ho kolobetswa?

3 Ka mora hore re kolobetswe, re lokela ho sebedisa keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste ba Efese. O ile a ba kgothaletsa hore e be Bakreste ba hodileng “ka ho felletseng.” (Baef. 4:13) Sena se bolela hore ba ne ba lokela ho tswela pele ho tiya tumelong. Pauluse o ile a bapisa tsela eo Bakreste ba tiyang ka yona tumelong le tsela eo ngwana a holang ka yona. Batswadi ba ngwana e monyenyane ba a mo rata ebile ba motlotlo ka yena. Empa e ke ke ya eba ngwana ho ya ho ile. Ha nako e ntse e eya o tla lokela ho lahla “mekgwa ya bongwana.” (1 Bakor. 13:11) Ho a tshwana le ka Bakreste. Ka mora ho kolobetswa re lokela ho tswela pele ho tiya tumelong. A re hlahlobeng tse ding tsa dintho tse ka re thusang ho etsa jwalo.

4. Hlalosa hore na keng e ka o thusang hore o tswele pele ho tiya tumelong. (Bafilipi 1:9)

4 O nne o rate Jehova le ho feta. O se o ntse o rata Jehova haholo. Empa lerato la hao ho yena e ka ba le tebileng le ho feta. Jwang? Moapostola Pauluse o re bontsha tsela e nngwe ya ho etsa jwalo ho Bafilipi 1:9. (E bale.) Pauluse o ne a rapella hore lerato la Bafilipi le ‘ate ka ho eketsehileng.’ Re ka etsang e le hore re dule re rata Jehova? Re ka etsa jwalo ka ho batla “tsebo e nepahetseng le temoho e felletseng.” Ha re tswela pele ho tseba Jehova re mo rata le ho feta, re ananela botho ba hae le tsela eo a etsang dintho ka yona. Re labalabela ho mo thabisa mme ha ho mohla re batlang ho mo swabisa. Re leka ka hohle ho utlwisisa seo a se hlokang ho rona le seo re lokelang ho se etsa.

5, 6. Hlalosa hore na o ka etsang e le hore o rate Jehova haholwanyane.

5 Jesu o ile a etsisa botho ba Jehova ka ho phethahetseng. Ka hoo, ha re tseba Jesu ha molemo re tla rata Jehova le ho feta. (Baheb. 1:3) Re ka tseba Jesu haholwanyane ka ho ithuta Dikosepele tse nne tsa Bibele. Haeba ha o eso itlwaetse ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ke hobaneng ha o sa qale hona jwale? Ha o ntse o bala ditlaleho tse buang ka Jesu, lebisa tlhokomelo makgabaneng a hae. O ne a atameleha mme ka lerato o ile a sika bana ba banyenyane matsohong a hae. (Mar. 10:13-16) Jesu o ne a le mosa ebile a le botswalle hoo barutuwa ba hae ba neng ba ikutlwa ba lokolohile ho mo phetlela sefuba. (Mat. 16:22) Ka ho etsa jwalo, Jesu o ne a etsisa Ntate wa hae ya lehodimong. Jehova le yena o atameleha haholo. Re ka bua le yena ka thapelo. Ha re rapela, re ka mo bolella ntho e nngwe le e nngwe eo re e nahanang le tsela eo re ikutlwang ka yona. Re kgodisehile hore a ke ke a re ahlola.​—1 Pet. 5:7.

6 Jesu o ne a utlwela batho bohloko. Moapostola Matheu o re: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile mme bo qhalakane jwalo ka dinku tse se nang modisa.” (Mat. 9:36) Jehova yena o ikutlwa jwang? Jesu o ile a re: “Ha se ntho e lakatsehang ho Ntate ya lehodimong hore e mong wa ba banyenyane bana a timele.” (Mat. 18:14) Mantswe ana a a re thabisa hobane a bontsha hore Jehova o re rata haholo. Lerato la rona ho Jehova le ba matla le ho feta ha re ntse re tseba Jesu haholwanyane.

7. Ho qeta nako le Bakreste ba matla tumelong ho ka o tswela molemo jwang?

7 Ntho e nngwe e ka o thusang ho ba Mokreste ya tiileng le ho rata Jehova haholo, ke ho qeta nako o ena le bara le baradibabo rona ba matla tumelong phuthehong ya heno. Hlokomela ka moo ba thabileng ka teng. Ha ba ikwahlaele qeto ya bona ya ho sebeletsa Jehova. Ba kope hore ba o qoqele dintho tse ba etsahalletseng ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Ba kope hore ba o eletse ha ho ena le qeto ya bohlokwa eo o lokelang ho e etsa. Hopola hore “ho na le [katleho] ha baeletsi ba le bangata.”​—Liprov. 11:14.

Ditshwantsho: 1. Moradiwabo rona e motjha o sebedisa bukana ya “Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?” le “The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking” ho etsa dipatlisiso. 2. Moradiwabo rona enwa o fana ka tlhaloso ka pela matitjhere le baithutimmoho le yena.

O ka itokisa jwang ha o kopana le thuto ya ho iphetola ha dintho sekolong? (Sheba serapa sa 8 le 9)

8. O ka etsang haeba o ka ba le dipelaelo ka seo Bibele e se rutang?

8 Hlola dipelaelo. Jwalo ka ha ho bontshitswe serapeng sa bobedi, Satane a ka leka ho o sitisa ho matlafatsa tumelo ya hao le ho atamela haufi le Jehova. A ka etsa hore o qale ho belaella dithuto tse ding tse hlahang ka Bibeleng. Ka mohlala, batho ba bang ba ka leka ho etsa hore o dumele thuto ya ho iphetola ha dintho ebe ba re ha se Modimo ya re bopileng. Mohlomong ha ho mohla o kileng wa nahana ka thuto ena ha o ntse o le ngwana empa ho ka etsahala hore hona jwale o se o rutwa ka yona sekolong. Dintho tseo matitjhere a hao a di buang ka thuto ya ho iphetola ha dintho di ka utlwahala eka ke nnete. Le ha ho le jwalo, ho ka etsahala hore ha ba eso ka ba ipha nako ya ho hlahloba bopaki ba hore ho na le Mmopi. Hopola molaomotheo o hlahang ho Liproverbia 18:17. E re: “Wa pele nyeweng ya hae o lokile; wa habo o a kena mme ka sebele o a mo phenya.” Ho ena le ho nka ntho e nngwe le e nngwe eo o e rutwang sekolong e le nnete, iphe nako ya ho hlahloba seo Bibele e se buang. Etsa dipatlisiso dingolweng tsa mokgatlo. Bua le bara le baradibabo rona ba kileng ba dumela thuto ya ho iphetola ha dintho. Ba botse hore na ke eng e ba kgodisitseng hore ho na le Mmopi ya re ratang. Puisano eo e ka o thusa ho fumana bopaki ba hore ho na le Mmopi.

9. O ithutang dinthong tse ileng tsa etsahalla Melissa?

9 Moradiwabo rona Melissa o ile a fumana molemo dipatlisisong tseo a ileng a di etsa ka popo.b O re: “Sekolong matitjhere a ruta thuto ya ho iphetola ha dintho ka tsela e etsang hore batho ba dumele hore ke nnete. Qalong, ke ne ke tshaba ho etsa dipatlisiso hobane ke ne ke nahana hore ho na le ntho e phoso eo nka e fumanang ka bodumedi ba ka. Empa ke ile ka re Jehova ha a batle hore re mo sebeletse ka hlooho e ntsho. Ka hoo, ke ile ka qala ho etsa dipatlisiso. Ke ile ka bala buka ya Is There a Creator Who Cares About You? le bukana ya Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking. Ena ke yona ntho eo ke neng ke hlile ke e hloka. Ke ile ka lakatsa eka nka be ke ile ka etsa jwalo di sa tloha feela.”

10, 11. O ka thuswa ke eng hore o dule o hlwekile boitshwarong? (1 Bathesalonika 4:3, 4)

10 Hana boitshwaro bo bobe. Ha o kena dilemong tsa botjha, takatso ya ho etsa thobalano e ka ba matla haholo. Ka dinako tse ding batho ba bang ba ka o phehella hore o etse boitshwaro bo bobe. Satane o batla hore o inehele ditakatsong tsena. o ka thuswa ke eng hore o dule o hlwekile boitshwarong? (Bala 1 Bathesalonika 4:3, 4.) Ha o rapela moo o leng mong, bolella Jehova ka moo o ikutlwang ka teng mme o mo kope hore a o matlafatse. (Mat. 6:13) Hopola hore Jehova o batla ho o thusa eseng ho o ahlola. (Pes. 103:13, 14) O ka boela wa fumana thuso Lentsweng la Modimo Bibele. Melissa, eo ho buuweng ka yena pejana, o ne a thatafallwa ho tlohela ho nahana ka boitshwaro bo bobe. O re: “Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho ile ha nthusa hore ke se ke ka inehela boitshwarong bo ditshila. E ile ya nkgopotsa hore ke inehetse ho Jehova mme ke batla ho mo sebeletsa.”​—Pes. 119:9.

11 O se ke wa leka ho itharollela mathata a hao o le mong. Bua le batswadi ba hao. Ho ka ba thata ho bua ka ditaba tsena empa ke ha bohlokwa ho etsa jwalo. Melissa o re: “Ke ile ka rapella sebete mme ka bua le ntate wa ka ka bothata bona. Ka mora moo, ke ile ka imoloha. Ke ne ke tseba hore Jehova o motlotlo ka nna.”

12. Ke eng e ka o thusang hore o etse diqeto tse nepahetseng?

12 Dumella melao ya Bibele hore e o tataise. Ha o ntse o hola batswadi ba hao ba tla o dumella hore o iketsetse diqeto. Empa ho tla be ho ntse ho ena le dintho tse ngata tseo o sa di tsebeng. Ke jwang o ka qobang ho etsa diphoso tse ka senyang setswalle sa hao le Jehova? (Liprov. 22:3) Moradiwabo rona Kari o a hlalosa hore na ke eng e ileng ya mo thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng. O ne a utlwisisa hore Bakreste ba tiileng ha ba hloke melao bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e etsang. O re: “Ke ne ke lokela ho utlwisisa tsela eo Jehova a bonang dintho ka yona.” Ha o bala Bibele ipotse: ‘Karolong ee ke ithuta eng ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona? Na e ka nthusa ho etsa se nepahetseng? Haeba ho jwalo, ho e kenya tshebetsong ho tla ntswela molemo jwang?’ (Pes. 19:7; Esa. 48:17, 18) Ha o bala Bibele ebile o nahanisisa ka seo o se balang ho tla ba bonolo ho wena hore o etse diqeto tse thabisang Jehova. Ha o ntse o ntlafatsa o tla hlokomela hore ha o hloke molao bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe hobane o tla be o utlwisisa tsela eo Jehova a nahanang ka yona.

Baradibabo rona ba batjha ba babedi ba lokisetsa sehlooho sa “Tora ya ho Lebela” mmoho.

