-
‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
-
-
KGAOLO YA 19
‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’
NTLHAKGOLO: Tsela eo pono ya noka e phallang ho tswa tempeleng e ileng ya phethahala ka yona mehleng ya kgale, mehleng ena le ka moo e tla phethahala ka teng nakong e tlang
1, 2. Ho Ezekiele 47:1-12, Ezekiele o ile a bonang, a ba a ithutang? (Sheba setshwantsho se qalang.)
EZEKIELE o boetse o bona ntho e makatsang ponong ya hae ya tempele. O bona noka e phalla ho tswa tempeleng. Ako mo bone feela a le ka hara noka eo e nang le metsi a hlwekileng, a e latela. (Bala Ezekiele 47:1-12.) E tloha monyako wa tempele mme e kopana le mohaho wa tempele pela keiti e ka botjhabela. Lengeloi le tsamaya le Ezekiele le mo tlosa tempeleng, le metha sebaka ha ba ntse ba tsamaya. Lengeloi le re Ezekiele a tshele noka ka makgetlo a mangata. Ha a le ka metsing o a hlokomela hore noka e ntse e teba mme haufinyane ho tla hlokahala hore a sese e le hore a kgone ho tshela.
2 Ezekiele o hlokomela hore noka e phallela Lewatleng le Shweleng mme e hlwekisa metsi a lona a letswai, ao diphoofolo di neng di sa kgone ho phela ka hara wona. Hohle moo noka e kopanang le metsi a lewatle lena ho ba le ditlhapi tse ngata. Lebopong la noka, o bona difate tse ngata tsa mefuta e fapaneng di hola. Kgwedi le kgwedi di hlahisa ditholwana tse nang le phepo e ntle ebile di hlahisa makgasi a fodisang. Ha Ezekiele a bona dintho tsena tsohle, di ile tsa etsa hore a be le tshepo le kgotso. Empa karolo ee ya boprofeta ba pono ya tempele e ne e le bohlokwa hakae ho yena le ho Bajuda ba neng ba le botlamuweng le yena? E bohlokwa hakae ho rona mehleng ee?
Noka eo Ezekiele a e Boneng e ne e le Bohlokwa Hakae ho Bajuda ba Botlamuweng?
3. Ke hobaneng ha Bajuda ba mehleng ya kgale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ya Ezekiele ke ya sebele?
3 Bajuda ba mehleng ya kgale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ya Ezekiele ke noka e neng e le teng ka nako eo. Ho ena le hoo, ho ka etsahala hore e ile ya ba hopotsa mantswe a builweng ke moprofeta Joele dilemo tse fetang 200 tse fetileng. (Bala Joele 3:18.) Ha Bajuda ba botlamuweng ba bala mantswe a Joele, ba ne ba sa lebella hore dithaba tsa moo ba dulang teng di ‘rothe veine e monate’ le maralla a “phalle lebese.” Ba ne ba boetse ba sa lebella hore ho be le sediba “ntlong ya Jehova.” Ho ka etsahala hore Bajuda ba bang le bona ba ne ba utlwisisa hore noka e hlahang ponong eo Ezekiele a e boneng e ne e le ya tshwantshetso.a Ke molaetsa ofe oo Jehova a neng a fana ka wona ka pono ee? Mangolo a hlalosa ka ho hlaka hore na dikarolo tse ding tse setshwantshong sena di bolelang. Hona jwale re tlo bua ka dintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona boprofeteng bona.
4. (a) E ka nna yaba noka e ponong ya Ezekiele e ile ya etsa hore Bajuda ba lebelle ditlhohonolofatso dife tse tswang ho Jehova? (b) Tsela eo Bibele e sebedisitseng mantswe “noka” le “metsi” e re kgodisa jwang hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae? (Sheba lebokose le reng “Dinoka Tse Tlisang Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Jehova.”)
4 Noka e fanang ka ditlhohonolofatso. Hangata ka Bibeleng ha ho buuwa ka dinoka le metsi, e ya be e le ha ho buuwa ka tsela eo Jehova a hlohonolofatsang batho ba hae ka yona. Ezekiele o ile a bona noka e kang ena e phalla ho tswa tempeleng. Ka hoo, e ka nna yaba pono ena e ile ya etsa hore batho ba Modimo ba lebelle hore Jehova o tla tswela pele a ba hlohonolofatsa ha feela ba ntse ba mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Ba ne ba tla fumana ditlhohonolofatso dife? Ba ne ba tla boela ba fumane melao e tswang ho baprista. Ka ha ho ne ho etswa mahlabelo tempeleng, ba ne ba ka boela ba kgodiseha hore ba tla tshwarelwa dibe. (Ezek. 44:15, 23; 45:17) Ka tsela eo, ba ne ba tla hlweka hape jwalo ka ha eka ba hlatsuwa ka metsi a hlwekileng a tswang tempeleng.
5. Noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e ile ya kgodisa Bajuda jwang hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa kaofela?
5 Na batho bohle ba ne ba tla dula ba fumana ditlhohonolofatso? Pono ya Ezekiele e ne e kgothatsa hobane e ne e bontsha hore ka mohlolo metsi a noka a ne a tla nne a eketsehe mme a be mangata. (Ezek. 47:3-5) Ho sa tsotellehe hore na Bajuda ba ne ba ka ba bangata hakae, ditlhohonolofatso tsa Jehova le tsona di ne di tla ba ngata, di ba lekane. Noka eo e ne e bontsha hore ditlhohonolofatso tsa Jehova di tla ba ngata.
6. (a) Pono ya Ezekiele e re kgodisa hore ho tla ba jwang nakong e tlang? (b) Pono ya Ezekiele e ile ya fana ka temoso efe? (Sheba naletsana.)
6 Metsi a fanang ka bophelo. Ponong ya Ezekiele noka e ile ya phallela Lewatleng le Shweleng mme la boela la eba le diphoofolo. Hlokomela hore metsi ao a ile a etsa hore ho phele ditlhapi tse ngata tse fapaneng ka lewatleng leo. Bongata ba ditlhapi tseo bo ne bo ka bapiswa le tse fumanehang Lewatleng le Leholo kapa Lewatleng la Mediterranean. Ho ne ho boetse ho ena le dikgwebo tse atlehang tsa ho tjheha ditlhapi lebopong la Lewatle le Shweleng le neng le le dipakeng tsa metse e mmedi e neng e arohane. Lengeloi le ile la re: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela.” Na taba ee e bolela hore metsi a tswang ntlong ya Jehova a ne a fihla dikarolong tsohle tsa Lewatle le Shweleng? Tjhe. Lengeloi le ile la re metsi a fanang ka bophelo a ne a ke ke a fihla dibakeng tse tletseng seretse. Dibaka tseo di ne “di tla dula di ena le letswai.”b (Ezek. 47:8-11) Pono ena ya Ezekiele e a re kgodisa hore borapedi ba nnete bo tla etsa hore batho ba phele ha monate ba be ba atlehe. Empa ho ne ho boetse ho ena le temoso: E ne e se batho bohle ba neng ba tla amohela ditlhohonolofatso tsa Jehova ebile e ne e se batho bohle ba neng ba tla fodiswa.
7. Difate tse ponong tse neng di le pela noka di ile tsa etsa hore Bajuda ba botlamuweng ba kgodisehe ka eng?
7 Difate tse nang le ditholwana le tse fodisang. Difate tse lebopong la noka di etsa hore sebaka seo ho buuwang ka sona ponong se be setle. Di re thusa ho utlwisisa boprofeta bona. Ho ka etsahala hore Ezekiele le banna ba habo ba ne ba rata ho nahana ka ditholwana tse monate tseo difate tsena di neng di tlo di hlahisa kgwedi le kgwedi. Taba ena le yona e ile ya ba kgodisa hore Jehova o tla ba thusa hore ba mo sebeletse. Ba ile ba boela ba kgodiseha hore makgasi a difate tseo a tla ‘fodisa.’ (Ezek. 47:12) Jehova o ne a tseba hore Bajuda ba tswang botlamuweng ba ne ba lokela ho thuswa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. Kgaolong ya 9 ya buka ena re ile ra ithuta ka boprofeta bo bontshang hore na Modimo o ile a ba thusa jwang hore ba mo sebeletse.
8. Re tseba jwang hore pono ya Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela?
8 Bajuda ba tswang botlamuweng ha ba a ka ba bona ha boprofeta boo ho buuwang ka bona Kgaolong ya 9 bo phethahala kaofela. Ke bona ba ileng ba etsa hore boprofeta boo bo se ke ba phethahala kaofela. Ha ba a ka ba fumana ditlhohonolofatso tsa Jehova kaofela hobane ba ne ba mo fetohela, ba sa mo mamele ba bile ba sa mo rapele ka tsela eo a e amohelang. Dintho tseo Bajuda ba sa tshepahaleng ba neng ba di etsa, di ne di utlwisa batho ba tshepahalang bohloko. Le ha ho le jwalo, barapedi ba tshepahalang ba Jehova ba ne ba tseba hore ka mehla ditshepiso tsa hae di dula di phethahala. (Bala Joshua 23:14.) Ka hoo, pono ya Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela. Empa neng?
Noka eo e Ntse e Phalla le Kajeno!
9. Boprofeta ba Ezekiele ba tempele bo tla phethahala le ho feta neng?
9 Kgaolong ya 14 ya buka ena re ithutile hore boprofeta ba Ezekiele ba pono ya tempele bo tla phethahala le ho feta “matsatsing a ho qetela,” e leng nakong eo ka yona batho ba bangata ba tla beng ba hlompha borapedi ba nnete le ho rapela Modimo ka tsela e nepahetseng. (Esa. 2:2) Karolo ee ya boprofeta ba Ezekiele e phethahala jwang kajeno?
10, 11. (a) Ke ditlhohonolofatso dife tseo re di fumanang mehleng ee tse tshwantshwang le noka e phallang? (b) Ditlhohonolofatso tse tswang ho Jehova di ile tsa eketseha jwang hore di lekane batho bohle mehleng ee ya bofelo?
10 Noka e tlisang ditlhohonolofatso. Metsi a phallang ho tswa ntlong ya Jehova a re hopotsa ditlhohonolofatso dife kajeno? A re hopotsa dintho tse ngata tseo Jehova a re fang tsona tse matlafatsang tumelo ya rona. Ntho ya bohlokwa eo a re hopotsang yona ke matla a sehlabelo sa Kreste, se re thusang hore re tshwarelwe dibe. Nnete e tswang ka Lentsweng la Modimo e tshwantshwa le metsi a hlwekisang le a fanang ka bophelo. (Baef. 5:25-27) Rona mehleng ee re fumana ditlhohonolofatso tseo jwang?
11 Ka selemo sa 1919, ho ne ho ena le bahlanka ba Jehova ba dikete tse mmalwa mme ba ne ba thabile haholo ha ba hlalosetswa nnete e tswang Bibeleng. Ha dilemo di ntse di eya, ba ile ba eketseha haholo. Kajeno batho ba Modimo ba feta dimilione tse robedi. Na batho baa kaofela ba fumana dintho tse ba rutang nnete e ka Bibeleng? Ho jwalo! Re na le dintho tse ngata tse re thusang ho utlwisisa nnete e ka Bibeleng. Dilemong tse 100 tse fetileng, batho ba Modimo ba fumane Dibibele, dibuka, dimakasine, dibukana le dipampitshana tse dibilione. Jwalo ka noka e phallang eo Ezekiele a e boneng ponong, nnete ya Lentswe la Modimo le yona e fihla ka bongata ho batho bohle ba batlang ho ithuta ka Modimo. Haesale dingolwa tse thehilweng Bibeleng di hatiswa ho tloha kgale. Mehleng ena re na le websaete ya jw.org e nang le dintho tse ngata tse thusang batho hore ba ithute ka Modimo tse fetoletsweng ka dipuo tse fetang 1 000. Nnete e tswang Lentsweng la Modimo e tshwantshwang le metsi e thusitse batho ba dipelo di ntle jwang?
12. (a) Nnete e ka Bibeleng e thusitse batho ba dipelo di ntle jwang? (b) Pono ya Ezekiele e re hlokomedisa eng kajeno? (Sheba naletsana.)
12 Metsi a fanang ka bophelo. Lengeloi le ile la re ho Ezekiele: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela.” Nahana ka moo nnete ya Bibele e ileng ya fihla ho batho bohle bao hona jwale e seng e le karolo ya naha ya batho ba Modimo. Nnete ya Bibele e thusitse batho ba bangata ba dipelo di ntle hore ba dumele ho Jehova. Pono ya Ezekiele e boetse e fana ka temoso: Ha se batho bohle ba tla dula ba amohela nnete e ka Bibeleng. Jwalo ka dibaka tse tletseng metsi le seretse tse Lewatleng le Shweleng tseo Ezekiele a di boneng ponong, ho na le batho ba ke keng ba amohela kapa ba tla hana ho mamela nnete e ka Bibeleng le ho sebedisa seo ba ithutileng sona.c Le ka mohla re se ke ra tshwana le batho bao.—Bala Deuteronoma 10:16-18.
13. Kajeno re ithutang difateng tse hlahileng ponong?
13 Difate tse nang le ditholwana le tse fodisang. Na kajeno ho na le dintho tse kgothatsang tseo re ka ithutang tsona ka difate tse lebopong la noka tse hlahileng ponong ya Ezekiele? Ho jwalo. Hopola hore difate tseo di ne di hlahisa ditholwana tse monate kgwedi le kgwedi mme makgasi a tsona a ne a fodisa. (Ezek. 47:12) Ka hoo, difate tsena di a re hopotsa hore re sebeletsa Modimo ya re fodisang le ya re fepang ka dintho tse matlafatsang tumelo ya rona. Kajeno batho ba bangata ha ba utlwisise dithuto tsa Bibele. Empa rona Jehova o re fa dintho tse ngata tse re thusang ho utlwisisa Bibele. Ka mora ho bala sehlooho se itseng se hlahang makasineng ya rona, ho bina pina e kwalang kopanong e kgolo kapa e nyenyane, ho shebella video kapa lenaneo la broadcasting, na ha o ke o ikutlwe o ananela dintho tseo Jehova a re fang tsona? Ka nnete Jehova o re hlokometse. (Esa. 65:13, 14) Na dintho tseo Jehova a re fang tsona di matlafatsa tumelo ya rona? Dikeletso tseo re di fumanang ka Lentsweng la Modimo di re thusa hore re se ke ra etsa boitshwaro bo bobe, ra ba meharo kapa ra fellwa ke tumelo. Jehova o hlophisitse hore Bakreste ba entseng dibe tse tebileng ba thuswe. (Bala Jakobo 5:14.) Ka nnete Jehova o a re hlokomela jwalo ka ha difate tse hlahileng ponong ya Ezekiele di bontsha.
