Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 77-80
  • Jehova

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jehova
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 77-80

Jehova

Lebitso la hae

Lebitso la Jehova le bolela “Ke Tla ba Seo ke Kgethang ho ba Sona”

Ge 1:1; Ex 3:​13-15; Ps 102:25; Esa 42:5

Jehova a ka fetoha eng e le hore a hlokomele bahlanka ba hae?

Ps 19:14; 68:5; Esa 33:22; 40:11; 2Ko 1:​3, 4

Sheba le Ps 118:14; Esa 30:20; Jer 3:14; Zak 2:5

Ke hobaneng ha batho bohle ba lokela ho tseba hore Jehova o a halalela ebile ke yena feela Modimo wa nnete?

Ps 83:18; Esa 29:23; Eze 36:23; Lu 11:2

Ke hobaneng ha Jehova a lokela ho mamelwa ke batho bohle?

Tshe 4:11; 7:​9-12

Ditsela tse ding tseo Jehova a hlaloswang ka Tsona

Ya Matla Ohle—Ge 17:1; Tshe 19:6

Ntate—Mat 6:9; Joh 5:21

Morupedi e Moholo—Esa 30:20

Jehova wa mabotho—1Sa 1:11

Morena wa bosafeleng—1Ti 1:17; Tshe 15:3

Modimo e Moholo—Heb 1:3; 8:1

Ya Phahameng ka ho Fetisisa—Ge 14:​18-22; Ps 7:17

Lefika—De 32:4; Esa 26:4

Mmusi wa Dintho Tsohle—Esa 25:8; Amo 3:7

Makgabane a mang a Jehova

Jehova o bontsha jwang hore o a halalela hona taba eo e lokela ho susumeletsa bahlanka ba hae hore ba etseng?

Ex 28:36; Le 19:2; 2Ko 7:1; 1Pe 1:​13-16

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Esa 6:​1-8—Ha moprofeta Esaia a bona pono ya Jehova, o ile a ikutlwa e se motho wa bohlokwa hobane e ne e le moetsadibe empa lengeloi la serafime le ile la mo bontsha hore le baetsadibe ba ka kgona ho hlweka ka pela Modimo

    • Bar 6:​12-23; 12:​1, 2—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na re ka etsang e le hore re tlohele ho etsa dintho tse mpe mme re etse “dintho tse halalelang”

Matla a Jehova a maholo hakae hona o a sebedisa jwang?

Ex 15:​3-6; 2Kr 16:9; Esa 40:​22, 25, 26, 28-31

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • De 8:​12-18—Moshe o ile a bolella Baiseraele hore ba na le dintho tse ngata tse ntle hobane Jehova a sebedisitse matla a hae ho ba hlohonolofatsa

    • 1Ma 19:​9-14—Jehova o ile a kgothatsa moprofeta Elia ka hore a mo bontshe matla a hae a maholo nakong eo a neng a nyahame

Ke hobaneng ha re tshepa hore toka ya Jehova ke yona e molemo?

De 32:4; Job 34:10; 37:23; Ps 37:28; Esa 33:22

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • De 24:​16-22—Melao eo Jehova a ileng a e fa Moshe, e bontsha hore Jehova o dula a etsa dintho ka toka, o rata batho ebile o mohau

    • 2Kr 19:​4-7—Morena Josafate o ile a re baahlodi ba ahlole dinyewe ho latela seo Jehova a reng se nepahetse eseng ho ya ka maikutlo a batho

Ke eng e bontshang hore Jehova o bohlale ho feta motho le ha e le ofe?

Ps 104:24; Pr 2:​1-8; Jer 10:12; Bar 11:33; 16:27

Sheba le Ps 139:14; Jer 17:10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 4:​29-34—Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone ka ho etsa hore a be bohlale ho feta batho bohle ba mehleng ya hae

    • Lu 11:31; Joh 7:​14-18—Jesu o ne a le bohlale ho feta Solomone mme o ne a tseba hore bohlale boo a nang le bona o bo filwe ke Jehova

Jehova o etsa eng ho bontsha hore o a re rata?

Joh 3:16; Bar 8:32; 1Jo 4:​8-10, 19

Sheba le Sof 3:17; Joh 3:35

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 10:​29-31—Jesu o ile a etsa mohlala ka dirobele ho bontsha ka moo Jehova a ratang batho ba mo sebeletsang ka teng

    • Mar 1:​9-11—Jehova o ile a bolella Jesu hore o a mo rata le hore o motlotlo hore ebe ke Mora wa hae. Ena ke ntho eo bana bohle ba hlokang ho e utlwa ho batswadi ba bona

Re na le mabaka afe a mang a ho rata Jehova? Bibele e bua ka makgabane a mangata a Jehova. A mang a ona ke ana . . .

O bona dintho tsohle—2Kr 16:9; Pr 15:3

Ha a fetohe; re ka mo tshepa—Mal 3:6; Jak 1:17

O a qenehela—Esa 49:15; 63:9; Zak 2:8

O tla dula a le teng; ha a na qalo ebile ha a na qetello—Ps 90:2; 93:2

O a fana—Ps 104:​13-15; 145:16

O kganya ka tsela e hlollang—Tshe 4:​1-6

Ke Modimo ya thabileng—1Ti 1:11

O ikokobeditse—Ps 18:35

O mosa—Lu 6:35; Bar 2:4

O a tshepahala—Tshe 15:4

O hlompheha haholo—Ps 8:1; 148:13

O mohau—Ex 34:6

O na le mamello—Esa 30:18; 2Pe 3:9

Ke Modimo ya nang le kgotso—Baf 4:9

Ke Modimo ya lokileng—Ps 7:9

Ho tseba Jehova haholwanyane ho tla re thusa jwang?

De 6:​4, 5; Mar 12:​28-32

Re ka etsang ho sebeletsa Jehova?

Re tseba jwang hore Jehova ha a lebella hore re etse dintho tseo re ke keng ra kgona ho di etsa?

De 10:12; Mik 6:8; 1Jo 5:3

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • De 30:​11-14—Melao eo Jehova a neng a e file Baiseraele a sebedisa Moshe e ne e se thata hoo ba neng ba ke ke ba e utlwisisa

    • Mat 11:​28-30—Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore ke Monghadi ya mosa hobane o tshwana hantle le Ntate wa hae

Ke hobaneng ha re tlameha ho rorisa Jehova?

Ps 105:​1, 2; Esa 43:​10-12, 21

Sheba le Jer 20:9; Lu 6:45; Dik 4:​19, 20

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ps 104:​1, 2, 10-20, 33, 34—Mopesaleme o ile a rorisa Jehova ha a sheba dintho tseo a di bopileng

    • Ps 148:​1-14—Dintho tsohle tseo Jehova a di bopileng di a mo rorisa

Ke jwang diketso tsa rona di ka etsang hore batho ba hlomphe Jehova?

Mat 5:16; Joh 15:8; 1Pe 2:12

Sheba le Jak 3:13

Ke hobaneng ha re lokela ho ba metswalle ya Jehova?

Ps 73:28; Jak 4:8

Ke hobaneng ha re lokela ho ikokobetsa haeba re batla ho ba metswalle ya Modimo?

Ps 138:6; Esa 57:15

Ke hobaneng ha re lokela ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona haeba re batla ho ba metswalle ya Jehova?

Ps 1:​1-3; 77:​11-13; Mal 3:16

Ke hobaneng ha re lokela ho etsa dintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng?

Lu 6:​46-49; Jak 1:​22-25

Ke hobaneng ha re sa lokela ho leka ho patela Jehova dintho tseo re di etsang?

Job 34:22; Pr 28:13; Jer 23:24; 1Ti 5:​24, 25

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 2Ma 5:​20-27—Gehazi o ile a leka ho pata sebe sa hae empa Jehova o ile a thusa moprofeta Elisha hore a se tsebe

    • Dik 5:​1-11—Ananiase le Safira ba ile ba leka ho pata sebe sa bona empa Jehova o ile a se senola a ba a ba fa kotlo hobane ba thetsitse moya o halalelang

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela