Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g21 No. 3 maq. 8-9
  • Seo borasaense ba sa se tsebeng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Seo borasaense ba sa se tsebeng
  • Fadimehang!—2021
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Bophelo bo Qadile Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bophelo bo Bile Teng Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Thusa Bana ba Hao Hore ba be le Tumelo e Matla ho Mmopi
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Hlahloba bopaki
    Fadimehang!—2021
Bala Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 3 maq. 8-9
Titjhere ya saense e buisana le bana ba sekolo.

Seo Borasaense ba sa se Tsebeng

Le hoja borasaense ba ithutile dintho tse ngata, ba ntse ba sa kgone ho araba dipotso tsa bohlokwa tseo re ipotsang tsona.

Na borasaense ba a tseba hore bophelo le dintho tsohle di bile teng jwang? Karabo ke tjhe. Batho ba bang ba re borasaense ba ithutang ka hore na dintho di bile teng jwang ba ka kgona ho hlalosa hore na bophelo bo qadile jwang. Le ha ho le jwalo Moprofesa e mong ya bitswang Marcelo Gleiser ya tswang Dartmouth College ya ithutang ka dinaledi, o re: “Ha re eso ka re kgona ho hlalosa hore na mahodimo le lefatshe di bile teng jwang.”

Sehlooho se hlahang makasineng ya Science News ha se bua ka hore na bophelo bo bile teng jwang le sona se re: “E ka nna ya eba ntho e sa kgoneheng ho hlalosa hore na bophelo bo qadile jwang mona lefatsheng. Boholo ba mesaletsa ya dintho tsa kgale e neng e ka re bolella hore bophelo bo qadile jwang, ha e sa fumaneha.” Ho latela ditlhaloso tsena re a hlokomela hore saense ha eso ka e kgona ho hlalosa hore na dintho tsohle le bophelo di bile teng jwang. Haeba ho na le motho ya entseng hore bophelo bo be teng, ke mang?

E ka nna yaba o ile wa ipotsa dipotso tsena tse latelang: haeba ho na le Mmopi ya bohlale le ya lerato, ke hobaneng ha a dumella batho hore ba utlwe bohloko? Ke hobaneng ha ho e na le madumedi a mangata hakaale? Ke hobaneng ha a dumella batho ba mo rapelang hore ba etse dintho tse mpe hakaale?

Saense e ke ke ya kgona ho araba dipotso tsena. Empa seo ha se bolele hore o ke ke wa kgona ho fumana dikarabo tse kgotsofatsang tsa dipotso tsena. Ha e le hantle, batho ba bangata ba ile ba fumana dikarabo tse kgotsofatsang ka hare ho Bibele.

Ho na le borasaense ba ileng ba ipha nako ya ho ithuta Bibele mme ba dumela hore ho na le Mmopi. E le ho utlwa maikutlo a bona, kena ho jw.org/st-za ebe o batla Dintlha tsa Qaleho ya Bophelo.

Saense le Bibele di Ile Tsa ba Kgodisa

Georgiy N. Koidan, ya sebetsang ka dikhemikhale o re:

“Mosebetsi wa ka ke ho kopanya dikhemikhale tse fapaneng e le hore di etse dimolekhule. Ha o etsa sena, o lokela ho ba hlokolosi hobane ha o ka etsa phoso o tlo senya molekhule ona. Le hoja mosebetsi wa ka o rarahane ebile o le thata, o bonolo ha o bapiswa le se etsahalang ka hara disele tse phelang tse etsang dimolekhule tse rarahaneng haholo. Sena se etsa hore ke dumele hore ho na le Modimo ya tsebang haholo ka dikhemikhale ho feta batho.”

“Ha ke bala Bibele, ke ile ka hlokomela hore e fapane le dibuka tse ding. Le hoja Bibele e ngotswe dilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, keletso ya yona e ntse e le ya bohlokwa le kajeno. Keletso ya yona e sebetsa e le kannete ho rarolla diqabang tse ka bang teng pakeng tsa lelapa, basebetsimmoho le baahisane. Ke ile ka hlokomela hore dikeletso tse jwalo e tlameha ebe di tswa ho motho ya bohlale haholo ho feta batho.”

Yan-Der Hsuuw, ya ithutang ka masea a sa tswa emolwa o re:

“Pele lesea le sa tswa emolwa le eba le sebopeho, disele tsa lona di lokela ho sebedisana ha mmoho e le hore di kgone ho etsa methapo ya kutlo, mesifa, masapo, madi le dintho tse ding tse hlokahalang e le hore qetellong le be le sebopeho. Le ho na jwale re ntse re sa utlwisise hore na disele tsena di sebetsa jwang e le hore di qetelle di entse motho. Ho ya ka nna, ke bona eka bophelo bo tswa ho moqapi ya bohlale.”

“Tsela eo Pesaleme ya 139:15, 16 e hlalosang tsela eo ngwana ya sa tswa emolwa a holang ka teng, e tshwana le eo borasaense ba qetang ho e fumana morao tjena. Taba ya hore tlaleho ena e ngotsweng kgale hakana e nepahetse e a bontsha hore mongodi wa pesaleme ena o ne a susumeditswe ke Modimo.”

Shebella video ya Rocío Picado Herrero: Titjhere ya Chemistry e Hlalosa Tumelo ya yona. Batla sehlooho sa video ena websaeteng ya jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela