Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lff thuto 24
  • Mangeloi ke Bomang, Hona a Etsa Eng?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Mangeloi ke Bomang, Hona a Etsa Eng?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Bibele e Rutang ka Mangeloi le Bademona?
    Bibele e re Rutang?
  • Dumella Jehova Hore a o Thuse ho Lwantsha Bademona
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 24
Kgaolo ya 24. Seemahale sa lengeloi.

KGAOLO YA 24

Mangeloi ke Bomang, Hona a Etsa Eng?

E Hatisitsweng
E Hatisitsweng
E Hatisitsweng

Jehova o batla hore re ithute ka lelapa la hae le lehodimong. Lelapa leo le akarelletsa mangeloi, ao Bibele e reng ke “bara . . . ba Modimo.” (Jobo 38:7) Bibele e reng ka mangeloi? A ama batho jwang? Na mangeloi kaofela ke karolo ya lelapa la Modimo?

1. Mangeloi ke bomang?

Jehova o bopile mangeloi pele a bopa lefatshe. Jwalo ka Modimo, mangeloi ha a bonahale mme a dula lehodimong. (Baheberu 1:14) Ho na le mangeloi a dimilione mme le leng le le leng le ikgethile. (Tšenolo 5:11) A ‘phetha taelo ya [Jehova], ka ho mamela lentswe la taelo ya hae.’ (Pesaleme ya 103:20) Mehleng ya kgale, ka dinako tse ding Jehova o ne a sebedisa mangeloi ho fana ka melaetsa, ho thusa le ho pholosa batho ba hae. Mehleng ena mangeloi a thusa Bakreste ho ya ho batho ba batlang ho ithuta ka Modimo.

2. Satane le bademona ke bomang?

Mangeloi a mang ha a ka a dula a tshepahalla Jehova. Lengeloi la pele le ileng la fetohela Modimo ke le ‘bitswang Diabolose le Satane, le kgelosang lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Satane o ne a batla ho busa batho, ka hoo o ile a susumelletsa Adama, Eva le mangeloi a mang hore a se ke a mamela Jehova. Mangeloi ao a sa kang a mamela Modimo a bitswa bademona. Jehova o ile a ba leleka lehodimong, a ba lahlela lefatsheng mme ba tla fediswa.​—Bala Tšenolo 12:9, 12.

3. Satane le bademona ba hae ba leka ho re kgelosa jwang?

Satane le bademona ba hae ba kgelosa batho ba bangata ka ho ba susumelletsa ho sebedisana le bademona kapa meya mme ho etsa jwalo ho fosahetse. Ka mohlala, batho ba bang ba batla thuso ho dinohe tsa dinaledi, ho batho ba bolelang diketsahalo esale pele, ho baloi kapa ho dingaka tsa setso. Ba bang bona ba sebedisa pheko e tsamaisanang le bodemona, ha ba bang ba thetswa ka hore ba ka kgona ho bua le bafu. Empa Jehova o a re eletsa o re: “Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meya, mme le se ke la batla keletso ho ditsebi tse bolelang diketsahalo esale pele.” (Levitike 19:31) O re fa tlhokomediso ena e le hore a ka re sireletsa ho Satane le bademona. Ke dira tsa Modimo mme di batla ho re ntsha kotsi.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute ka dintho tse ntle tseo mangeloi a di etsang, dikotsi tsa ho sebedisana le bademona le ka moo re ka itshireletsang kgahlanong le Satane le bademona.

Lengeloi le tataisa Dipaki Tsa Jehova ha di ntse di kena ka ntlo le ntlo di bua le batho ka molaetsa wa Bibele.

4. Mangeloi a thusa batho ho ithuta ka Jehova

Mangeloi a Modimo ha a rute batho Bibele ka ho toba. Empa a ka tataisetsa bahlanka ba Jehova ho batho ba batlang ho ithuta ka yena. Bala Tšenolo 14:6, 7 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Ke hobaneng ha re hloka thuso ya mangeloi ha re ruta batho Bibele?

  • Na ho tseba hore mangeloi a kgona ho o tataisetsa ho batho ba batlang ho ithuta Bibele ho a o kgothatsa? Hobaneng ha o tjho jwalo?

Dintho tse fapaneng tse amanang le ho sebedisana le boloi le bodemona tse akarelletsang dipapadi tsa Ouija, ditaola, dibuka tsa dinwamadi, dikarete tse bontshang bokamoso, dipopi tsa boloi, dibano, dintho tse itseng tse rwalwang le dithatho tseo batho ba iketsang tsona e le ho itshireletsa ho meya e mebe.

5. Hana ho sebedisana le bademona

Satane le bademona ke dira tsa Jehova ebile ke dira tsa rona. Bala Luka 9:38-42 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Bademona ba tshwara batho jwang?

Ha re batle hore bademona ba re susumetse. Bala Deuteronoma 18:10-12 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Ke ka ditsela dife bademona ba lekang ho re susumetsa le ho bua le rona? Ke mekgwa efe ya ho sebedisana le bademona e tlwaelehileng sebakeng seo o dulang ho sona?

  • Na ke ntho e utlwahalang hore ebe Jehova ha a batle ha re sebedisana le bademona? Hobaneng ha o tjho jwalo?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

VIDEO: “Hanyetsa Diabolose” (5:02)

  • Na o nahana hore ntho eo ngwana wa Palesa a neng a e rwetse e letsohong e kotsi? Hobaneng ha o tjho jwalo?

  • Palesa o ne a lokela ho etsang ho itshireletsa kgahlanong le bademona?

Haesale Bakreste ba nnete ba hanyetsa bademona. Bala Liketso 19:19 le 1 Bakorinthe 10:21 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho lahla ntho e nngwe le e nngwe eo o nang le yona e amanang le bodemona?

Mme e mong o tjhesa dintho tse fapaneng tse amanang le ho sebedisana le bodemona.

6. Hlola Satane le bademona ba hae

Bademona ba buswa ke Satane. Empa mangeloi a tshepahalang a tataiswa ke lengeloi le ka sehloohong Mikaele, e leng lebitso le leng la Jesu. Mikaele o na le matla a makae? Bala Tšenolo 12:7-9 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Ke bomang ba nang le matla a maholo, na ke Mikaele le mangeloi a hae kapa Satane le bademona ba hae?

  • Na o nahana hore balatedi ba Jesu ba lokela ho tshaba Satane le bademona ba hae?

O ka hlola Satane le bademona ba hae. Bala Jakobo 4:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • O ka itshireletsa jwang kgahlanong le Satane le bademona ba hae?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho na letho le phoso ka ho bapala kapa ho shebella dintho tse nang le bodemona. Ke boithabiso feela.”

  • Ke hobaneng ha ho nahana jwalo ho le kotsi?

KAKARETSO

Mangeloi a tshepahalang a a re thusa. Satane le bademona ba hae ke dira tsa Jehova mme ba susumelletsa batho ho sebedisa bodemona e le hore ba se ke ba mamela Jehova.

Re Ithutileng?

  • Mangeloi a Jehova a thusa batho ho ithuta ka yena jwang?

  • Satane le bademona ba hae ke bomang?

  • Ke hobaneng ha o sa batle ho etsa letho le amanang le ho sebedisana le bademona?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona bopaki ba hore Jesu ke yena lengeloi le ka sehloohong le bitswang Mikaele.

“Ke Mang Lengeloi le ka Sehloohong le Bitswang Mikaele?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona bopaki bo bontshang hore Satane ke motho wa sebele.

“Na Diabolose ke Motho wa Sebele?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na mme e mong o ile a etsang e le hore a se ke a hlola a susumetswa ke bademona.

“O ile a Fumana Morero Bophelong” (Molula-Qhooa, July 1, 1993)

Ithute hore na Satane o sebedisa bodemona jwang ho kgelosa batho.

“’Nnete ka Boselamose le Boloi” (Na o Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng, karolo ya 5)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela