O KA ETSANG HA DITHEKO DI NTSE DI PHAHAMA?
Sebedisa Tjhelete ya Hao ka Bohlale
Ha ditheko di ntse di phahama, kaofela ha rona di a re ama. Empa ha o a lokela ho ikutlwa eka ha ho letho leo o ka le etsang ho rarolla bothata bona. Ho na le seo o ka se etsang e le hore o fumane tharollo.
KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?
Haeba o sa sebedise tjhelete ya hao hantle, o ka iphumana o tetebetse ka hara mathata a ditjhelete. Le haeba o se na tjhelete e ngata ho ntse ho ena le dintho tseo o ka di etsang ho e boloka.
SEO O KA SE ETSANG
O se ke wa reka dintho tseo o se nang tjhelete ya ho di reka. Haeba o etsa sena, o tla kgona ho laola maemo a hao a ditjhelete le haeba o hlahelwa ke mathata a tshohanyetso.
E le hore o se ke wa sebedisa tjhelete e fetang eo o nang le yona, qala pele ka ho ngola mokgolo wa hao fatshe ebe o o bapisa le ditshenyehelo tsa hao. Ka mora ho tseba hore na o hloka ho sebedisa tjhelete e kae, etsa bonnete ba hore o reka dintho tseo o di hlokang e le kannete. Leka ka hohle hore o sebedise tjhelete ho latela tsela eo o rerileng ka yona mme o e fetole haeba ditheko kapa mokgolo wa hao o fetoha. Haeba o lenyalong, etsa diqeto tseo le molekane wa hao.
Leka sena: Ho ena le ho reka dintho ka sekoloto, patala hanghang haeba ho kgoneha. Ba bang ba fumane hore ho sebedisa tjhelete ka tsela ena, ho ba thusa ho sebedisa tjhelete ka tsela eo ba e rerileng esale pele le ho ba thusa hore ba se ke ba tetebela dikolotong. Hape, nka nako ya hao o bala ditokomane tsa hao tsa banka mme o hlahlobisise hore na o ntshitse tjhelete e kae mme wa sebedisa e kae ka kgwedi. Ho tseba hore na o na le tjhelete e kae ho tla o thusa hore o se ke wa tshwenyeha.
Ho sebedisa tjhelete eo o nang le yona ho ka ba thata. Empa ho rera esale pele hore na o tla sebedisa tjhelete e kae ho ka o thusa. O tla atleha ho laola maemo a hao a ditjhelete.
Sebetsa ka thata hore o se ke wa lahlehelwa ke mosebetsi. Ke dintho dife tseo o ka di etsang e le hore o se ke wa lahlehelwa ke mosebetsi? Tse ding tsa tsona ke tsena: Fihla ka nako mosebetsing. Eba le maikutlo a matle ka mosebetsi wa hao. Thusa ba bang mme o sebetse ka thata. Eba motho ya hlomphang. Latela melao mme o ntlafatse bokgoni ba hao.
Qoba ho sebedisa tjhelete ya hao hampe. Ipotse: ‘Na ke na le mokgwa wa ho reka dintho tse turu kapa wa ho senya tjhelete?’ Ka mohlala, batho ba bangata ba senya tjhelete eo ba e sebeleditseng ka thata ka ho sebedisa dithethefatsi hampe, ho betjha, ho tsuba le ho nwa jwala ka tsela e feteletseng. Mekgwa ena e ka ba kudisa ya ba ya etsa hore ba lahlehelwe ke mosebetsi.
Boloka tjhelete bakeng sa maemo a tshohanyetso. Ha ho kgoneha, behella tjhelete e seng kae ka thoko bakeng sa maemo a tshohanyetso le ditshenyehelo tse sa lebellwang. Tjhelete eo e tla o thusa hore o se ke wa tshwenyeha haeba e mong wa lelapa a kula, a lahlehelwa ke mosebetsi kapa ho etsahala ntho e nngwe eo o sa e lebellang.