Moradiwabo rona e mong e motjha o ile a kgetha metswalle e jwang? (Sheba serapa sa 13)

13. Metswalle e nepahetseng e ka o thusa jwang? (Liproverbia 13:20)

13 Kgetha metswalle e ratang Jehova. Jwalo ka ha re bone serapeng sa bosupa, ho kgetha metswalle e nepahetseng ho ka re thusa hore re be Bakreste ba nang le boiphihlelo. (Bala Liproverbia 13:20.) Moradiwabo rona Sara o ne a se a sa thaba jwalo ka pele. Empa ho ile ha etsahala ntho e nngwe e ileng ya mo thusa hore a boele a thabe hape. Sara o re: “Ke ile ka fumana metswalle e nepahetseng ka nako e nepahetseng. Re ne re kopana le moradiwabo rona e mong e motjha beke le beke ho lokisetsa sehlooho sa Tora ya ho Lebela. Motswalle e mong wa ka o ne a nthusa ho araba dibokeng. Metswalle ya ka e ile ya nthusa hore ke iphe nako ya ho ithuta ke le mong le ho rapela ka botebo. Setswalle sa ka le Jehova se ile sa matlafala ka hoo ke ile ka boela ka thaba.”

14. Julien o ile a fumana metswalle e molemo jwang?

14 Metswalle e ka bang le tshusumetso e ntle ho wena o ka e fumana jwang? Julien eo hona jwale e seng e le moholo o re: “Ha ke ntse ke hola, batho bao ke neng ke sebetsa tshimo le bona e ile ya eba metswalle ya ka. Metswalle ena ya ka e ne e tjheseha mme e ile ya nthusa ho bona hore na nka thabela tshimo haholo hakae. Ho tloha ka nako eo, toro ya ka e ne e se e le ho finyella tshebeletso ya nako e tletseng. Ke ile ka boela ka hlokomela hore ntho e nngwe e neng e etsa hore ke se ke ka ba le metswalle e mengata e molemo ke hobane ke ne ke etsa setswalle le dithaka tsa ka feela. Ha morao ke ile ka ba le metswalle Bethele. Ba ile ba mpehela mohlala o motle o ileng wa nthusa hore ke kgethe boithabiso bo molemo. Ka hoo, ke ile ka ba le setswalle se haufi le Jehova.”

15. Ke keletso efe eo Pauluse a ileng a e fa Timothea mabapi le ho etsa metswalle? (2 Timothea 2:20-22)

15 O lokela ho etsa eng ha o hlokomela hore ho qeta nako le motho ya itseng ka phuthehong ho ka senya setswalle sa hao le Jehova? Pauluse o ile a hlokomela hore batho ba itseng ka phuthehong ba ne ba sa nahane kapa ho etsa dintho jwalo ka Bakreste. Ka hoo, o ile a bolella Timothea hore a ba qobe. (Bala 2 Timothea 2:20-22.) Setswalle sa rona le Jehova ke sa bohlokwa haholo. Re sebeditse ka thata haholo ho ba le setswalle se haufi le Jehova ka hoo ha re batle ho ba le metswalle e tla senya setswalle seo.​—Pes. 26:4.

HO BA LE DINTHO TSEO O BATLANG HO DI FINYELLA HO KA O THUSA JWANG HORE O TSWELE PELE HO TIYA TUMELONG?

16. Ke dintho dife tseo o ka kgethang ho di finyella?

16 Dintho tseo o batlang ho di finyella e be tse molemo. Batla ho finyella dintho tse tla matlafatsa tumelo ya hao le ho o thusa hore o be Mokreste ya tiileng. (Baef. 3:16) Ka mohlala, o ka nna wa etsa qeto ya ho ntlafatsa ntlheng ya ho ithuta le ho bala Bibele ka mehla. (Pes. 1:2, 3) Kapa o ka leka ho rapela ka makgetlo mme o rapele ho tswa pelong. Mohlomong o lokela ho ba hlokolosi haholwanyane ka boithabiso boo o bo kgethang le dintho tseo o qetang nako o di etsa. (Baef. 5:15, 16) Jehova o tla thaba ha a bona o sebetsa ka thata e le hore o ntlafatse.

E mong wa baradibabo rona ba neng ba lokisetsa sehlooho sa “Tora ya ho Lebela” o thusa moradiwabo rona ya hodileng ho reka dijo.

Moradiwabo rona e motjha o ile a ipehela dintho tsa mofuta ofe tseo a ka di finyellang? (Sheba serapa sa 17)

17. Ho thusa batho ba bang ho tla o tswela molemo jwang?

17 O tla ba Mokreste ya tiileng tumelong haholwanyane ha o thusa ba bang. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Haeba o sebedisa mahlahahlaha a hao a botjha le nako ya hao ho thusa batho ba bang, o tla thaba haholo. Ka mohlala, o ka etsa hore ntho eo o batlang ho e finyella ebe ho thusa bara le baradibabo rona ba hodileng ka phuthehong kapa ba nang le bokowa, o ka ba ela mabenkeleng kapa wa ba thusa ka disebediswa tsa bona tsa elektronike. Haeba o morabo rona, etsa hore ho ba mohlanka ya sebeletsang e be ntho eo o batlang ho e finyella e le hore o ka thusa bara le baradibabo rona haholwanyane. (Bafil. 2:4) O boetse o bontsha lerato ho batho ba ka ntle ho phutheho ha o ba ruta ka molaetsa wa Mmuso wa Modimo. (Mat. 9:36, 37) Haeba ho kgoneha, etsa hore tshebeletso ya nako e tletseng e be ntho eo o batlang ho e finyella.

18. Tshebeletso ya nako e tletseng e ka o thusa jwang hore setswalle sa hao le Jehova se tiye?

18 Tshebeletso ya nako e tletseng e ka o fa menyetla e mengata ya hore setswalle sa hao le Jehova se tiye. Ho ba pulamadiboho ho ka etsa hore o be monyetleng wa ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. O ka ba le menyetla ya ho sebeletsa Bethele kapa diprojekeng tsa kaho. Moradiwabo rona e motjha wa pulamadiboho e leng Kaitlyn o re: “Ho qeta nako le bara le baradibabo rona tshebeletsong ya tshimo ho nthusitse hore setswalle sa ka le Jehova se tiye ka mora hore ke kolobetswe. Ba ile ba mpehela mohlala o motle o ileng wa nthusa hore ke ithute Bibele haholwanyane hape ke ntlafatse tsela eo ke rutang ka yona.”

19. O tla fumana ditlhohonolofatso dife ha o ntse o tswela pele ho tiya tumelong?

19 Ha o ntse o tswela pele ho matlafatsa tumelo ya hao, o tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata. O tla qoba ho sebedisa nako ya hao le matla dinthong tse se nang thuso. (1 Joh. 2:17) O ke ke wa iphumana o entse diqeto tse tla etsa hore o swetsehe ha bohloko. Ho ena le hoo, o tla atleha o be o fumane thabo ya nnete. (Liprov. 16:3) Mohlala wa hao o motle o tla kgothatsa bara le baradibabo rona ka kakaretso. (1 Tim. 4:12) Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore o tla ba le kgotso le kgotsofalo tse tliswang ke ho thabisa Jehova le ho ba le setswalle se haufi le yena.​—Liprov. 23:15, 16.

O KA ARABA JWANG?

  • Ke hobaneng ha o lokela ho tswela pele ho tiisa tumelo ya hao ka mora ho kolobetswa?

  • Ke dintho dife tseo motjha a ka di etsang tse ka mo thusang hore a nne a tswele pele ho tiya tumelong?

  • Ho batla ho finyella dintho tse molemo ho ka re thusa jwang hore re nne re tiye tumelong?

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

a Bahlanka ba Jehova ba a thaba ha batjha ba kolobetswa. Le ka mora ho kolobetswa barutuwa ba batjha ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba nne ba tiye tumelong. Sehloohong sena re tlo ithuta ditsela tseo ka tsona ba batjha ba qetang ho kolobetswa ba ka tswelang pele ho tiya tumelong.

b Mabitso a mang a fetotswe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela