PINA YA 107
Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato
1. Jehova Mmopi o beha mohlala
O motle, re’o bone.
O re bontsha le lerato la nnete.
O re file Mora wa hae,
Ho tla kwahela diphoso tsa rona.
Eo ke pontsho e di fetang tsohle.
Lerato la hae le a bonahala.
Ke Modimo ya ratang batho.
2. Ha re tsamaya tseleng ya lerato,
Re ba le lerato.
Re tla ba sedi hore re thusane
Maemong ohle, dinthong tsohle.
Hoba re ke ke ra rata Modimo
Empa re hloile bana babo rona.
Ka lebaka leo a re tshwarelaneng,
Mme re bontshe rato la nnete.
3. Jehova Mmopi o thaba haholo
Ha re le lelapa.
O re ho rona: “Tloong le latswe bonngwe.”
Le tle bonngweng le leratong.
Makgabane ao ke ona a pakang
Hore re na le moya wa Modimo.
A re utlwaneng hape re be kgotsong.
Leo ke lona rato la nnete.
(Sheba le Bar. 12:10; Baef. 4:3; 2 Pet. 1:7.)