14, 15. (a) Re ithutang dibakeng tse seretse tseo Ezekiele a ileng a di bona ponong? (b) Boprofeta ba Ezekiele ba noka bo re tswela molemo jwang kajeno?
14 Ho boetse ho na le ntho eo re ka ithutang yona dibakeng tse sa hlwekang tse dulang di tletse seretse. Le ka mohla ha re batle ho etsa dintho tse tla etsa hore Jehova a se ke a re hlohonolofatsa. E ka ba ntho e bohloko ho hana ditlhohonolofatso tsa Jehova jwalo ka ha batho ba bangata ba etsa kajeno. (Mat. 13:15) Ho ena le hoo, rona re a thaba ha Jehova a re hlohonolofatsa. Ha re ithuta Lentswe la Modimo, re bolella batho ba bang dintho tseo re ithutileng tsona, re eletswa, re kgothatswa ebile re thuswa ke baholo ba kwetlisitsweng ke mohlanka ya tshepahalang, dintho tsena kaofela di ka etsa hore re nahane ka noka e hlahang ponong ya Ezekiele. Noka ena e fana ka bophelo hohle moo e phallelang teng.
15 Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka bo tla phethahala jwang nakong e tlang? Jwalo ka ha re tla ithuta, noka ena e tla ba kgolo haholo e leng se bolelang hore nakong e tlang Paradeiseng re tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata.
Boprofeta Boo bo Tla Phethahala Jwang Paradeiseng?
16, 17. (a) Noka ee e tla atoloha jwang Paradeiseng? (b) Ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana Paradeiseng tse jwalo ka noka?
16 Na o ye o ipone o se o phela Paradeiseng le metswalle le ba lelapa le thabile? Ho ithuta ka boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka ho tla o thusa hore o ipone o se o le Paradeiseng. Jwang? Hona jwale a re bueng hape ka dikarolo tse tharo tsa boprofeta bona tse bontshang hore Jehova o lerato.
17 Noka e tlisang ditlhohonolofatso. Noka ena ya tshwantshetso e tla atoloha haholo Paradeiseng hobane e ke ke ya matlafatsa tumelo ya rona feela empa e tla re tswela molemo le bophelong. Nakong ya Puso ya Jesu ya Dilemo tse Sekete, Mmuso wa Modimo o tla thusa batho ba tshepahalang hore ba fumane ditlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la hore Jesu o ile a re shwela. Hanyane hanyane batho ba tla phethahala. Ho kula ho tla fela mme ho ke ke ha hlola ho eba le dingaka, baoki le dipetlele! Batho ba dimilione ba tla beng ba pholohile Armagedone e leng “bongata bo boholo” bo tla beng bo tswa ‘mahlomoleng a maholo’ bo tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata tse ka tshwantshwang le metsi a bophelo. (Tshen. 7:9, 14) Empa ditlhohonolofatso tseo di tla be di le nyenyane ha di bapiswa le tseo re tla di fumana nakong e tlang. Jwalo ka ha noka e hlahileng ponong ya Ezekiele e ile ya eba kgolo, ka ho tshwanang ditlhohonolofatso tseo re tla di fumana di tla ba ngata mme di thuse batho bohle.
Paradeiseng, noka e tlisang ditlhohonolofatso e tla etsa hore batho bohle ba be batjha mme ba phele hantle mmeleng (Sheba serapa sa 17)
18. Ho tla etsahalang ha “noka ya metsi a bophelo” e tlala nakong ya Dilemo Tse Sekete?
18 Metsi a fanang ka bophelo. Nakong ya Dilemo Tse Sekete “noka ya metsi a bophelo” e tla tlala haholo. (Tshen. 22:1) Batho ba bangata ba tla tsoswa mme ba fuwe monyetla wa ho phela Paradeiseng ka ho sa feleng. Ditlhohonolofatso tseo Jehova a tla di fa batho ha Mmuso wa hae o se o busa di akareletsa hore a tsose bafu e leng batho bao esale ba hlokahala kgale. (Esa. 26:19) Empa na batho ba tla be ba tsositswe ba tla phela ka ho sa feleng?
19. (a) Re tseba jwang hore re tla ithuta dintho tse ntjha Paradeiseng? (b) Ho bolelwang ha ho thwe nakong e tlang batho ba bang ba tla dula ba “ena le letswai”?
19 Motho e mong le e mong o tla tlameha ho ikgethela. Ka nako eo, ho tla bulwa meqolo e metjha. Ka hoo, re tla fuwa ditaelo le dithuto tse ntjha tse tswang ho Jehova tse tla ba jwalo ka metsi a kgathollang. Ho nahana ka taba ena ho a thabisa. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba tla hana ho mamela ditaelo tsa Jehova. Batho ba bang ba tla batla ho itaola nakong ya Dilemo Tse Sekete empa Modimo a ke ke a ba dumella hore ba senye Paradeise. (Esa. 65:20) Taba ena e re hopotsa dibaka tse hlahileng ponong ya Ezekiele tse neng di tletse diretse ebile ‘di dula di ena le letswai.’ Batho ba sa batleng ho mamela ditaelo tsa Jehova tse jwalo ka metsi a bophelo ke mawatla! Ka mora Dilemo Tse Sekete, batho ba fetohetseng Jehova ba tla ba ka lehlakoreng la Satane. Batho bohle ba sa mameleng melao ya Jehova ba tla fediswa ka ho sa feleng.—Tshen. 20:7-12.
20. Keng e tla etsahala nakong ya Dilemo Tse Sekete e re hopotsang difate tseo Ezekiele a ileng a di bona?
20 Difate tse nang le ditholwana le tse fodisang. Jehova o batla hore kaofela ha rona re fumane bophelo bo sa feleng. E le hore a re thuse hore re fumane monyetla oo, o tla etsa bonnete ba hore o boetse o etsa ntho eo Ezekiele a ileng a e bona ponong ya difate. Le ha ho le jwalo, Paradeiseng Jehova o tla re hlokomela mmeleng a be a re fe dintho tse matlafatsang tumelo ya rona. Jesu Kreste le batlotsuwa ba 144 000 ba tla busa e le marena lehodimong ka Dilemo Tse Sekete. Ka ha batlotsuwa ba 144 000 ke baprista, ba tla sebetsa le Jesu ho thusa batho ba tshepahalang hore ba phethahale ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. (Tshen. 20:6). Taba ena e re hopotsa difate tseo Ezekiele a ileng a di bona tse neng di le lebopong la noka. Difate tseo di ne di ena le ditholwana tse nang le phepo e ntle le makgasi a fodisang. Pono ya Ezekiele e tshwana le boprofeta bo bong bo ileng ba ngolwa ke moapostola Johanne. (Bala Tshenolo 22:1, 2.) Makgasi a difate tseo Johanne a ileng a di bona “a phekola ditjhaba.” Batho ba dimilione ba tshepahalang ba tla thabela dintho tseo ba tla di etsetswa ke baprista ba 144 000.
21. Ho nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ho etsa hore o ikutlwe jwang mme sehloohong se latelang re tlo bua ka eng? (Sheba lebokose le reng “Nokana e ba Noka e Kgolo”)
21 Ha o ntse o nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong na ntho eo ha e etse hore o be le tshepo le kgotso? Ka nnete re emetswe ke dinako tse monate! E se e le dilemo tse dikete jwale Jehova a ntse a re fa boprofeta bo re thusang hore re ipone re se re le Paradeiseng. Ka mamello Jehova o ntse a re mema hore re be teng Paradeiseng e le hore re tle re bone ha boprofeta bona bo phethahala kaofela. Na o tla be o le teng? Mohlomong wena ha o a kgodiseha hore o tla ba teng Paradeiseng. Hona jwale re tlo bua ka karolo e qetellang ya boprofeta ba Ezekiele bo re thusang hore re kgodisehe ka taba eo.
a Ho ekelletsa moo, Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba neng ba hopola hantle hore na sebaka seo ba neng ba dula ho sona se ne se le jwang ba ne ba tseba hore noka ena ke ya tshwantshetso hobane e ne e phalla ho tswa tempeleng e neng e le thabeng e hodimo haholo. Empa ba ne ba tseba hore ho ne ho se na thaba e jwalo sebakeng seo ho buuwang ka sona. Taba e nngwe ke hore pono ena e bontsha eka noka e ne e tloha tempeleng mme e ya Lewatleng le Shweleng ka ho toba empa ho latela hore na sebaka seo ba neng ba dula ho sona se ne se le jwang, ntho ena e ne e ke ke ya kgoneha.
b Batho ba bang ba nka hore ntho ena ke ntho e ntle hobane ho tloha kgale haesale batho ba nka letswai Lewatleng le Shweleng mme ba le rekisa. Hlokomela hore tlaleho ena e re dibaka tseo tse tletseng seretse “di ke ke tsa hlwekiswa.” Di ne di tla dula di se na bophelo, di sa hlweka hobane metsi a fanang ka bophelo a tswang ntlong ya Jehova a ne a sa fihle ho tsona. Ka hoo, ho a hlaka hore taba ya hore dibaka tsena di tletse letswai ha se ntho e ntle.—Pes. 107:33, 34; Jer. 17:6.
c Taba ena re ka e tshwantsha le papiso ya Jesu ya letlowa le leholo. Letlowa leo le tshwasa ditlhapi tse ngata empa ha se kaofela ha tsona di leng “ntle.” Tse mpe di a lahlwa. Jesu o ile a re hlokomedisa hore ho na le batho ba bangata ba tla sebeletsa Jehova empa ha nako e ntse e eya ba tla tlohela ho mo sebeletsa.—Mat. 13:47-50; 2 Tim. 2:20, 21.
-
-
“Arola Naha e le Lefa”Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
-
-
KGAOLO YA 20
“Arola Naha e le Lefa”
NTLHAKGOLO: Kgaolo ena e tla bontsha hore na ho arola naha ho bolelang
1, 2. (a) Jehova o ile a fa Ezekiele ditaelo dife? (b) Re tlo bua ka dipotso dife?
EZEKIELE o qeta ho bona pono e mo hopotsang mehleng ya Moshe le Joshua e leng dilemo tse ka bang 900 tse fetileng. Ka nako eo, Jehova o ile a hlalosetsa Moshe meedi ya Naha e Tshepisitsweng mme ha morao a bolella Joshua hore na naha eo e lokela ho arolelwa maloko a Iseraele jwang. (Num. 34:1-15; Josh. 13:7; 22:4, 9) Hona jwale, ka selemo sa 593 pele ho mehla ya Jesu, Jehova o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuweng hore ba arolele maloko a Iseraele Naha e Tshepisitsweng hape.—Ezek. 45:1; 47:14; 48:29.
2 Pono eo Ezekiele a ileng a e bona e ne e le bohlokwa hakae ho yena le ho Bajuda ba botlamuweng? Ke hobaneng ha pono ee e kgothatsa batho ba Modimo kajeno? Na pono ee e tla phethahala kaofela nakong e tlang?
Pono e Etsang Hore re Kgodisehe ka Ditshepiso Tse Nne
3, 4. (a) Pono ya ho qetela ya Ezekiele e ile ya bua ka ditshepiso dife tse nne? (b) Kgaolong ee re tlo bua ka tshepiso efe?
3 Pono ya ho qetela ya Ezekiele e hlaha dikgaolong tse robong tsa buka ya hae. (Ezek. 40:1–48:35) Pono eo e ile ya bua ka ditshepiso tse nne tse neng di tla kgothatsa setjhaba sa Iseraele. Ditshepiso tseo ke dife? Ya pele ke hore batho ba ne ba tla boela ba sebeletse Modimo ka tsela eo a e amohelang tempeleng ya hae. Ya bobedi ke hore setjhaba se ne se tla boela se tataiswe ke baprista le badisa ba tshepahalang. Ya boraro ke hore batho bohle ba neng ba tla kgutlela Iseraele ba ne ba tla fuwa naha e le lefa la bona. Ya bone ke hore Jehova o ne a tla ba le bona, a dule le bona hape.
4 Kgaolo ya 13 le ya 14 bukeng ena di ile tsa bua ka hore borapedi ba nnete bo ne bo tla tsosoloswa le hore batho ba Modimo ba ne ba tla etellwa pele ke badisa ba tshepahalang. Kgaolong ena re tlo bua ka tshepiso ya boraro, e leng ya hore ba ne ba tla fumana naha e le lefa. Kgaolong e latelang, re tla bua ka tshepiso ya hore Jehova o tla ba le bona.—Ezek. 47:13-21; 48:1-7, 23-29.
“Naha Ena . . . e Fuwa Lona e le Lefa”
5, 6. (a) Ke sebaka sefe se neng se tlo arolwa ponong ya Ezekiele? (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Ke hobaneng ha pono ya ho arola naha e le ya bohlokwa?
5 Bala Ezekiele 47:14. Ponong, Jehova o ile a bontsha Ezekiele karolo ya naha eo haufinyane e neng e tla tshwana le “serapa sa Edene.” (Ezek. 36:35) Jehova o ile a re: “Sena ke sebaka seo le tla se fa maloko a 12 a Iseraele e le lefa la naha.” (Ezek. 47:13) “Sebaka” se neng se tlo arolwa e ne e le naha ya Iseraele eo Bajuda ba botlamuweng ba neng ba tlo kgutlela ho yona. Ho Ezekiele 47:15-21, Jehova o hlalosa meedi ya naha eo kaofela ka ho hlakileng.
6 Ke hobaneng ha pono ya ho arola naha e le ya bohlokwa? Tlhaloso e hlakileng ya meedi e ile ya etsa hore Ezekiele le Bajuda ba botlamuweng ba kgodisehe hore ba tla kgutlela naheng ya habo bona. Tsela eo Jehova a ileng a hlalosa dintho ka yona e ile ya ba kgothatsa haholo. Na ka nnete batho ba Modimo ba ile ba fumana naha eo ba neng ba e abetswe e le lefa? E, ba ile ba e fumana.
7. (a) Ke ntho efe e ileng ya etsahala ka selemo sa 537 mme e re hopotsang? (b) Re tlo araba potso efe?
7 Ka selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu, e leng dilemo tse 56 ka mora hore Ezekiele a bone pono ena, batlamuwa ba bangata ba Bajuda ba ile ba qala ho kgutlela naheng ya Iseraele mme ba dula teng. Diketsahalo tsa kgale tse kang tsena di re hopotsa ntho e tshwanang e ntseng e etsahalla batho ba Modimo mehleng ena. Ka tsela e itseng le bona ba ile ba arolelwa naha. Jwang? Jehova o ile a dumella bahlanka ba hae hore ba be le naha ya bona mme ba dule ho yona. Ka hoo, re a hlokomela hore ho ithuta ka Naha e Tshepisitsweng e ileng ya tsosoloswa, ho ka re ruta dintho tse ngata ka naha e tsosolositsweng ya batho ba Modimo mehleng ena. Pele re bua ka dintho tseo re ka ithutang tsona, a re qaleng ka ho araba potso e reng, “Re tseba jwang hore le kajeno naha ya batho ba Modimo e ntse e le teng?”
8. (a) Setjhaba sa Jehova sa Iseraele se ile sa nkelwa sebaka ke setjhaba sefe? (b) Naha ya batho ba Modimo keng? (c) Naha eo e bile teng neng mme ke bomang ba dulang ho yona?
8 Ponong e nngwe ya Ezekiele, Jehova o ile a hlalosa hore boprofeta bo buang ka hore Iseraele e tla tsosoloswa bo ne bo tla phethahala ka ho feletseng ka mora hore ‘mohlanka wa hae Davida’ e leng Jesu Kreste a qale ho busa e le Morena. (Ezek. 37:24) Nako eo e ile ya fihla ka 1914. Ka selemo seo, ho ne ho se ho fetile nako e telele Baiseraele e se e se setjhaba sa Modimo, ba nketswe sebaka ke Bakreste ba tlotsitsweng. (Bala Matheu 21:43; 1 Petrose 2:9.) Jehova o ile a boela a etsa hore naha ya Iseraele e nkelwe sebaka ke naha ya batho ba mo sebeletsang ka tsela eo a e amohelang. (Esa. 66:8) Kgaolong ya 17 ya buka ena, re ithutile hore naha ena ke tsela eo batho ba rapelang Jehova hantle ka yona. Haesale batlotsuwa ba sebeletsa Modimo ka tsela eo a e amohelang ho tloha ka selemo sa 1919. (Sheba lebokose la 9B le reng, “Hobaneng re re 1919?”) Ha nako e ntse e eya, batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng e leng “dinku tse ding,” le bona ba ile ba qala ho sebeletsa Modimo ka tsela eo a e amohelang. (Joh. 10:16) Le hoja naha ya batho ba Modimo e ntse e atoloha kajeno, ditlhohonolofatso tsa yona re tla di thabela ka ho feletseng ka mora ntwa ya Armagedone.
Ho Arola Naha ka ho Lekana le ka Makgethe
9. Jehova o ile a re naha e arolwe jwang?
9 Bala Ezekiele 48:1, 28. Ka mora hore Jehova a bue ka meedi e ka ntle ya naha, o ile a hlalosa hantle hore na e lokela ho arolwa jwang. O ile a laela hore naha e arolwe ho ya ka maloko a 12 ka ho lekana le ka makgethe ho tloha ka leboya ho ya ka borwa. Ho ile ha qalwa ka leloko la Dane, le neng le le moeding qetellong ya lehlakore le ka leboya mme ha qetellwa ka leloko la Gade le neng le le moeding qetellong ya lehlakore le ka borwa. Leloko ka leng le ne le ena le moedi o tlohang karolong e ka ntle ya naha lehlakoreng le ka botjhabela la Lewatle le Leholo kapa Lewatle la Mediterranean ka bophirimela.—Ezek. 47:20.
10. Pono ee ya ho arola naha e ile ya etsa hore Bajuda ba botlamuweng ba kgodisehe ka eng?
10 Pono ee ya ho arola naha e ile ya etsa hore Bajuda ba botlamuweng ba kgodisehe ka eng? Tsela e hlakileng eo Ezekiele a ileng a hlalosa ka yona hore na naha e lokela ho arolwa jwang, e tlameha ebe e ile ya kgodisa Bajuda ba botlamuweng hore naha e ne e tla arolwa ka tsela e hlophisehileng. Taba ya hore naha e ne e tla arolwa ka ho lekana malokong ohle a 12, e ne e hatisa taba ya hore Bajuda ba tswang botlamuweng ba ne ba tla fumana naha e le lefa la bona. Batho bohle ba kgutlileng ba ne ba tla ba le sebaka se ba lekaneng.
11. Re ka ithutang ponong ya boprofeta bo buang ka ho arola naha? (Sheba lebokose le reng “Naha e a Arolwa.”)
11 Kajeno re ka ithuta dintho dife ponong ee ya Ezekiele? Naheng e Tshepisitsweng e ileng ya tsosoloswa, ho ne ho ena le sebaka bakeng sa baprista, Balevi, dikgosana le maloko ohle a 12. (Ezek. 45:4, 5, 7, 8) Ka tsela e tshwanang, kajeno ha se batlotsuwa le batho ba etellang pele ba “bongata bo boholo” feela ba tla fumana sebaka naheng ya batho ba Modimo empa le batho ba bang bohle ba bongata bo boholo ba tla fumana sebaka.a (Tshen. 7:9) Ho sa tsotellehe hore na o etsa mosebetsi ofe ka mokgatlong wa Modimo, o ka kgodiseha hore Modimo o a o bona ebile o ananela mosebetsi wa hao haholo. Taba ena e re kgothatsa haholo.
Ho sa tsotellehe hore na re na le boikarabelo bofe ka mokgatlong wa Jehova, o ananela boiteko ba rona (Sheba serapa sa 11)
Dintho Tse Pedi Tse Fapaneng Tsa Boprofeta ba Ezekiele di Bohlokwa Hakae ho Rona?
12, 13. Jehova o ile a re maloko a arolelwe naha jwang?
12 Ditaelo tse ding tseo Jehova a ileng a di fa Ezekiele e tlameha ebe di ile tsa mo makatsa hobane di ne di fapane le tseo a ileng a di fa Moshe. Di ne di fapane ka ditsela tsena tse pedi: E nngwe e ne e bua ka naha, e nngwe e bua ka baahi ba yona.
13 A re bueng ka ya pele e leng naha. Moshe o ne a laetswe hore a fe maloko a maholo naha e kgolo ho feta maloko a manyenyane. (Num. 26:52-54) Le ha ho le jwalo, ponong ya Ezekiele Jehova o ile a laela hore maloko ohle a arolelwe naha “ka ho lekana.” (Ezek. 47:14) Ka hoo, moedi o tlohang ka leboya ho ya ka borwa wa lefa la leloko ka leng, o ne o lokela ho lekana malokong ohle a 12. Baiseraele bohle, ho sa tsotellehe hore na ba tswa lelokong lefe, ba ne ba tla fumana ka ho lekana dijalo tse hlahiswang ke Naha e Tshepisitsweng e neng e na le metsi.
14. Jehova o ile a fa Ezekiele ditaelo dife tse fapaneng le tseo a ileng a di fa Moshe?
14 A re bueng ka ya bobedi e leng baahi. Molao wa Moshe o ne o sireletsa baditjhaba ebile o ba dumella hore ba sebeletse Jehova empa ba ne ba sa arolelwe naha. (Lev. 19:33, 34) Empa ntho eo Jehova a e bolellang Ezekiele hona jwale e fapane haholo le ditaelo tseo a ileng a di fa Moshe. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Le fe moditjhaba lefa naheng ya leloko leo a dulang ho lona.” Ka taelo ena Jehova o ile a etsa hore ho se ke ha eba le phapang pakeng tsa “Baiseraele” le baditjhaba ba neng ba dula le bona. (Ezek. 47:22, 23) Naheng eo Ezekiele a ileng a e bona, batho ba dulang teng ba ne ba rapela Jehova ha mmoho, ho se na ya betere ho feta e mong.—Lev. 25:23.
15. Ditaelo tsa Jehova tse buang ka naha le baahi ba yona di bontsha hore ke Modimo ya jwang?
15 E tlameha ebe ditaelo tsena tse pedi tseo Ezekiele a ileng a di fumana mabapi le naha le baahi ba yona di ile tsa kgothatsa Bajuda ba botlamuweng haholo. Ba ne ba kgodisehile hore Jehova o tla ba arolela naha ka ho lekana ho sa tsotellehe hore na ke Baiseraele kapa ke baditjhaba ba mo rapelang. (Esdr. 8:20; Neh. 3:26; 7:6, 25; Esa. 56:3, 8) Ditaelo tsena di ile tsa ba kgodisa hore Jehova o rata bahlanka ba hae kaofela ka ho lekana ebile ke ba bohlokwa ho yena. (Bala Hagai 2:7.) Le rona taba ena e re kgothatsa haholo, ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho ya phela lehodimong kapa lefatsheng.
16, 17. (a) Ho ithuta ka dintlha tse buang ka naha le baahi ba yona ho re thusa jwang? (b) Re tlo bua kang kgaolong e latelang?
16 Ho ithuta ka dintlha tse buang ka naha le baahi ba yona ho re thusa jwang? Ho re hopotsa hore re lokela ho rapela Jehova ha mmoho ho se na motho ya nkang hore o bohlokwa ho feta ba bang. Jehova ha a na kgethollo. Re lokela ho ipotsa: ‘Na le nna ha ke na kgethollo jwalo ka Jehova? Na ke hlompha barapedimmoho le nna ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe kapa ho sa tsotellehe maemo a bona?’ (Bar. 12:10) Re a thaba hore ebe Jehova Ntate wa rona ya lehodimong o etsa hore kaofela ha rona re fumane dintho tse re thusang hore re matlafatse tumelo ya rona le hore re thabele ditlhohonolofatso tseo a re fang tsona ha re ntse re mo sebeletsa.—Bagal. 3:26-29; Tshen. 7:9.
Na jwalo ka Jehova ha re na kgethollo ebile re hlompha batho ba bang? (Sheba serapa sa 15 le 16)
17 Hona jwale a re bueng ka tshepiso ya bone ya Jehova ya hore o tla ba le Bajuda ba botlamuweng. Re tlo ithutang tshepisong eo? Re tla fumana karabo kgaolong e latelang.
a E le hore o fumane dintlha tse ding ka sebaka se kgethehileng le mosebetsi oo Jehova a o fileng baprista le dikgosana naheng ya batho ba hae, sheba Kgaolo ya 14 ya buka ena.
-
-
“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
-
-
KGAOLO YA 21
“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”
NTLHAKGOLO: Kgaolo ena e tlo bua ka hore na motse le monehelo di bolelang
1, 2. (a) Ke karolo efe ya naha e kgethehileng e neng e lokela ho behellwa ka thoko? (Sheba setshwantsho se ka mora buka.) (b) Pono ee e kgothatsa Bajuda ba botlamuweng jwang?
PONONG ya hae ya ho qetela, Ezekiele o bona karolo e itseng ya naha e beheletswe ka thoko bakeng sa mosebetsi o kgethehileng. Karolo eo ha e a behellwa ka thoko bakeng sa leloko le itseng la Baiseraele empa ke monehelo wa Jehova. Ezekiele o boetse o bona motse o nang le lebitso le makatsang. Karolo ena ya pono ya Ezekiele, e kgothatsa Bajuda ba botlamuweng hore Jehova o tla ba le bona ha ba kgutlela naheng ya habo bona.
2 Ezekiele o re fa dintlha tse hlakileng tse buang ka naha ena e beheletsweng ka thoko e le monehelo. A re ke re bueng ka naha ena le hore na e bolelang ho rona barapedi ba Jehova.
“Monehelo o Halalelang ha Mmoho le . . . Motse”
3. Ke dikarolo dife tse hlano tsa naha tseo Jehova a ileng a di behella ka thoko mme di ne di sebedisetswa eng? (Sheba lebokose le reng “Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko.”)
3 Sebaka se kgethehileng se ne se ena le mahlakore a mane a lekanang mme a le bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13. Karolo ena ya naha e ne e bitswa “sebaka sohle se fanweng e le monehelo.” Se ne se arotswe ka dikarolo tse tharo. Karolo e ka hodimo e ne e le ya Balevi mme e mahareng e le ya tempele le baprista. Dikarolo tseo tse pedi, e ne e le “monehelo o halalelang.” Karolo e nyenyane e tlase kapa “sebaka se setseng” se ne “se tla sebediswa ke batho bohle.” Sebaka seo e ne e le sa motse.—Ezek. 48:15, 20.
4. Re ithutang tlalehong e buang ka naha e ileng ya fuwa Jehova?
4 Re ithutang tlalehong e buang ka naha e ileng ya fuwa Jehova? Taba ya hore setjhaba sa Iseraele se ne se lokela ho qala pele ka ho fa Jehova karolo e itseng ya naha ebe ka mora moo ho fuwa maloko a Iseraele, e bontsha hore Jehova o ne a batla hore karolo ena ya naha e nkwe e le ya bohlokwa. (Ezek. 45:1) E tlameha ebe Bajuda ba botlamuweng ba ile ba ithuta dintho tse ngata tseleng eo naha e ileng ya ajwa ka yona. Ho sebeletsa Jehova e ne e lokela ho ba ntho ya bohlokwa bophelong ba bona. Le kajeno re nka ho ithuta Lentswe la Modimo, ho ya dibokeng le ho ruta batho Bibele e le tsona dintho tsa bohlokwa bophelong ba rona. Jehova o re behela mohlala o motle ka ho etsa dintho tsa bohlokwa pele. Le rona re ka mo etsisa ka ho etsa hore ho mo sebeletsa e be yona ntho ya bohlokwa bophelong ba rona.
“Motse o Tla ba Bohareng ba Sebaka Seo”
5, 6. (a) Motse oo e ne e le wa mang? (b) Motse oo e ne e se eng? Fana ka mabaka.
5 Bala Ezekiele 48:15. Keng e neng e etsa hore “motse” le dibaka tse haufi le wona e be tsa bohlokwa? (Ezek. 48:16-18) Ponong Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Sebaka se fuweng motse . . . e tla ba sa Baiseraele bohle.” (Ezek. 45:6, 7) Ka hoo, motse le dibaka tse haufi le wona e ne e se “monehelo o halalelang” o neng o tla ‘behellwa ka thoko hore o fuwe Jehova.’ (Ezek. 48:9) Ha re ntse re nahanne ka taba ena, a re bueng ka hore na re ka ithutang ka motse ona mehleng ena.
6 Re lokela ho tseba hore na motse oo e ne e le eng e le hore re tle re fumane dintho tseo re ka ithutang tsona ho wona. E ne e se motse wa Jerusalema o hahilweng botjha le tempele ya wona. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane motse oo Ezekiele a ileng a o bona ponong o ne o se na tempele. Hape motse ona e ne e se o mong wa metse e neng e le teng naheng e tsosolositsweng ya Iseraele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane Bajuda ba tswang botlamuweng kapa bana ba bona ha ba eso ka ba haha motse o nang le dintho tse hlalositsweng ponong ena. Ho ekelletsa moo, motse oo e ne e se motse o lehodimong. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ke hobane o ne o hahilwe sebakeng se “sebediswang ke batho bohle [se sa halaleleng.]” Sebaka sena se ne se fapane le sebaka se kgethetsweng borapedi.—Ezek. 42:20.
7. Ezekiele o bone motse ofe mme ho bonahala eka o ne o tshwantshetsang? (Sheba setshwantsho se qalang.)
7 Ha e le hantle, ke motse ofe oo Ezekiele a o boneng? Hopola hore o ile a bona motse ona ha a ne a bona pono ya ho arola naha. (Ezek. 40:2; 45:1, 6) Lentswe la Modimo le bontsha hore naha ena ke ya tshwantshetso, ka hoo le motse ona e tlameha ebe ke wa tshwantshetso. Ha e le hantle lentswe “motse” le bolelang? Lentswe lena le etsa hore re nahane ka batho ba dulang ha mmoho ka tsela e hlophisehileng. Ka hoo, ho bonahala eka motse o hahilweng ka makgethe oo Ezekiele a ileng a o bona, o tshwantshetsa balaodi ba hlophisehileng.
8. Balaodi ba tla be ba okametse bomang mme ke hobaneng ha re tjho jwalo?
8 Balaodi ba tla be ba okametse bomang? Pono ya Ezekiele e re thusa ho bona hore balaodi ba tla etella pele batho ba sebeletsang Modimo ka tsela eo a e amohelang. Ka hoo, kajeno balaodi ba etella pele mosebetsi o etswang ke batho ba Modimo. Taba ya hore motse ona o naheng ya batho bohle e bolelang? Taba ena e re hopotsa hore balaodi bana ha ba etelle dintho pele lehodimong empa ba di etella pele mona lefatsheng e le hore ba tle ba thuse batho ba Modimo.
9. (a) Kajeno ke bomang ba etellang pele batho ba Modimo lefatsheng? (b) Jesu o tla etsang nakong ya Dilemo Tse Sekete?
9 Ke bomang ba tla beng ba etella pele dintho mona lefatsheng? Ponong ya Ezekiele, motho ya neng a etella pele motse o ne a bitswa “kgosana.” (Ezek. 45:7) Kgosana e ne e se moprista kapa Molevi empa mosebetsi wa hae e ne e le ho etella batho pele. Kgosana ena e etsa hore re nahane ka banna ba etellang pele diphuthehong bao e seng batlotsuwa. Badisa bana ke karolo ya “dinku tse ding” ebile ba sebetsa ba ikokobeditse tlasa puso e lehodimong ya Kreste. (Joh. 10:16) Nakong ya Dilemo Tse Sekete, Jesu o tla kgetha baholo kapa “dikgosana” tse tshwanelehang “lefatsheng lohle.” (Pes. 45:16) Ba tla hlokomela batho ba Modimo nakong ya Dilemo Tse Sekete ba tataiswa ke Mmuso o lehodimong.
“Jehova o Teng Moo”
10. Motse oo o bitswang? Lebitso la wona le etsa hore re kgodisehe ka eng?
10 Bala Ezekiele 48:35. Lebitso la motse oo ke “Jehova o Teng Moo.” Lebitso leo le a re kgodisa hore Jehova o teng motseng oo. Ha Jehova a bontsha Ezekiele motse ona o bohareng ba naha, ha e le hantle o ne a re ho Bajuda ba botlamuweng: ‘Ke tla ba le lona hape!’ Ka nnete taba ena e a kgothatsa.
11. Re ithutang ponong ya Ezekiele e buang ka motse le lebitso la wona?
11 Re ithutang boprofeteng boo ba Ezekiele? Lebitso la motse ona le etsa hore le rona bahlanka ba Modimo kajeno re kgodisehe hore Jehova o dula a ena le bahlanka ba hae ba tshepahalang mona lefatsheng ebile o tla dula a ena le bona. Lebitso lena le hatisa ntlha ena ya bohlokwa: Motse oo ha o a etsetswa ho fa balaodi matla empa o etseditswe ho thusa batho ba Jehova hore ba phele ka melao ya hae e lokileng. Ka mohlala, re ka re Jehova ha a ka a fa balaodi bao matla a ho arola naha. Empa Jehova o lebeletse hore balaodi ba hlomphe ditaelo tsa hae tsa ho arola naha eo a e fileng bahlanka ba hae, ho akareletsa le ‘bafutsana.’—Diprov. 19:17; Ezek. 46:18; 48:29.
12. (a) Ke ntho efe e ikgethang ka motse oo mme ntho eo e bontshang? (b) Pono eo e hopotsa baholo ntlha efe ya bohlokwa?
12 Ke ntho efe e ikgethang ka motse oo o bitswang “Jehova o Teng Moo”? Metse ya mehleng ya kgale e ne e ena le marako a e sireletsang ebile e ena le dikeiti tse mmalwa feela empa motse ona wona o na le dikeiti tse 12. (Ezek. 48:30-34) Dikeiti tsena tse ngata (ho ne ho ena le tse tharo ka mahlakoreng ohle a mane a motse) di bontsha hore balaodi ba motse oo ke batho ba atamelehang ebile ba dula ba ikemiseditse ho thusa bahlanka bohle ba Modimo. Taba ya hore motse ona o ne o ena le dikeiti tse 12 e ne e bontsha hore “Baiseraele bohle” ba ne ba ka kena ho wona. (Ezek. 45:6) Batho ba ne ba ka kena ha bonolo motseng ona hobane o ne o ena le dikeiti tse ngata. Ntlha ena e ka hopotsa baholo ba Bakreste hore Jehova o batla hore ebe batho bao ho leng bonolo ho bua le bona le ba dulang ba ikemiseditse ho thusa bahlanka bohle ba Jehova.
Baholo ke batho bao ho leng bonolo ho buisana le bona ebile ba dula ba ikemiseditse ho thusa batho ba bang (Sheba serapa sa 12)
Batho ba Modimo “ba Tlileng ho Tla mo Rapela” le “ba Sebetsang Motseng”
13. Jehova o reng ka mesebetsi e fapaneng eo batho ba neng ba tla e etsa?
13 A re ke re kgutleleng mehleng ya Ezekiele mme re bone dintlha tse ding tseo a di ngotseng ka pono ya ho arola naha. Jehova o bua ka batho ba etsang mesebetsi e fapaneng. Baprista “ba sebeletsang sehalalelong” ba ne ba fana ka mahlabelo ba bile ba sebeletsa Jehova. Balevi e leng “batho ba sebetsang tempeleng” ba ne “ba tla hlokomela mesebetsi yohle e lokelang ho etswa ho yona.” (Ezek. 44:14-16; 45:4, 5) Pela motse ho ne ho tlo ba le basebetsi. Basebetsi bao ke bomang?
14. Batho ba sebetsang pela motse ba re hopotsa eng?
14 Basebetsi bao ba tswa “malokong ohle a Iseraele” pela motse. Mosebetsi wa bona e ne e le ho tshehetsa batho ba sebetsang motseng. Ba ne ba jala mme “batho ba sebetsang motseng ba je dihlahiswa” tseo. (Ezek. 48:18, 19) Na taba ee e re hopotsa monyetla oo re nang le wona kajeno? Ho jwalo. Kajeno, bahlanka bohle ba dulang naheng ya batho ba Modimo ba na le monyetla wa ho tshehetsa bana ba bo Kreste, e leng batlotsuwa le ho tshehetsa ba bang ba “bongata bo boholo” bao Jehova a ba kgethileng hore ba etelle pele. (Tshen. 7:9, 10) Tsela ya bohlokwa eo re ka bontshang hore re tshehetsa ba re etellang pele ka yona ke ka ho mamela ditaelo tseo re di fuwang ke mohlanka ya tshepahalang.
15, 16. (a) Re ka ithuta eng hape ponong ya Ezekiele? (b) Ke mesebetsi efe eo re ka e etsang kajeno?
15 Ho na le ntho e nngwe ponong ya Ezekiele e ka re thusang ha re ntse re etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Ke ntho efe? Jehova o re batho ba Iseraele ba sa tsweng lelokong la Levi ba ne ba tla sebetsa dibakeng tse pedi: lebaleng la tempele le lekgulong la motse. Ba ne ba etsang dibakeng tseo? Lebaleng la tempele maloko ohle a ne a tla ‘ho tla rapela’ Jehova le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ezek. 46:9, 24) Naheng ya motse maloko ohle a ne a tla hore a tlo tshehetsa motse ka hore a leme naha. Re ka ithutang ho basebetsi baa?
16 Kajeno batho ba bongata bo boholo ba na le monyetla wa ho etsa mosebetsi o tshwanang le o neng o etswa ponong ya Ezekiele. Ba rapela Jehova “tempeleng ya hae” ha ba mo etsetsa mahlabelo ka ho mo rorisa. (Tshen. 7:9-15) Ba mo rorisa hape ha ba ruta batho Bibele le ha ba nka karolo dibokeng tsa Bokreste. Ho sebeletsa Jehova ka tsela ena ke ntho ya bohlokwa bophelong ba bona. (1 Dikron. 16:29) Batho ba bang ba tshehetsa mokgatlo wa Modimo ka ditsela tse ding tse ngata. Ka mohlala, ba bang ba thusa ka ho haha le ho hlokomela Diholo tsa Mmuso le mehaho ya makala ebile ba thusa ka diprojeke tse ding tse ngata tsa mokgatlo wa Jehova. Ba bang bona ba tshehetsa diprojeke tsena ka menehelo. Ba etsa mesebetsi ena kaofela, e tshwantshwang le ho lema naha e le hore “Modimo a roriswe.” (1 Bakor. 10:31) Ba etsa mosebetsi wa bona ka mafolofolo ba bile ba thabile hobane ba a tseba hore Jehova “o thabiswa ke mahlabelo a jwalo.” (Baheb. 13:16) Wena o tshehetsa mokgatlo wa Jehova ka ditsela dife?
Re ka ithutang tseleng eo Ezekiele a ileng a hlalosa mesebetsi e neng e etswa pela dikeiti tsa motse?(Sheba serapa sa 14 ho ya ho 16)
“Re Lebelletse Mahodimo a Matjha le Lefatshe le Letjha”
17. (a) Boprofeta ba Ezekiele bo tlo phethahala kaofela jwang nakong e tlang? (b) Nakong ya Dilemo Tse Sekete balaodi ba motse ba tla be ba tataisa bomang?
17 Na nakong e tlang re tla bona ha boprofeta ba Ezekiele bo buang ka monehelo bo phethahala kaofela? Ho jwalo! Nahana ka taba ena: Ezekiele o ile a bona hore sebaka se bitswang “monehelo o halalelang” se ne se le bohareng ba naha. (Ezek. 48:10) Ka tsela e tshwanang ka mora Armagedone, Jehova o tla dula le rona ho sa tsotellehe hore na re hokae lefatsheng. (Tshen. 21:3) Nakong ya Dilemo Tse Sekete, batho ba tshwantshwang le motse wa balaodi, e leng badisa ba tla kgethwa hore ba hlokomele batho ba Modimo mona lefatsheng, ba tla etsa mosebetsi o moholo lefatsheng lohle wa ho tataisa batho ba tla beng ba phela ‘lefatsheng le letjha.’—2 Pet. 3:13.
18. (a) Ke hobaneng ha re kgodisehile hore balaodi ba tshwantshwang le motse ba tla etsa diqeto tse thabisang Modimo? (b) Lebitso la motse le etsa hore re kgodisehe ka eng?
18 Ke hobaneng ha re kgodisehile hore balaodi ba motse ba tla etsa dintho ka tsela e thabisang Modimo? Ke hobane Lentswe la Modimo le bontsha ka ho hlaka hore motse o lefatsheng o nang le dikeiti tse 12 o tshwana le o lehodimong o nang le dikeiti tse 12, e leng Jerusalema e Ntjha e nang le batlotsuwa ba 144 000 ba tla busa le Kreste. (Tshen. 21:2, 12, 21-27) Taba ena e bontsha hore balaodi ba mona lefatsheng ba tla phethahatsa diqeto tse entsweng ke Mmuso wa Modimo o lehodimong. Lebitso la motse le reng “Jehova o Teng Moo” le a re kgodisa hore borapedi ba nnete bo tla dula bo le teng Paradeiseng. Ka nnete ho tla ba monate nakong e tlang!
-