Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ll karolo 6 maq. 14-15
  • Re Ithutang Morwallong o Moholo?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Re Ithutang Morwallong o Moholo?
  • Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Karolo ya 6
    Mamela Modimo
  • Ke bo Mang ba ileng ba Mamela Nakong ya Morwallo o Moholo? Ke bo Mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
  • Areka ya Noe
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
ll karolo 6 maq. 14-15

KAROLO YA 6

Re Ithutang Morwallong o Moholo?

Modimo o ile a timetsa batho ba kgopo empa o ile a pholosa Noe le ba lelapa la hae. Genese 7:11, 12, 23

Areka e sesa ka hodima metsi, batho ba kgopo ba kgangwa ke metsi mme mangeloi a marabele a tlosa mmele ya ona ya nama

Ho ile ha na pula ka matsatsi a 40 le masiu a 40, mme metsi a ile a kwahela lefatshe lohle. Batho bohle ba kgopo ba ile ba shwa.

Mangeloi a marabele a ile a hlobola mmele ya ona ya nama yaba a fetoha bademona.

Noe, lelapa la hae le diphoofolo ba tswa ka arekeng mme ho hlaha mookodi sepakapakeng

Batho ba neng ba le ka arekeng ba ile ba pholoha. Le hoja Noe le ba lelapa la hae ba ile ba qetella ba shwele, Modimo o tla ba tsosa bafung e le hore ba tlo phela ka ho sa feleng.

Modimo o tla boela a timetse batho ba kgopo mme a pholose ba lokileng. Matheu 24:37-39

Satane le bademona ba hae ba sebedisa mekgwa e mengata ya ho kgelosa batho

Satane le bademona ba ntse ba tswela pele ho kgelosa batho.

Jwaloka mehleng ya Noe, kajeno batho ba bangata ha ba mamele tataiso ya Jehova e lerato. Haufinyane Jehova o tla timetsa batho bohle ba kgopo.​—2 Petrose 2:5, 6.

Dipaki Tsa Jehova di sebedisa Bibele ho pakela monna, monna o bala Bibele

Batho ba bang ba tshwana le Noe. Ba mamela Modimo mme ba etsa seo a reng ba se etse; batho bao ke Dipaki Tsa Jehova.

  • Kgetha tsela e isang bophelong.​—Matheu 7:13, 14.

  • Batho ba kgopo ba tla timetswa; ba bonolo ba tla phela ka kgotso. ​—Pesaleme ya 37:10, 11.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela