O KA ETSANG HA DITHEKO DI NTSE DI PHAHAMA?
Kgotsofalla Dintho Tseo o Nang le Tsona
Batho ba kgotsofalletseng dintho tseo ba nang le tsona ba thabela bophelo. Ha maemo a bona a fetoha, ba kgona ho fetola tsela eo ba phelang ka yona e le hore ba ka sebedisa tjhelete eo ba nang le yona hantle.
KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?
Jessica Koehler eo e leng setsebi sa kelello o re o hlokometse hore batho ba kgotsofallang dintho tseo ba nang le tsona ba dula ba thabile. O boetse o fumane hore ha ba honohele batho ba bang. Ke ka hoo ho sa makatse hore ebe batho ba kgotsofallang dintho tseo ba nang le tsona ba dula ba thabile ebile ha ba tshwenyehe habonolo. Ha e le hantle, batho ba thabileng haholo ke ba se nang dintho tse ngata. Ho ekelletsa moo, ho qeta nako le ba lelapa le metswalle ho tlisa thabo eo tjhelete e ke keng ya e tlisa.
SEO O KA SE ETSANG
O se ke wa ipapisa le ba bang. Haeba o bapisa dintho tse seng kae tseo o nang le tsona le dintho tse ngata tseo batho ba bang ba nang le tsona, ho etsa jwalo ho tla etsa hore o se ke wa kgotsofala hape o ka qetella o le mohono. Ha e le hantle ka dinako tse ding, dintho tse ngata tseo batho ba nang le tsona di ba kentse dikolotong mme ho ipapisa le bona ha ho na thuso. Nicole ya dulang Senegal o re: “Ha ke hloke dintho tse ngata hore ke thabe. Haeba ke kgotsofalletse dintho tseo ke nang le tsona, ke tla thaba le haeba ba bang ba ena le tse ngata ho feta tsa ka.”
Leka sena: O se ke wa sheba dipapatso kapa dintho tse hlahang inthaneteng tse bontshang maruo kapa bophelo bo mabothobotho boo batho ba bang ba bo phelang.
Ananela dintho tseo o nang le tsona. Batho ba nang le kananelo ba kgotsofalla dintho tseo ba nang le tsona mme ha ba be le maikutlo a hore ba tlamehile ho ba le dintho tse ngata. Roberton ya tswang Haiti o re: “Ke ipha nako ya ho nahana ka dintho tse molemo tseo batho ba bang ba nketseditseng tsona le ba lelapa la ka. Ha morao ke ba bolella ka moo ke ananelang dintho tseo ba nketseditseng tsona. Ke boetse ke ruta mora wa ka hore a lebohe ka mehla ha ho ena le ntho eo a e fuwang.”
Leka sena: Letsatsi le leng le le leng ngola fatshe dintho tse molemo tseo o di ananelang. Dintho tseo di ka akarelletsa ho ba le bophelo bo botle, lelapa le momahaneng, metswalle ya sebele esita le ho boha botle ba letsatsi ha le dikela.
Ka dinako tse ding, ha ho bonolo hore re kgotsofalle dintho tseo re nang le tsona. Empa boiteko boo re bo etsang ke ba bohlokwa. Ha re kgetha ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona, re tla fumana thabo e leng ntho e ke keng ya rekwa ka tjhelete.