Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • rr leq. 206
  • Nokana e ba Noka e Kgolo!

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nokana e ba Noka e Kgolo!
  • Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Noka Ena e Tlisa Ditlhohonolofatso
  • Metsi a Fanang ka Bophelo
  • Difate Tse Nang le Ditholwana le Tse Fodisang
  • ‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dinoka Tse Tlisang Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Jehova
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Ke Jwang Jehova a re Thusang Hore re Mamelle re Thabile?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Bala Tse Ding
Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
rr leq. 206

LEBOKOSE LA 19B

Nokana e ba Noka e Kgolo!

Ezekiele o bona nokana e tswa ntlong ya Jehova mme ka mohlolo ha e ntse e ya pele e ba noka e tebileng. Lebopong la noka, o bona sefate se seholo se nang le ditholwana tse nang le phepo e ntle le tse fodisang. Dintho tsee kaofela di bolelang?

Nokana e phallang ho tswa ntlong ya Jehova e ba noka e tebileng. Matshwao a bontshang hore na noka e tebile hakae. Dimithara tse ka bang 518: a fihla maqaqailaneng. Dimithara tse ka bang 1036: a fihla mangoleng. Dimithara tse ka bang 1554: a fihla thekeng. Dimithara tse ka bang 2072: a ne a tebile hore o ka tshela ka maoto.

Noka Ena e Tlisa Ditlhohonolofatso

MEHLENG YA KGALE: Ha Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba kgutlela naheng ya bona, Modimo o ile a ba hlohonolofatsa hobane ba ile ba nka karolo ho tsosolosa borapedi ba nnete tempeleng

MEHLENG ENA: Ka selemo sa 1919 borapedi ba nnete bo ile ba tsosoloswa mme Modimo o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tshepahalang ka hore a ba fe dintho tseo ba di hlokang e le hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang

NAKONG E TLANG: Ka mora Armagedone, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka ditsela tse ngata, jwalo ka ho re thusa hore re be batho ba phethahetseng le ho re ruta dintho tse ntjha

Metsi a Fanang ka Bophelo

MEHLENG YA KGALE: Ha batho ba Jehova ba mo mamelang ba ntse ba eketseha, o ile a nna a ba hlohonolofatsa, a ba thusa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang

MEHLENG ENA: Ha batho ba sebeletsang Jehova ba ntse ba eketseha, dithuto tse ka Bibeleng tse ba rutang ka Jehova di ba thusa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang ha mmoho le bahlanka ba hae ba bang

NAKONG E TLANG: Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba tla pholoha Armagedone le ba dimilione ba tla tsoswa

Difate Tse Nang le Ditholwana le Tse Fodisang

MEHLENG YA KGALE: Jehova o ile a ruta batho ba hae dithuto tsa nnete a ba a etsa hore ba kgone ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. O ile a boela a ba thusa hore ba tlohele ho rapela ditshwantsho kapa ntho le ha e le efe e amanang le borapedi ba bohata

MEHLENG ENA: Dithuto tsa Bibele di thusa batho ba Modimo hore ba dule ba tshepahala, ba qobe ho etsa dibe tse tebileng le hore ba se ke ba nahana jwalo ka batho ba sa sebeletseng Jehova

NAKONG E TLANG: Kreste le batlotsuwa ba 144 000 ba tlo busa le yena ba tlo thusa batho bohle ba mamelang hore ba phethahale le hore ba phele hantle mmeleng ka ho sa feleng!

Kgutlela kgaolong ya 19, serapeng sa 4-21

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela