-
Ho Etsahalang ka Rona ha re Shwa?Bibele e re Rutang?
-
-
KGAOLO YA 6
Ho Etsahalang ka Rona ha re Shwa?
1-3. Ke dipotso dife tseo re atisang ho ipotsa tsona ha re hlokahalletswe, hona dikereke tse ding di araba dipotso tseo jwang?
BIBELE e re tshepisa hore ka letsatsi le leng, “lefu ha le sa tla hlola le eba teng.” (Tšenolo 21:4) Kgaolong ya 5, re ithutile hore re tlilo phela ka ho sa feleng nakong e tlang hobane Modimo o re file thekollo. Empa ha jwale batho ba ntse ba shwa. (Moeklesia 9:5) Ka hoo, e nngwe ya dipotso tseo re ipotsang tsona haholo ke e reng: Ho etsahalang ka rona ha re shwa?
2 Re ipotsa potso ena haholoholo ha re hlokahalletswe ke motho eo re mo ratang. Re ka nna ra ipotsa le tse ding tse kang: ‘Motho eo o ile hokae? Na o a re bona? Na a ka re thusa? Na re tla ke re mo bone hape?’
3 Maikutlo a batho ha a tshwane tabeng ena. Lebaka ke hobane dikereke tse ding di ruta hore ha motho ya lokileng a shwa, o ya lehodimong, athe ha a etsa dintho tse mpe o ya diheleng. Batho ba bang bona ba dumela hore ha motho a shwa o ya sebakeng se itseng ho ya phela le baholoholo ba hae. Ho boetse ho na le batho ba dumelang hore ha motho a shwa, o tla tswalwa hape e se e le motho e mong kapa e se e le phoofolo.
4. Ke ntho efe eo dikereke tse ngata di dumellanang ho yona mabapi le lefu?
4 Dikereke di ruta batho dintho tse sa tshwaneng tabeng ya lefu. Empa ho na le ntho e le nngwe eo di dumellanang ka yona. Kaofela di ruta hore ha motho a shwa, ho ba le ntho e tswang ho yena, mme ntho eo e tswela pele e phela sebakeng se seng. Na thuto eo ke nnete?
HO ETSAHALANG KA RONA HA RE SHWA?
5, 6. Ho etsahalang ka rona ha re shwa?
5 Ke Jehova ya tsebang hore ho etsahalang ka rona ha re shwa. Modimo o re ha motho a shwa o kgaotsa ho phela. Ho shwa ho fapane le ho phela. Ha motho a shwa, monahano wa hae o kgaotsa ho sebetsa.a Ha motho a shwa a ke ke a hlola a kgona ho bona, ho utlwa kapa ho nahana.
6 Bibele e re ka batho ba shweleng: “Ho hang ha ba tsebe letho.” Ha ba sa kgona ho rata kapa ho hloya batho, ebile “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale” Lebitleng. (Bala Moeklesia 9:5, 6, 10.) Ho Pesaleme ya 146:4, Bibele e re ha motho a shwa, “menahano ya hae e a timela” kapa e a shwa.
JESU O ILE A RENG KA LEFU?
Jehova o ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng
7. Jesu o ile a reng ka lefu?
7 Ha motswalle wa hae Lazaro a shwa, Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: ‘Motswalle wa rona Lazaro o robetse.’ Empa Jesu o ne a sa bolele hore Lazaro o phomotse betheng, hobane o ile a re: “Lazaro o shwele.” (Johanne 11:11-14) Sena se bontsha hore Jesu o ne a tshwantsha lefu le boroko. Ha a ka a re Lazaro o ile lehodimong kapa ho batho ba habo ba seng ba hlokahetse. Hape ha a ka a re Lazaro o ntse a tjha diheleng kapa hore o tlo tswalwa hape e se e le motho e mong kapa phoofolo. Ho e na le hoo, Lazaro o ne a tshwana le motho ya robetseng boroko bo tebileng. Ho na le mangolo a mang a Bibele a tshwantshang lefu le boroko. Bibele e re ha Setefane a bolawa o ile a “robala lefung.” (Liketso 7:60) Ha moapostola Pauluse a bua ka Bakreste ba bang ba shweleng, o ile a re “ba robetse lefung.”—1 Bakorinthe 15:6.
8. Re tseba jwang hore Modimo o utlwa bohloko ha batho ba shwa?
8 Na Modimo o ne a batla hore Adama le Eva ba shwe? Tjhe! Ha Jehova a ba bopa, o ne a batla hore ba phele ka ho sa feleng ba sa kule. Jehova o entse hore batho ba lakatse ho phela ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:11) Jwalo ka ha ho se na motswadi ya batlang hore bana ba hae ba shwe, le Jehova o utlwa bohloko ha re shwa. Empa haeba Modimo o re bopetse ho phela ka ho sa feleng, ke hobaneng ha re shwa?
KE HOBANENG HA RE SHWA?
9. Ke hobaneng ha taelo eo Jehova a neng a e file Adama le Eva e ne e se thata?
9 Serapeng sa Edene, Jehova o ile a re ho Adama: “O ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore o kgotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Genese 2:9, 16, 17) Ho ne ho se thata hore Adama le Eva ba mamele taelo eo, ebile Jehova o ne a na le tokelo ya ho ba behela melao. Haeba ba ne ba ka mamela Jehova, ba ne ba tla bontsha hore ba hlompha bolaodi ba hae. Hape ba ne ba tla bontsha hore ba ananela dintho tsohle tseo Modimo a ba fileng tsona.
10, 11. (a) Satane o ile a reng ha a thetsa Eva? (b) Ke hobaneng ha ho se na lebaka leo Adama le Eva ba ka le behang ho buella phoso ya bona?
10 Ka maswabi, Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Jehova. Satane o ile a re ho Eva: “Na ehlile Modimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eva a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng. Empa ha e le ho ja ditholwana tsa sefate se hara serapa, Modimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, tjhe, le se ke la di ama e le hore le se ke la shwa.’”—Genese 3:1-3.
11 Yaba Satane o re: “Ka sebele le ke ke la shwa. Etswe Modimo o a tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha mme le tla ba jwaloka Modimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4-6) Ho ya ka mantswe a Satane, Eva o ne a ka iphelela ka tsela e batlwang ke yena, ho se na motho ya mo behelang melao. Satane o ile a boela a bua leshano ha a re Eva o ne a ke ke a shwa. Eva o ile a mo kgolwa, yaba o ja e nngwe ya ditholwana tsa sefate seo mme hamorao a fa le monna wa hae. Adama le Eva ba ne ba tseba hantle hore ba tlola molao wa Modimo. Ka ho ja tholwana eo Modimo a ba hanetseng ho e ja, ba ne ba kgetha ka boomo ho tlola taelo ya Modimo e hlakileng le e bonolo. Ba ne ba boetse ba bontsha hore ha ba hlomphe Modimo. Ho ne ho se lebaka leo ba ka ikemelang ka lona ka seo ba se entseng!
12. Ke hobaneng ha ho utlwisa bohloko hore ebe Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Jehova?
12 Ho utlwisa bohloko ho bona kamoo Adama le Eva ba ileng ba tella Modimo kateng. O ne o ka ikutlwa jwang ha mora kapa moradi wa hao eo o mo hodisitseng ka thata a sa o mamele? Ka sebele o ne o tla utlwa bohloko!
Adama o ne a entswe ka lerole mme o ile a kgutlela ho lona
13. Jehova o ne a bolelang ha a re Adama “o tla kgutlela leroleng”?
13 Adama le Eva ba ile ba lahlehelwa ke monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Jehova o ile a ahlola Adama a re ho yena: “O lerole mme o tla kgutlela leroleng.” (Bala Genese 3:19.) Hopola hore Adama o ne a bopilwe ka lerole. Jwale ha Modimo a re Adama o tla kgutlela leroleng, o ne a bolela hore Adama a ke ke a hlola a ba teng jwalo ka ha a ne a le siyo pele a mo bopa. (Genese 2:7) Ka hoo Adama o ile a shwa ka mora hore a etse sebe.
14. Ke hobaneng ha re shwa?
14 Hoja Adama le Eva ba mamela Modimo, ba ka be ba ntse ba phela le kajeno. Empa ba ile ba etsa sebe ka ho tlola molao wa hae mme qetellong ba shwa. Sebe se tshwana le bolwetse boo re bo futsitseng ho Adama le Eva. Ka hoo kaofela ha rona re a shwa hobane re hlahile re le baetsadibe. (Baroma 5:12) Empa Modimo o ne a sa batle hore ho be jwalo. Ha a batle hore batho ba shwe ebile Bibele e re lefu ke “sera.”—1 Bakorinthe 15:26.
HO TSEBA NNETE KA BAFU HO A RE THUSA
15. Ho tseba nnete ka bafu ho re thusa jwang?
15 Ho tseba hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa ho tla re thusa ho qoba ho etsa dintho tseo Modimo a sa di batleng. Bibele e re ruta hore bafu ha ba utlwe bohloko. Re ke ke ra kgona ho bua le bona mme le bona ba ke ke ba kgona ho bua le rona. Re ke ke ra kgona ho ba thusa mme le bona ba ka se re thuse. Ha re a lokela ho ba tshaba hobane ba ka se kgone ho re lematsa. Le ha ho le jwalo, dikereke tse ngata di ruta hore bafu ba ntse ba phela sebakeng se itseng, le hore batho ba ka thusa bafu ba bona ka ho fa baruti tjhelete. Empa ho tseba seo Bibele e se buang ka bafu, ho re thusa hore re se ke ra kgolwa mashano ao.
16. Dikereke tse ngata di ruta batho leshano lefe?
16 Satane o sebedisa bodumedi ba bohata ho re thetsa. O batla re nahane hore bafu ba ntse ba phela. Ka mohlala, dikereke tse ding di ruta hore ha re shwa, moya wa rona o tswela pele o phela sebakeng se itseng. Na seo o se dumelang ka bafu se dumellana le seo Bibele e se rutang? Satane o sebedisa mashano ho etsa hore batho ba se ke ba mamela Jehova.
17. Ke hobaneng ha dikereke tse reng Modimo o isa batho diheleng di rohaka Jehova?
17 Dikereke tse ngata di ruta hore Modimo o isa batho ba sa lokang diheleng hore ba ilo tjha ka ho sa feleng. Ha e le hantle, dikereke tse rutang sena di rohaka Jehova. Modimo a ke ke a dumella ntho e jwalo! (Bala 1 Johanne 4:8.) Na ho na le motswadi eo e ka reng ha ngwana wa hae a sa mo mamele, ebe o beha matsoho a ngwana mollong? Kannete motswadi ya jwalo o sehloho! Ebile o ne o ke ke wa batla ho ba motswalle wa motho ya jwalo. Satane o batla hore re ikutlwe ka tsela e tshwanang ka Jehova.
18. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba bafu?
18 Batho ba bang ba rutwa hore ba lokela ho tshaba bafu. Ba rutwa hore bafu ba ka ba thusa kapa ba ba ntsha kotsi haeba ba sa ba hlomphe. Batho ba bangata ba dumela mashano ana. Ka ha ba tshaba bafu, ba a ba rapela ho e na le ho rapela Jehova. Empa hopola hore bafu ha ba kgone ho etsa letho, ka hoo ha re a lokela ho ba tshaba. Jehova ke Mmopi wa rona. Ke yena Modimo wa nnete mme re lokela ho rapela yena feela.—Tšenolo 4:11.
19. Ho tseba hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa ho re tswela molemo jwang?
19 Ha re tseba hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa, re ke ke ra thetswa ke dikereke. Ho tseba seo e leng nnete ka lefu ho boetse ho re thusa ho utlwisisa dintho tse ntle tseo Jehova a tla re etsetsa tsona nakong e tlang.
20. Re tla bua kang kgaolong e latelang?
20 Mehleng ya kgale, mohlanka wa Modimo ya bitswang Jobo o ile a botsa a re: ‘Haeba motho a shwa, na a ka boela a phela?’ (Jobo 14:14) Na kannete ho ka etsahala hore motho ya shweleng a boele a phele? Modimo o araba potso ena ka Bibeleng. Re tla fumana karabo eo kgaolong e latelang.
a Batho ba bang ba dumela hore ha motho a shwa, moya wa hae o tswela pele o phela sebakeng se seng. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, sheba Ntlha ya 17 e hlahang qetellong ya buka.
-
-
Ho tla ba le Tsoho!Bibele e re Rutang?
-
-
KGAOLO YA 7
Ho Tla ba le Tsoho!
1-3. Re teronkong efe ya tshwantshetso, hona Jehova o tla re lokolla jwang?
