Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g17 No. 2 maq. 12-13
  • Tseba Haholwanyane ka Spain

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tseba Haholwanyane ka Spain
  • Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 2 maq. 12-13
Toledo ke toropo e tlwaelehileng ya bahahlaudi Spain

Toledo ke sebaka seo ho sona o ka bonang histori le ditso tse fapaneng tsa Spain. Ka selemo sa 1986, Toledo e ile ya kgethwa ele sebaka se setle Lefatsheng sa Botjhaba mme bahahlaudi ba rata ho ya teng

Dinaha Le Batho | Spain

Tseba Haholwanyane ka SPAIN

Spain e bontshitswe mmapeng

SPAIN ke naha e nang le dibaka le batho ba ditso tse fapaneng. Naheng eo ho na le masimo a mangata a koro, dirapa tsa morara le difate tsa mohlware. Noka e arolang naha ya Spain le kontinente ya Afrika, e bophara ba dikhilomitara tse 14 feela.

Batho ba bangata ho akarelletsa Mafoenesia, Bagerike le Macarthage ba ile ba fallela Spain. Pele ho mehla ya Jesu, Baroma ba ile ba hapa naha ena mme ba e reha Hispania. Kamora moo, naha ena e ile ya hapuwa ke Mavisigothe le Mamoseleme bao setso sa bona se ntseng se le teng le hona jwale naheng eo.

Selemong se seng morao tjena, batho ba fetang dimilione tse 68 ba ile ba tjhakela naha ya Spain. Batho ba bangata ba ya moo ho ya boha botle ba letsatsi, ba lewatle, mosebetsi o motle wa matsoho le mehaho e kgahlisang ya bohlokwa. Batho ba tjhakelang moo, ba rata dijo tsa teng tse hlabosang. Tse ding tsa dijo tse ratwang haholo, ke tlhapi, nama ya fariki, setjhu, disalate le meroho e pheuweng kapa e tshetsweng ka oli ya mohlware. Dijo tse tsebahalang haholo Spain ke mahe, paella le tapas.

Mariscada ke dijo tse tlwaelehileng tsa Sepanishe

Dijo tse bitswang Mariscada

Batantshi ba babedi ba flamenco spain

Jaefe ya flamenco

Batho ba Spain ba botswalle ebile ba a tameleha. Boholo ba baahi ba moo, ba ipolela hore ke Makhatholike empa ke ba seng bakae feela ba yang Mmiseng. Dilemong tsa morao tjena, batho ba tswang Afrika, Asia le Latin America ba se ba dula Spain. Batho ba Spain ba rata ho bua ka bodumedi le meetlo. Dipaki Tsa Jehova di nnile tsa bua le batho ba moo ka molaetsa wa Bibele mme ba bangata ba bona, ba se ba tseba seo Bibele e se rutang.

Ka selemo sa 2015, Dipaki tse fetang 10 500 di ile tsa ithaopela ho lokisa le ho haha dibaka tseo ba bang le diboka ho tsona, tse 70 tse bitswang Diholo tsa Mmuso. Masepala o ile a fana ka ditsha ele hore ho hahwe diholo tseo tsa mmuso. Dipaki Tsa Jehova tsa moo, di ba le diboka ka dipuo tse fetang 30 ho akarelletsa le Sepanishe. Ka selemo sa 2016, batho ba fetang 186 000 ba ile ba bokana mmoho le Dipaki Tsa Jehova e le ho ikgopotsa lefu la Jesu Kreste.

NA O NE O TSEBA?

Spain ke yona naha e hlahisang oli ya mohlware e ngata ka ho fetisisa lefatsheng.

Thaba e bitswang Teide e Sehlekehlekeng se seng sa Canary, ke yona e telele ka ho fetisisa Spain. Hara dithaba tse tharo lefatsheng tse foqohang seretse se tjhesang, Teide ke ya boraro.

  • DIPUO TSE BUUWANG HAHOLO: SEPANISHE, SEBASQUE, SECATAL, SEGALICI LE SEVALENCI

  • BAAHI: 46 439 000

  • MOTSEMOHOLO: MADRID

  • TLELAEMETE: E YA FAPANA, LEHLABULA LA TENG, LE TJHESA HAHOLO HA MARIHA, A BATA HAHOLO

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela