SEO BIBELE E SE BUANG
Sefapano
Batho ba bangata ba nka sefapano e le letshwao le sebediswang ke Bakreste. Le ha ho le jwalo, ha se bohle ba dumelang hore batho ba lokela ho rwala difapano kapa ba di polake maboteng a bona le dikerekeng.
Na Jesu o ile a shwella sefapanong?
SEO BATHO BA SE BUANG
Baroma ba ile ba bolaya Jesu ka ho mo fanyeha sefapanong se entsweng ka dithupa tse pedi.
SEO BIBELE E SE BUANG
Jesu o ile a bolawa ka ho ‘fanyehwa thupeng.’ (Liketso 5:30) Mantswe ao a Bibele a bontsha hore Jesu o shwetse thupeng e le nngwe, eseng ho tse pedi. Ho latela buka e nngwe lentswe la Sekgerike stau·rosʹ le bolela “palo eseng ‘sefapano.’” Lentswe le leng la Sekgerike xyʹlon le sebedisitsweng ho Liketso 5:30 le bolela “thupa kapa palo eo Baroma ba neng ba kgokgothela batho ho yona ha ba ba thakgisa.”a
Bibele e amahanya tsela eo Jesu a bolauweng ka yona le molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele. Molao oo o ne o re: “Haeba motho a etsa sebe se loketsweng ke kahlolo ya lefu, mme a bolailwe, mme o mo fanyehile thupeng, . . . ya fanyehilweng ke ntho e rohakilweng ke Modimo.” (Deuteronoma 21:22, 23) Ha moapostola Pauluse a bua ka molao oo, o ile a re Jesu e bile “thohako bakeng sa rona, hobane ho ngodilwe: ‘Ho rohakwe motho e mong le e mong ya fanyehwang thupeng [e leng xyʹlon].’” (Bagalata 3:13) Kahoo, Pauluse o ile a bontsha hore Jesu o shwetse thupeng.
“Ba mo bolaya ka ho mo fanyeha thupeng.”—Liketso 10:39.
Na barutuwa ba Jesu ba ne ba sebedisa sefapano ho rapela Modimo kapa ho bontsha hore ke Bakreste?
SEO BIBELE E SE BUANG
Ha ho moo Bibele e reng Bakreste ba pele, ba kile ba sebedisa sefapano e le ho bontsha hore ke Bakreste. Ho ena le hoo, Baroma ba mehleng ya kgale, ba ne ba se sebedisa e le letshwao la medimo ya bona. Kamora dilemo tse 300 Jesu a shwele, Moemphera wa Moroma ya bitswang Constantine o ile a etsa hore sefapano e be letshwao la sesole sa hae, hamorao batho ba ile ba amahanya sefapano le kereke ya Bokreste.
Le hoja batho ba ne ba sebedisa sefapano ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, balatedi ba Jesu bona, ha ba a ka ba se sebedisa ha ba rapela Modimo wa nnete. Ba ne ba tseba hore Modimo o ne a sa batle hore ba mo rapele ba sebedisa “sebopeho se tshwantshetsang ntho leha e le efe” le hore Bakreste ba ne ba lokela ho ‘balehela borapedi ba ditshwantsho.’ (Deuteronoma 4:15-19; 1 Bakorinthe 10:14) “Modimo ke Moya,” ha a bonahale. Ke ka hona Bakreste ba pele ba neng ba sa sebedise ditshwantsho ho ba thusa hore ba ikutlwe ba le haufi le Modimo. Ho ena le hoo, ba ne ba mo rapela “ka moya,” ba tataiswa ke moya o halalelang o sa bonahaleng, le ka “nnete,” tumellanong le thato ya Modimo jwalo kaha e hlalositswe ka Bibeleng.—Johanne 4:24.
“Barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete.”—Johanne 4:23.
Bakreste ba lokela ho bontsha jwang hore ba hlompha Jesu Kreste?
SEO BATHO BA SE BUANG
“Kaha Jesu o shwetse sefapanong e le ho re pholosa, re tlameha hore re se sebedise ha re rapela. . . . Motho ya hlomphang sefapano o bontsha hore o hlompha Jesu.”—New Catholic Encyclopedia.
SEO BIBELE E SE BUANG
Ke nnete hore Bakreste ba lokela ho etsa se itseng ho bontsha hore ba ananela seo Jesu a ba etseditseng sona. Etswe lefu la hae le ba file monyetla wa ho tshwarelwa dibe, ho ba metswalle ya Modimo le ho fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16; Baheberu 10:19-22) Le ha ho le jwalo, Bakreste ha ba laelwe hore ba sebedise sefapano kapa ba bue ka molomo feela hore ba dumela ho Jesu. Bibele e re: “Tumelo, le yona, ha e se na mesebetsi, e shwele.” (Jakobo 2:17) Bakreste ba lokela ho bontsha tumelo ho Jesu. Empa ba ka etsa seo jwang?
Bibele e re: “Lerato leo Kreste a nang le lona le a re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shwela bohle . . . e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ya ileng a ba shwela mme a tsoswa.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Bakreste ba qobellwa ke lerato le ikgethang leo Jesu a ileng a ba bontsha lona hore ba fetole bophelo ba bona mme ba mo latele. Ha ba etsa jwalo, ba bontsha hore ba hlompha Jesu e le kannete.
“Ena ke thato ya Ntate, hore e mong le e mong ya bonang Mora le ya bontshang tumelo ho yena a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 6:40.
a Ho fumana dintlha tse eketsehileng sheba buka ya A Critical Lexicon and Concordance to the English and Greek New Testament, 11th Edition, by Ethelbert W. Bullinger, leqephe 818-819.