Ho Tshedisa
Mangolo a re kgothatsang ha re nyahame
Ho tshwenyeha
Sheba “Ho Tshwenyeha”
Ho utlwa bohloko; ho kwata
Batho ba bang ha ba a thaba ka lebaka la mathata a bona le ho tshwarwa ka ho hloka toka
Sheba le Ps 142:4; Moe 4:1; 7:7
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mangolo a ka o kgothatsang:
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:
Ru 1:6, 7, 16-18; 2:2, 19, 20; 3:1; 4:14-16—Ka mora hore Naomi a kgutlele ho batho ba Modimo mme ba mo thuse, o ile a boela a thaba mme le yena o ile a thusa batho ba bang
Job 42:7-16; Jak 5:11—Jobo o ile a ba le tumelo mme a mamella, ka lebaka la seo Jehova o ile a mo hlohonolofatsa
Batho ba bang ha ba a thaba ka lebaka la dintho tse kgopo tseo batho ba bang ba di etsang
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 1:6, 7, 10, 13-16—Anna o ne a utlwile bohloko haholo ke ho tshwarwa hampe ke Penina le hore ebe Moprista ya Phahameng Eli o ile a mo ahlola ka hore o tahilwe
Job 8:3-6; 16:1-5; 19:2, 3—Metswalle e meraro ya Jobo e ile ya mo ahlola mme ya mo nyahamisa le ho feta
Mangolo a ka o kgothatsang:
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:
1Sa 1:9-11, 18—Anna ha a ka a hlola a tshwenyeha ka mora hore a rapele Jehova a mo bolelle ka moo a ikutlwang ka teng
Job 42:7, 8, 10, 17—Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo ka mora hore a tshwarele metswalle ya hae e meraro
Ha o ikutlwa o le molato
Esd 9:6; Ps 38:3, 4, 8; 40:12
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Ma 22:8-13; 23:1-3—Ha Morena Josiase le bahlanka ba hae ba utlwa mantswe a tswang bukeng ya Molao wa Moshe, ba ile ba utlwisisa hore ba foseditse Jehova haholo
Esd 9:10-15; 10:1-4—Esdrase le batho ba bang ba ile ba utlwa bohloko haholo hobane ba bang ba bona ba ne ba sitetswe Jehova mme ba nyetse basadi ba baditjhaba
Lu 22:54-62—Moapostola Petrose o ile a utlwa bohloko haholo ka mora hore a latole Jesu ka makgetlo a mararo
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:
2Kr 33:9-13, 15, 16—Manase o ile a etsa dintho tse mpe ho feta marena ohle a Juda, le ha ho le jwalo o ile a baka mme Jehova a mo hauhela
Lu 15:11-32—Jesu o ile a etsa papiso ya mora ya lahlehileng ho bontsha hore Jehova o tshwarela ka ho feletseng
Ho swetseha ha batho ba bang ba re utlwisitse bohloko kapa ba re fetohetse
Sheba “Ho Swetseha”
Ho swetseha ka lebaka la dibe le mefokolo ya rona
Sheba “Ho Swetseha”
Ho belaella bokgoni ba rona
Sheba “Ho se Itshepe”
Ha re ikutlwa eka ha re kgone ho rarolla bothata bo itseng kapa ho phetha kabelo eo re e fuweng
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ex 3:11; 4:10—Moprofeta Moshe o ne a ikutlwa a sa tshwanelehe hore a ka bua le Faro le hore a ka ntsha setjhaba sa Modimo Egepeta
Jer 1:4-6—Jeremia o ne a ikutlwa a sa tshwanelehe ebile a le monyenyane hore a ka phatlalatsa dikahlolo tsa Jehova ho batho ba sa batleng ho mamela
Mangolo a ka o kgothatsang:
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:
Ex 3:12; 4:11, 12—Jehova o ile a kgodisa moprofeta Moshe hore o tla mo thusa ho phetha mosebetsi wa hae
Jer 1:7-10—Jehova o ile a bolella moprofeta Jeremia hore a se ke a tshoha hobane o ne a tlo mo thusa mosebetsing wa hae o boima
Mona; mohono
Sheba “Mona”
Mathata a bakwang ke ho kula kapa ho tsofala
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Ma 20:1-3—Morena Ezekiase o ile a lla ha bohloko ha a ne a kulela lefu
Baf 2:25-30—Epafroditase o ne a utlwile bohloko haholo hobane a utlwile hore bana babo ba Filipi ba utlwile hore o a kula mme o ne a tshohile hore ba tla nahana hore o hlolehile ho phetha mosebetsi wa hae
Mangolo a ka o kgothatsang:
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o kgothatsang:
2Sa 17:27-29; 19:31-38—Morena o ile a fa Barzilai tlotla ya hore a tshelele le yena Jerusalema empa ka lebaka la ho ikokobetsa, Barzilai ha a ka a amohela kopo eo hobane o ne a elellwa hore o se a hodile haholo hore a ka e phetha
Ps 41:1-3, 12—Ha Morena Davida a ne a kula haholo, o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo thusa
Mar 12:41-44—Jesu o ile a babatsa mohlolohadi ya futsanehileng ka ho fana ka sohle seo a neng a ena le sona
Ho hlola kgatello e bakwang ke ho tshwarwa hampe ke batho ba bang
Sheba “Ho Tshwarwa Hampe”
Tshabo e matla; ho tshoha
Sheba “Ho Tshoha”
Ho hloriswa
Sheba “Mahloriso”