PINA YA 5
Mesebetsi ya Modimo e Hlollang
Printed Edition
1. O Modimo ya Matla Ohle,
Wena ya ntsebang ka ho feletseng.
O bona tsohle tseo ke di nahanang,
Ntho tseo ke di buang
le tseo ke di etsang.
O bone ha ke ne ke etswa,
Wa ba wa bona masapo a ka.
Hape wa bona sebopeho sa ka.
Mesebetsi ya hao
e metle haholo.
Tsebo ya hao Modimo e’a makatsa.
Mesebetsi ya hao ke e hlollang.
Le ha nka ba hara fifi le letsho,
Ke’a tseba hore o tla mphumana.
Nka ipatela wena hokae,
Ka baleha sefahleho sa hao?
Lehodimong esita le lebitleng,
Le lewatleng ha ho na moo
nka ipatang.
(Sheba le Pes. 66:3; 94:19; Jer. 17:10.)