PINA YA 48
Re Tsamayeng le Jehova Kamehla
Printed Edition
1. Re tsamaya le Jehova,
Re ikokobeletsa yena.
Mosa wa hae o’a re hlolla
Re o bona kamehla yohle!
O’a re hlohonolofatsa,
Mme o’a re tataisa.
Re inehela ho yena
Mme re ema le Jehova.
2. Satane o halefile,
Ha bofelo bo atamela,
Re tobana le kganyetso
Mme e ka re bakela tshabo.
Empa Jah o’a re boloka;
Re tla dula le yena
Hore re mo sebeletse.
Mme re mo rate kamehla.
3. Jah Modimo o’a re thusa
Ka moya wa hae le ka Lentswe,
Ka phutheho ya Bokreste,
Le ka ho utlwa dithapelo.
Ha re tsamaya le Mmopi,
Re tla etsa ho loka,
Re tla ba ba tshepahalang
Re be re ikokobetse.
(Sheba le Gen. 5:24; 6:9; 1 Mar. 2:3, 4.)