NKA hore o ahloletswe ho dula teronkong bophelo bohle ba hao bakeng sa ntho eo o sa e etsang. Ha ho na tshepo ya hore o tla ke o lokollwe. Ho bonahala ho se na letho leo o ka le etsang. Empa ere o sa nyahame jwalo, o be o utlwa hore ho na le motho ya ka kgonang ho o ntsha teronkong ebile o tshepisitse ho etsa jwalo! Ka sebele ho ne ho tla re kokololo!
2 Ka tsela ya tshwantshetso, bohle re teronkong e bitswang lefu. Ho sa tsotellehe hore re etsang, ha ho na tsela ya ho tswa. Empa Jehova o na le matla a ho re lokolla lefung. O tshepisitse hore lefu e leng “sera sa ho qetela . . . le tla etswa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26.
3 Nahana kamoo o tla thaba kateng ha lefu le se le le siyo! Jehova ha a no fedisa lefu feela, empa o tla boela a tsose batho ba seng ba shwele. Ha seo se etsahala, ruri o tla thaba. Modimo o tshepisitse hore “ba se nang matla lefung” kapa bafu, ba tla boela ba phele. (Esaia 26:19) Sena ke seo Bibele e se bitsang tsoho ya bafu.
HA EO O MO RATANG A HLOKAHALA
4. (a) Re ka tshediswa keng ha re hlokahallwa ke motho eo re mo ratang? (b) E meng ya metswalle ya Jesu e ne e le bo mang?
4 Re utlwa bohloko haholo ha re hlokahallwa ke motho eo re mo ratang. Re ikutlwa re tlalletswe ke thota. Lebaka ke hobane ha re na matla a ho tsosa motho ya shweleng. Empa Bibele e ya re tshedisa. (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Jehova le Jesu ba batla ho tsosa bafu. Ho re thusa ho bona sena, a re ke re bueng ka se ileng sa etsahala nakong e fetileng ha Jesu a ne a le lefatsheng. Jesu o ne a tlwaetse ho etela Lazaro le dikgaitsedi tsa hae e leng Maria le Maretha. E ne e le metswalle ya Jesu. Bibele e re: “Jesu o ne a rata Maretha le moradi wabo le Lazaro.” Empa ka letsatsi le leng, Lazaro o ile a shwa.—Johanne 11:3-5.
5, 6. (a) Jesu o ile a etsang ha a bona metswalle ya hae e saretswe ka lebaka la lefu la Lazaro? (b) Ke hobaneng ha taba ya hore Jesu o ile a lla e re kgothatsa?
5 Jesu o ile a ya ho Maria le Maretha ho ilo ba tshedisa. Ha Maretha a utlwa hore Jesu o tseleng, o ile a tswela kantle ho motse ho ilo mo kgahlanyetsa. O ile a re ho Jesu: “Hoja o ne o le teng mona kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” Maretha o ne a nahana hore Jesu o tlile ka mora nako. Ka mora moo, Jesu o ile a bona le Maria a lla. Ha Jesu a bona kamoo ba neng ba saretswe kateng, o ile a utlwa bohloko haholo hoo a ileng a lla. (Johanne 11:21, 33, 35) Jesu o ne a utlwile bohloko bo tebileng boo motho a bo utlwang ha a hlokahalletswe.
6 Ho a re kgothatsa ho tseba hore Jesu o utlwa bohloko boo re bo utlwang ha re hlokahalletswe. Hopola hore Jesu o futsitse Ntate wa hae. (Johanne 14:9) Jehova o na le matla a ho fedisa lefu ka ho sa feleng mme ke seo a tla se etsa haufinyane.
“LAZARO, TSWA!”
7, 8. Ke hobaneng ha Maretha a ne a sa batle ha lejwe le lebitleng la Lazaro le tloswa, empa Jesu o ile a etsang?
7 Ha Jesu a fihla lebitleng la Lazaro, le ne le kwetswe ka lejwe le leholo. Jesu o ile a re: “Tlosang lejwe leo.” Empa Maretha o ne a sa batle ha lejwe leo le tloswa. O ne a nahana hore setopo sa Lazaro se se se nkga hobane e ne e le matsatsi a mane se bolokilwe. (Johanne 11:39) Maretha o ne a sa tsebe seo Jesu a neng a le haufi le ho se etsa.
Nahana kamoo metswalle le ba lelapa labo Lazaro ba neng ba thabile kateng ha a tsoswa! —Johanne 11:38-44
8 Jesu o ile a re ho Lazaro: “Tswa!” Ka mora moo, Maria le Maretha ba ile ba bona mohlolo. Bibele e re: “Monna ya neng a shwele a tswa a thatetswe maoto le matsoho ka masela a thatelang.” (Johanne 11:43, 44) Lazaro o ne a tsositswe bafung! O ile a boela a kopana le metswalle ya hae le ba lelapa labo. Ba ne ba thabile, ba kgona ho mo tshwara le ho bua le yena. Ruri ona e ne e le mohlolo! Jesu o ne a tsositse Lazaro.
“MORWETSANA, KE RE HO WENA, ‘EMA!’”
9, 10. (a) Ke mang ya fileng Jesu matla a ho tsosa bafu? (b) Ke hobaneng ha mangolo a buang ka batho ba ileng ba tsoswa a re kgothatsa?
9 Na Jesu o ne a tsosa bafu ka matla a hae? Tjhe. Pele a tsosa Lazaro, Jesu o ile a rapela Jehova mme Jehova a mo fa matla a ho tsosa Lazaro. (Bala Johanne 11:41, 42.) Hase Lazaro feela ya ileng a tsoswa bafung. Bibele e bua ka ngwanana ya itseng ya dilemo di 12 ya neng a kula haholo. Ntate wa hae ya bitswang Jairuse o ne a tshwenyehile haholo yaba o tla ho Jesu ho mo kopa hore a fodise moradi wa hae. Moradi eo e ne e le ngwana wa hae wa ho fela. Banna ba bang ba ile ba fihla Jairuse a ntse a bua le Jesu mme ba re ho Jairuse: “Moradi wa hao o shwele! O sa tshwenyetsang mosuwe?” Empa Jesu a re ho Jairuse: ‘O se ke wa tshaba, o mpe o bontshe tumelo, mme moradi wa hao o tla pholoha.’ Jesu o ile a tsamaya le Jairuse ho ya lapeng la hae. Ha ba atamela ntlong ya Jairuse, Jesu o ile a bona le ho utlwa batho ba llang. O ile a re ho bona: “Kgaotsang ho lla, ka ha ha a shwa empa o robetse.” Ho ka etsahala hore batswadi ba ngwanana eo ba ne ba ipotsa hore Jesu o bolelang. Jesu o ile a ntsha batho ka tlung, mme a sala le batswadi ba ngwanana enwa esita le ho ya le bona kamoreng eo ngwanana a neng a robetse ho yona. Jesu o ile a tshwara letsoho la ngwanana eo mme a re ho yena: “Morwetsana, ke re ho wena, Ema.” O ka inahanela feela kamoo batswadi bao ba ileng ba thaba kateng ha moradi wa bona a tsoha mme a tsamaya! Jesu o ne a tsositse moradi wa bona. (Mareka 5:22-24, 35-42; Luka 8:49-56) Ho tloha letsatsing leo, ba ne ba ke ke ba hlola ba lebala seo Jehova a neng a ba etseditse sona a sebedisa Jesu.a
10 Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa bafung, ba ile ba boela ba shwa hamorao. Empa ditlaleho tsa Bibele tse buang ka batho bao di re fa tshepo. Jehova o batla ho tsosa bafu mme o tla etsa jwalo.
SEO RE ITHUTANG SONA DITLALEHONG TSE BUANG KA TSOHO
Moapostola Petrose o ile a tsosa mosadi wa Mokreste ya bitswang Dorkase. —Liketso 9:36-42
Elia o ile a tsosa mora wa mohlolohadi. —1 Marena 17:17-24
11. Moeklesia 9:5 e re rutang ka Lazaro?
11 Bibele e bolela ka ho hlaka hore “ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Ho ne ho le jwalo le ka Lazaro. (Moeklesia 9:5) Jwalo ka ha Jesu a ile a bontsha, Lazaro o ne a tshwana le motho ya robetseng. (Johanne 11:11) Ha Lazaro a ntse a le ka lebitleng, ‘o ne a sa tsebe letho.’
12. Re tseba jwang hore Lazaro o ile a feela a tsoswa?
12 Batho ba bangata ba ne ba le teng ha Jesu a tsosa Lazaro. Esita le dira tsa Jesu di ne di tseba hore Jesu o entse mohlolo oo. Ka ha Lazaro o ne a boetse a phela, ho ne ho se motho ya ka latolang hore o tsositswe bafung. (Johanne 11:47) Ho na le batho ba bangata ba ileng ba tla ho Lazaro ho tla inwesa ka nkgo, mme ba ile ba qala ho dumela hore Jesu o feela a ronngwe ke Modimo. Dira tsa Jesu ha di a ka tsa rata sena mme di ile tsa rera ho bolaya Jesu le Lazaro.—Johanne 11:53; 12:9-11.
13. Ke hobaneng ha re kgodisehile hore Jehova o tla tsosa bafu?
13 Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng a kgopotso” ba tla tsoswa. (Johanne 5:28) Sena se bolela hore bafu bohle bao Jehova a ba hopolang ba tla tsoswa. Empa Jehova o lokela ho hopola ntho e nngwe le e nngwe ka mofu e le hore a ka mo tsosa. Na a ka kgona ho etsa seo? Nahana ka sena: Ho na le dinaledi tse dibilione kapa tse ngata haholo. Le ha ho le jwalo, Bibele e re Jehova o tseba lebitso la naledi e nngwe le e nngwe. (Bala Esaia 40:26.) Haeba Modimo a kgona ho hopola lebitso la naledi ka nngwe, re kgodisehile hore o tla hopola dintho tsohle ka batho bao a tla ba tsosa. Ha bohlokwa le ho feta, Jehova o na le matla a ho tsosa batho hobane ke yena ya ba bopileng.
14, 15. Mantswe a Jobo a re rutang ka tsoho ya bafu?
14 Monna ya bitswang Jobo ya ileng a phela mehleng ya Bibele, o ne a dumela tsohong ya bafu. O ile a botsa a re: ‘Haeba motho a shwa, na a ka boela a phela?’ Yaba o re ho Jehova: ‘O tla bitsa, mme ke tla o araba. O tla hopola mosebetsi wa matsoho a hao.’ Jobo o ne a tseba hore Jehova o letetse ka tjantjello nako eo a tla tsosa bafu ka yona.—Jobo 14:13-15.
15 O ikutlwa jwang ka tshepo ya tsoho? E ka nna yaba o a ipotsa: ‘Na ebe le batho bao ke ba tsebang ba tla tsoswa?’ Ho a re kgothatsa ho tseba hore Jehova o batla ho tsosa bafu. Empa ho tla tsoswa bo mang, hona ba tla dula hokae? A re boneng seo Bibele e se rutang tabeng ena.
“BA TLA UTLWA LENTSWE LA HAE MME BA TSWE”
16. Batho ba tsositsweng ba tla tsohela lefatsheng le jwang?
16 Nakong e fetileng, bafu ba ile ba tsosetswa hona mona lefatsheng mme ba boela ba phela le metswalle le ba malapa a bona. Ho tla etsahala se tshwanang nakong e tlang ha Modimo a tsosa bafu. Empa ha ho felle moo. Batho ba tsositsweng ba tla phela ka ho sa feleng mona lefatsheng. Ba ke ke ba hlola ba shwa! Ka nako eo lefatshe le tla be le fapane hole le lefatshe leo re phelang ho lona kajeno. Ho tla be ho se na dintwa, bokebekwa, le ho kula.
17. Ke bo mang ba tla tsoswa?
17 Ke bo mang ba tla tsoswa? Jesu o itse: “Bohle ba mabitleng a kgopotso ba tla utlwa lentswe la hae mme ba tswe.” (Johanne 5:28, 29) Lengolo la Tšenolo 20:13 le re: “Lewatle la nehelana ka bafu ba ho lona, mme lefu le Lebitla tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” Mangolo ana a bontsha ka ho hlaka hore ho tla tsoswa batho ba bangata. Le moapostola Pauluse o ile a re ho tla tsoswa “ba lokileng le ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) Seo se bolelang?
Nakong e tlang batho ba tsositsweng ba tla boela ba phele le ba malapa a bona
18. “Ba lokileng” ke bo mang?
18 “Ba lokileng” ba akarelletsa bahlanka ba tshepahalang ba Jehova, ba phetseng pele Jesu a tla lefatsheng. Ba bang ba bona ba tla tsosetswa ho phela lefatsheng, ba akarelletsa ba kang Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, le Esthere. O ka bala ka ba bang ba banna le basadi bao lengolong la Baheberu kgaolo ya 11. Empa ho tla etsahalang ka bahlanka ba Jehova ba ntseng ba shwa mehleng ee? Ba tla tsoswa, hobane le bona ba ‘lokile.’
19. “Ba sa lokang” ke bo mang? Ba tla fumana monyetla ofe?
19 “Ba sa lokang” ba akaralletsa batho ba dibilione ba sa kang ba fumana monyetla wa ho ithuta ka Jehova. Le hoja ba hlokahetse, Jehova ha a so ba lebale. O tla ba tsosa mme ba tla ithuta ka yena le ho mo sebeletsa.
20. Ke hobaneng ha e se batho bohle ba tla tsoswa?
20 Na seo se bolela hore motho e mong le e mong ya shweleng o tla tsoswa? Tjhe. Jesu o ile a re batho ba bang ba ke ke ba tsoswa. (Luka 12:5) Ke mang ya tla kgetha hore ke batho bafe ba lokelang ho tsoswa? Jehova ke yena Moahlodi ya ka sehloohong, empa o file Jesu matla a hore “e be moahlodi wa ba phelang le wa bafu.” (Liketso 10:42) Batho ba kgopo le ba sa bakeng ba ke ke ba tsoswa.—Sheba Ntlha ya 18.
TSOHO YA LEHODIMONG
21, 22. (a) Ho tsosetswa ho ya phela lehodimong ho bolelang? (b) Ke mang motho wa pele ya ileng a tsosetswa ho ya phela lehodimong?
21 Bibele e boetse e re ho na le batho ba tla phela lehodimong. Haeba motho a ilo phela lehodimong, ha a tsoswe ka mmele wa nama. Empa o tsoswa ka mmele wa moya.
22 Jesu ke yena motho wa pele ya ileng a tsoswa ka tsela ena. (Johanne 3:13) Jehova o ile a tsosa Jesu ka mora matsatsi a mararo a shwele. (Pesaleme ya 16:10; Liketso 13:34, 35) Jesu ha a ka a tsoswa ka mmele wa nama. Moapostola Petrose o hlalosa hore Jesu o ile “a bolawa nameng, empa a phediswa moyeng.” (1 Petrose 3:18) Jesu o ile a tsoswa e le lengeloi le matla! (1 Bakorinthe 15:3-6) Empa Bibele e re le ba bang ba ne ba tla tsoswa ka mmele wa moya.
23, 24. “Mohlatswana” ke bo mang, mme ba ba kae ka palo?
23 Pele Jesu a shwa, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ke ilo le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2) Sena se bolela hore ba bang ba balatedi ba hae ba ne ba tla tsoswa hore ba ilo phela le yena lehodimong. Ba ba kae ka palo? Jesu o ile a re ke “mohlatswana” e leng se bontshang hore ke palo e nyenyane. (Luka 12:32) Modimo o ile a re ke Bakreste ba 144 000 feela ba tla phela le Jesu lehodimong.—Tšenolo 14:1.
24 Bakreste bao ba 144 000 ba ne ba tla tsoswa neng? Bibele e re ba ne ba tla tsoswa ka mora hore Kreste a qale ho busa lehodimong. (1 Bakorinthe 15:23) Jesu o se a qadile ho busa lehodimong mme ba bangata ba ba 144 000 ba se ba na le yena moo. Ba bang ba ntseng ba setse mona lefatsheng, ba tla ya lehodimong hanghang ha ba qeta ho shwa. Empa batho ba bang bohle ba tla tsoswa hore ba tlo phela mona lefatsheng.
25. Re tla ithuta kang kgaolong e latelang?
25 Haufinyane Jehova o tla re lokolla lefung mme o tla fedisa lefu ka ho sa feleng! (Bala Esaia 25:8.) Batho ba tla ya lehodimong ba ilo etsang moo? Bibele e re ba ilo busa le Jesu Mmusong wa hae o lehodimong. Re tla ithuta ho eketsehileng ka Mmuso oo kgaolong e latelang.
a Bibele e bua ka batho ba bang ba ileng ba tsoswa bafung, ba akarelletsang bana le batho ba baholo, banna le basadi, Baiseraele le bao e neng e se Baiseraele. Ditlaleho tseo di fumanwa ho 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37; 13:20, 21; Matheu 28:5-7; Luka 7:11-17; 8:40-56; Liketso 9:36-42; 20:7-12.
-