Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt leq. 12-leq. 13
  • Potso ya 5: Bibele e bua kang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Potso ya 5: Bibele e bua kang?
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Potso ya 5: Bibele e bua kang?

POTSO YA 5

Bibele e bua kang?

“Ke tla etsa hore wena le mosadi le hloyane le hore bana ba hao le ngwana wa hae ba hloyane. Ngwana eo o tla o kgoba hlooho mme wena o tla mo loma serethe.”

Genese 3:15

“Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka lebaka la ngwana wa hao hobane o mametse lentswe la ka.”

Genese 22:18

“Mmuso wa hao o tle. Thato ya hao e etswe lefatsheng jwalo ka ha e etswa lehodimong.”

Matheu 6:10

“Haufinyane Modimo ya fanang ka kgotso o tla le fa matla a ho fedisa Satane.”

Baroma 16:20

“Ha Modimo a se a behile dintho tsohle tlasa taolo ya Mora, Mora le yena o tla ipeha tlasa taolo ya Modimo e leng yena ya behileng dintho tsohle tlasa taolo ya Mora. Ka tsela eo, Modimo o tla busa batho bohle.”

1 Bakorinthe 15:28

“Ditshepiso tseo di ile tsa etsetswa Abrahama le ngwana wa hae . . .  e leng Kreste. Hape, haeba le le balatedi ba Kreste, le bana ba Abrahama.”

Bagalata 3:16, 29

“Mmuso wa lefatshe e se e le Mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae. O tla busa e le morena ka ho sa feleng.”

Tshenolo 11:15

“Ka hoo, drakone e kgolo, noha ya pele e bitswang Diabolose le Satane, e kgelosang lefatshe lohle, ya dihelwa tlase lefatsheng ha mmoho le mangeloi a yona.”

Tshenolo 12:9

“La tshwara drakone e leng noha ya pele e bitswang Diabolose le Satane mme la e fasa ka dilemo tse 1 000.”

Tshenolo 20:2

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela