PINA YA 150
Batlang Modimo Hore le Lopollwe
1. Ditjhaba di lwantsha,
Mokgethwa wa Modimo.
Nako’a tsona e fedile;
Jehova o laetse.
Maren’a busitse.
Mmuso’a Modimo o teng.
O tla fedisa dira tsohle.
O ke ke wa dieha.
(CHORUS)
Batlang Modimo wa nnete,
Hore a tl’a le lopolle.
Le batle toka,
Le tshepahale,
Tshehetsang bobusi ba hae.
Mme le tla bona topollo
Ka tsoho la hae.
2. Batho ba tla kgetha,
Ho rata taba tsena.
Bohle ba fuwa monyetla
Hore ba ikutlwele.
Ha ho hlaha teko,
A re se tshabeng letho.
Jehova ke yen’a re thusang;
Mme o’a re hlokomela.
(CHORUS)
Batlang Modimo wa nnete,
Hore a tl’a le lopolle.
Le batle toka,
Le tshepahale,
Tshehetsang bobusi ba hae.
Mme le tla bona topollo
Ka tsoho la hae.
(Sheba le 1 Sam. 2:9; Pes. 2:2, 3, 9; Liprov. 2:8; Mat. 6:33.)