Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g17 No. 2 leq. 7
  • Tsela e Kgethehileng eo Dinotshi di Dulang Fatshe ka Yona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Kgethehileng eo Dinotshi di Dulang Fatshe ka Yona
  • Fadimehang!—2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Tse ka hare
    Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 2 leq. 7
Notshi e dula hodima lelomo

Na E Entswe?

Tsela e Kgethehileng eo Dinotshi di Dulang Fatshe ka Yona

HA DINOTSHI di le moyeng di kgona ho theohela fatshe habonolo feela. Di etsa see jwang?

Ako Nahane ka Sena: Ho fapana le dikokonyana tse ding, dinotshi di kgona ho dula fatshe ka katleho, di sa lemale. Hore di etse sena, ho hlokahala hore di lekanye lebelo la tsona le sebaka seo dibatlang ho dula ho sona. Sena se hlola dikokonyana tse ding kaha tsona, pele di dula fatshe di tsepamisa mahlo sebakeng se le seng hape ha di kgone ho lekanya lebelo.

Tsela eo dinotshi di bonang ka yona, e fapane le eo batho ba bonang ka yona kaha batho ba sebedisa mahlo a bona ka bobedi e le hore ba bone dintho hantle. Dinotshi tsona di sebedisa ntho eo batho kaofela ba e tsebang, ya hore ha o shebile ntho ebe o ntse o atamela ho yona o bona e ntse e hola. Ha di theoha hodimo mme di ntse di atamela moo di batlang ho dula teng di bona ntho eo e hola ka potlako. Dipatlisiso tse entsweng Yunivesithing ya Australia li bontsha hore dinotshi di fokotsa lebelo la tsona e le hore boholo ba ntho eo di e shebileng bo seke ba fetoha. Ha di fihla fatshe lebelo la tsona le se le fokotsehile haholo hoo di nolofallwang ke ho dula fatshe.

Koranta engwe e re: “Tsela e bonolo eo dinotshi di kgonang ho dula fatshe ka yona . . . etla nolofalletsa baetsi ba diroboto tse fofang ho di etsetsa tataiso e bolokehileng.”

O nahanang ka see? Na tsela e bolokehileng eo dinotshi di dulang fatshe ka yona ebile teng ka ho iphetola ha dintho kapa e entswe?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela