Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g18 No. 3 leq. 3
  • Tsenene ya Lefu

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tsenene ya Lefu
  • Fadimehang!—2018
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2018
  • Makasine Ena: Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?
    Fadimehang!—2018
  • Seo o ka se Lebellang
    Fadimehang!—2018
  • Selelekela
    Fadimehang!—2018
Bala Tse Ding
Fadimehang!—2018
g18 No. 3 leq. 3
Monna ya hlokahalletsweng o dutse a le mong restjhurenteng

BATHO BA HLOKAHALLETSWENG BA KA THUSWA KENG?

Tsenene Ya Lefu

“Nna le Sophiaa re ne re se re nyalane dilemo tse fetang tse 39, ha a ne a hlokahala ka mora ho kula nako e telele. Metswalle ya ka e ile ya ntshehetsa haholo mme le nna ke ne ke tshwarehile ka ho etsa dintho tse ding. Empa ho nkile selemo kaofela ke ntse ke utlwile bohloko bo otlang pelo. Ke ne ke utlwa eka ha ke kgone ho laola maikutlo a ka. Le hoja e se e ka ba dilemo tse tharo Sophia a hlokahetse, ka dinako tse ding ke ntse ke ena le ho utlwa bohloko.”​—Kostas.

Na o hlokahalletswe ke motho eo o mo ratang? Haeba ho jwalo, e ka nna yaba o utlwisisa hantle ka moo Kostas a ikutlwang ka teng. Ha ho ntho e bakang kgatello ya maikutlo le e utlwisang bohloko jwalo ka ho hlokahallwa ke molekane, wa leloko kapa motswalle. Ditsebi tse ithutang ka bohloko ba ho hlokahallwa di dumellana le sena. Sehlooho se seng se hlahang ho The American Journal of Psychiatry se bontsha hore “batho ba bangata ba hlokahallwang, ba nka hore lefatshe le fedile.” Motho ya hlokahalletsweng a ka nna a ipotsa dipotso tsena: ‘Ke tla ikutlwa ka tsela ena ho fihlella neng? Na ke tla boela ke thabe hape? Nka fumana matshediso ho kae?’

Dikarabo tsa dipotso tsena di teng ka hara makasine ena. Sehlooho se latelang se tlo hlalosa hore na o ka lebellang haeba o sa tswa hlokahallwa ke motho eo o mo ratang. Dihlooho tse ding tse latelang di tlo o thusa ho bona hore na o ka thuswa keng ho kokobetsa bohloko ba ho hlokahallwa.

Re tshepa hore dihlooho tsena di tla tshedisa bohle ba hlokahalletsweng.

a Mabitso a mang makasineng ena a fetotswe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela