Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g17 No. 3 leq. 16
  • Letlalo le Boya la Qibi ya Lewatleng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Letlalo le Boya la Qibi ya Lewatleng
  • Fadimehang!—2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2017
  • Leleme la Katse
    Na e Entswe?
Fadimehang!—2017
g17 No. 3 leq. 16
Qibi ya lewatleng

Na E Entswe?

Letlalo le Boya la Qibi ya Lewatleng

DIPHOOFOLO tse ngata tse phelang metsing a batang, di na le mafura a matenya ka tlasa matlalo a tsona a di thusang hore di dule di futhumetse. Empa qibi ena ya lewatleng yona ke mokgelo tabeng eo, hobane e itshetlehile ka letlalo la yona le boya hore e futhumale.

Ako Nahane ka Sena: Qibi ya lewatleng, e na le boya bo teteaneng ho feta ba diphoofolo tsohle tsa metsing. Ha e tola, boya ba yona bo hulela moya haufi le mmele wa yona. Kahoo, moya ona o thibela metsi a batang hore a se ke a fihla letlalong, e le hore e ka dula e futhumetse.

Borasaense ba dumela hore hona le seo re ka ithutang sona ka letlalo le boya la qibi. Ba ile ba etsa dipatlisiso, ba batla ho bona hore na ebe ke nnete hore haeba seaparo le ha e le sefe se na le boya bo bolelele bo teteaneng motho a ke ke a hatsela na. Buka e nngwe e hlalosa hore ba ile ba fihlela qeto ya hore ha seaparo se na le boya “bo bolelele le bo teteaneng, mohatsela o ke ke wa fihla letlalong habonolo.” Kannete ho hlakile hore ho ka finyellwa dikgolo ka letlalo le boya la qibi.

Dipatlisiso di supa hore borasaense ba a elellwa hore ba ka ntlafatsa theknoloji e le hore ba etse diaparo tse sa keneleng metsi. Ka lebaka leo, ha ho pelaelo hore batho ba tolang ka hara metsi a batang, ba ka thabela ho apara seaparo sa mofuta ona.

O nahanang ka see? Na letlalo le boya la qibi ya lewatleng le e futhumatsang, le bile teng ka ho iphetola ha dintho kapa le entswe?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela