PINA YA 122
Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe
Printed Edition
1. Batho ba tshwenyehile haholo
Hape ba tshohile bokamoso.
A re tiyeng re se tshabe letho.
Re sebeletse Mmopi.
(KHORASE)
Re tshepahalle Mmopi.
Re se ke ra kgeloswa.
Re eme re tiile, Re sa sisinyehe.
2. Diteko tsa lefatshe di ngata
Empa re ka kgona ho di hlola.
Re lokela ho hloya ntho tse mpe,
Re rate dintho tse ntle.
(KHORASE)
Re tshepahalle Mmopi.
Re se ke ra kgeloswa.
Re eme re tiile, Re sa sisinyehe.
3. Re rorise Mmopi ho tswa pelong.
Re mo sebeletse re thabile.
Re rute batho ka Mmuso wa hae.
Bofelo bo haufi.
(KHORASE)
Re tshepahalle Mmopi.
Re se ke ra kgeloswa.
Re eme re tiile, Re sa sisinyehe.
(Sheba le Luka 21:9; 1 Pet. 4:7.)