Tsela eo Bakreste ba Lokelang ho Etsa Dintho ka Yona
Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho phela tumellanong le dintho tseo ba di dumelang?
Bakreste ba lokela ho etsisa mohlala wa mang?
Ho tla etsahalang haeba Bakreste ba phela tumellanong le melao ya Modimo?
Ho tseba Mangolo aa ho thusa Mokreste jwang ho qoba ho etsa dintho tse fosahetseng?
Sheba le Mat 5:28; 15:19; Bar 1:26, 27; Ef 2:2, 3
Ho tseba Mangolo aa ho ka re thusa jwang hore re etse dintho tse nepahetseng?
Bar 12:2; Ef 4:22-24; Baf 4:8; Kol 3:9, 10
Sheba le Pr 1:10-19; 2:10-15; 1Pe 1:14-16
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 39:7-12—Josefa ha a ka a inehela ha mosadi wa Potifaro a ne a mo leka
Job 31:1, 9-11—Jobo o ile a etsa qeto ya hore a ke ke a sheba mosadi eo e seng wa hae ka tsela e sa lokang
Mat 4:1-11—Jesu o ile a hanyetsa diteko tsa Satane
Bakreste ba lokela ho qoba boitshwaro ba mofuta ofe?
Sheba “Maikutlo a Fosahetseng”
Ke ditlwaelo dife tse fosahetseng tseo Bakreste ba lokelang ho di qoba?
Sheba “Diketso Tse Fosahetseng”
Bakreste ba lokela ho bontsha makgabane afe?
Ho hlweka boitshwarong
2Ko 11:3; 1Ti 4:12; 5:1, 2, 22; 1Pe 3:1, 2
Sheba le Baf 4:8; Tit 2:3-5
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 39:4-12—Josefa o ile a dula a hlwekile boitshwarong ho sa tsotellehe hore na mosadi wa Potifaro o ile a leka ka matla hakae ho mo kgelosa
Sef 4:12; 8:6—Ngwanana wa Moshulame o ile a tshepahalla mohlankana eo a neng a mo rata, a dula a hlwekile boitshwarong a ba a qoba ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano
Ho tshepa Jehova
Sheba “Ho Tshepa Jehova”
Ho nka ba bang ba re phahametse
Sheba “Boikokobetso”
Ho kgotsofala
Sheba “Ho Kgotsofala”
Ho sebedisana le batho ba bang
Moe 4:9, 10; 1Ko 16:16; Ef 4:15, 16
Sheba le Ps 110:3; Baf 1:27, 28; Heb 13:17
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Kr 25:1-8—Morena Davida o ile a kgetha batho ba bapalang diletsa le dibini ho sebetsa mmoho ho etsa tshebeletso e halalelang
Ne 3:1, 2, 8, 9, 12; 4:6-8, 14-18, 22, 23; 5:16; 6:15—Jehova o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba ileng ba sebetsa mmoho ho tsosolosa marako a Jerusalema ka matsatsi a 52 feela
Ho ba sebete
Sheba “Ho ba Sebete”
Ho kgothatsa ba bang; e ba ya matlafatsang ba bang
Esa 35:3, 4; Bar 1:11, 12; Heb 10:24, 25
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 23:15-18—Jonathane o ile a kgothatsa Davida nakong eo Morena Saule a neng a batla ho mo bolaya
Dik 15:22-31—Sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola se ile sa romela lengolo diphuthehong e le ho di kgothatsa
Mamello; tiisetso; ho ema re tiile
Mat 24:13; Lu 21:19; 1Ko 15:58; Gal 6:9; Heb 10:36
Sheba le Bar 12:12; 1Ti 4:16; Tshe 2:2, 3
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Heb 12:1-3—Moapostola Pauluse o ile a sebedisa mohlala wa Jesu ho kgothaletsa Bakreste hore ba mamelle
Jak 5:10, 11—Jakobo o ile a bua ka mohlala wa Jobo wa ho mamella le tsela eo Jehova a ileng a mo putsa ka yona
Botshepehi dinthong tsohle
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dan 1:3-5, 8-20—Moprofeta Daniele le metswalle ya hae e meraro ba ile ba ema ba tiile kgahlanong le dintho tseo ba neng ba sa lokela ho di ja ho ya ka Molao wa Moshe
Lu 21:1-4—Jesu o ile a babatsa tumelo ya mosadi wa mohlolohadi ya ileng a fana ka tjhelete ya boleng bo bonyenyane
Ho tshaba Jehova
Sheba le Ps 111:10
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ne 5:14-19—Ha Nehemia e ne e le mmusisi, ha a ka a hatella batho ba Modimo jwalo ka ha babusisi ba bang ba ile ba etsa
Heb 5:7, 8—Jesu o re behetse mohlala o motle wa ho tshaba Modimo
Ditholwana tse behwang ke moya o halalelang
Ho fana
Sheba “Ho Fana”
Ho sebeletsa Modimo ka botshepehi
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dik 10:1-7—Le hoja Korneliase e ne e se Mojuda, Jehova o ile a elellwa hore ke monna wa morapedi ya tshabang Modimo le ya fanang
1Ti 3:16—Jesu o re behetse mohlala o motle wa ho sebeletsa Modimo ka botshepehi
Ho nahanela, mantswe a mosa
Ho tshepahala
Sheba “Ho Tshepahala”
Ho amohela baeti
Sheba “Ho Amohela Baeti”
Boikokobetso; ho inyenyefatsa
Sheba “Boikokobetso”
Leeme
Sheba “Ho se be Leeme”
Ho sebetsa ka thata
Sheba “Mosebetsi”
Ho tshepahalla Jehova
Sheba “Ho Tshepahalla Jehova”
Tsotella batho ba bang
Ho tshepahalla motho
Sheba “Ho Tshepahalla Motho”
Mohau
Sheba “Mohau”
Boitshwaro bo botle
Sheba le Pr 23:1-3; 25:16
Ho mamela
Sheba “Ho Mamela”
Ho hlophiseha
Dulang le rapela
Ps 141:1, 2; Bar 12:12; Kol 4:2; 1Th 5:17; 1Pe 4:7
Sheba le “Thapelo”
Ikemisetse ho tshwarela
Sheba “Ho Tshwarela”
Tlhompho
Sheba le Ef 5:33; 1Pe 3:1, 2, 7
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Nu 14:1-4, 11—Ha Baiseraele ba hlompholla moprofeta Moshe le Moprista ya Phahameng Arone, Jehova o ile a nka ba hlompholla Yena
Mat 21:33-41—Jesu o ile a etsa papiso ho bontsha hore ho ne ho tla etsahalang ka batho ba hlomphollang baprofeta ba Jehova le Mora wa hae
Kamano e ntle le Jehova; etsa hore thato ya Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba hao
Mat 6:33; Bar 8:5; 1Ko 2:14-16
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Heb 11:8-10—Ka lebaka la tumelo ya hae e matla Mmusong wa Modimo, Abrahama o ile a dula ditenteng e le moditjhaba
Heb 11:24-27—Diqeto tseo moprofeta Moshe a ileng a di etsa bophelong ba hae di ne di bontsha hore Jehova ke wa sebele ho yena
Ho ikokobetsa
Sheba le Joh 6:38; Ef 5:22-24; Kol 3:18
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Lu 22:40-43—Jesu o re behetse mohlala wa ho ikokobeletsa Ntate wa hae esita le maemong a thata haholo
1Pe 3:1-6—Moapostola Petrose o ile a bua ka mohlala wa Sara wa ho ikokobetsa e le oo basadi ba Bakreste ba lokelang ho o latela
Kutlwelobohloko
Sheba “Qenehelo”
Botshepehi
Sheba “Ho Tshepahala”