Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g18 No. 1 maq. 8-9
  • Eba le Lerato

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Eba le Lerato
  • Fadimehang!—2018
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • BA KOPANTSWE “KE TLAMO E PHETHAHETSENG YA BONNGWE”
  • Lerato ke la Bohlokwa Haholo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Fadimehang!—2018
g18 No. 1 maq. 8-9

O KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG BOPHELONG?

Eba Le Lerato

BATHO BA BATLA HO UTLWA BA RATWA. Ha ho na lenyalo, lelapa kapa esita le setswalle se ka tshwarellang ha ho se na lerato. Ka hona, re ka fihlela qeto ya hore lerato, ke la bohlokwa bakeng sa bophelo bo botle le thabo ya sebele. Empa hantlentle “lerato” keng?

Mofuta wa lerato oo re buang ka ona mona ha se lerato la ho nkeha maikutlo feela tjee. Empa re bua ka mofuta o kgethehileng wa lerato, e leng le susumelletsang motho ho bontsha hore ka nnete o amehile ka hore dithahasello tsa batho ba bang di tle pele ho tsa hae. Ke lerato le tataiswang ke melaomotheo ya Modimo mme le akarelletsa boikutlo bo mofuthu.

Tsela e ntle eo mofuta ona wa lerato o hlaloswang ka yona ke e reng: “Lerato le a tiisetsa mme le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikgohomose, ha le itshware ka mokgwa o sa hlompheheng, ha le batle dithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ya bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela nnete. Le jara dintho tsohle, . . . le tshepa dintho tsohle, le mamella dintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8.

Lerato leo “ha le fele le ka mohla”, ke hore le ke ke la fellwa ke nako. Ho e na le hoo, le ka ba matla le ho feta ha nako e ntse e ya. Ka ha le ya tiisetsa, le mosa ebile le ya tshwarela, “ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.” (Bakolose 3:14) Ke ka lebaka leo dikamano tsa batho ba nang le lerato leo, e bang tse matla. Ebile ba a thaba ho sa tsotellehe taba ya hore ha ba a phethahala. Ka mohlala, nahana ka lenyalo.

BA KOPANTSWE “KE TLAMO E PHETHAHETSENG YA BONNGWE”

Jesu Kreste o ile a ruta melaomotheo ya bohlokwa e mabapi le lenyalo. Ka mohlala, o ile a re: “‘Monna o tla siya Ntatae le Mmae mme o tla kgomarela mosadi wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe’ . . . Ka hona, seo Modimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha ba le motho ya se arolang.” (Matheu 19:5, 6) Re ithuta melaomotheo e mmedi mantsweng ana a Jesu.

“BAO BA BABEDI E TLA BA NAMA E LE NNGWE.” Lenyalo ke kamano e haufi haholo eo batho ba ka bang le yona. Ka hona, lerato le etsa hore ho se ke ha ba le ho se tshepahale lenyalong, ka mantswe a mang monna kapa mosadi e ke ke ya ba “mmele o le mong” le eo e seng molekane wa hae. (1 Bakorinthe 6:16; Baheberu 13:4) Ho se tshepahale ho ka fokodisa ho tshepana mme ha senya lenyalo. Jwale teng ha re sa bua ka bana! Ba ka ameha maikutlo habohloko, ba ikutlwa ba sa ratwe, ba sa sireletseha mme seo sa fella ka hore ba dule ba sa thaba.

“SEO MODIMO A SE KOPANTSENG HAMMOHO JOKONG.” Lenyalo e boetse ke tlamahano e halalelang. Ka hoo, banyalani ba hlileng ba hlomphang tokisetso eo, ba leka ka hohle ho matlafatsa lenyalo la bona. Ha ba nahane ka ho hlala ha ho nyolosetsa. Hobane lerato la bona le matla ebile le a mamella. Lerato le jwalo, “le jara dintho tsohle” ke hore, ba sebetsa mahetla a bapile ho phunyelletsa ho ya fihla ka nqane ho mathata.

Ha batswadi ba na le lerato le nang le boitelo, seo se etsa hore bana ba ithute ho hongata ho bona. Ngwanana e mong ya bitswang Jessica ya dilemo di 20, o re: “Ntate wa ka le Mme wa ka ba a ratana ebile ba hlomphana hona hoo. Ha ke bona Mama a hlompha Papa, haholoholo ha ba bua le rona bana, ka nnete ke utlwa ke batla ho tshwana le Mama ha ke hola.”

Lerato ke ntho e ka sehloohong eo Modimo a nang le yona. Ke ka hoo Bibele e reng: “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ebile ha ho makatse hore ebe Jehova o bitswa “Modimo ya thabileng.” (1 Timothea 1:11) Le rona re tla thaba haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho etsisa makgabane a Mmopi wa rona, haholoholo lerato. Baefese 5:1, 2 e re: “Le be baetsisi ba Modimo, jwalo ka bana ba ratwang, mme le tswele pele ho tsamaya leratong.”

DINTLHA TSA BOHLOKWA

‘Lerato le a tiisetsa mme le mosa. Le jara dintho tsohle, le tshepa dintho tsohle, le mamella dintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.’—1 Bakorinthe 13:4-8.

Lerato le tlisa thabo hobane le . . .

  • Re thusa ho bontsha hore re kgathalla ba bang e le ka nnete

  • Ba matla ha nako e ntse e ya

  • Fana ka matla ebile le etsa hore setswalle le manyalo e be a tshwarellang

  • Thusa bana ho natefelwa ke bophelo le ho utlwa ba sireletsehile

  • Re thusa hore re etsise Mmopi wa rona

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela