Bontate
Bontate ba na le boikarabelo bofe?
De 6:6, 7; Ef 6:4; 1Ti 5:8; Heb 12:9, 10
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 22:2; 24:1-4—Abrahama o ne a rata Isaka haholo hoo a ileng a etsa bonnete ba hore o nyala mosadi ya ratang Jehova
Mat 13:55; Mar 6:3—Jesu o ne a bitswa “mora wa mmetli wa mapolanka” mme le yena e ne e le “mmetli wa mapolanka.” Sena se bontsha hore Josefa o ne a mo rutile mosebetsi
Ke hobaneng ha bontate ba lokela ho ratwa le ho hlomphuwa?
Sheba le Mat 6:9
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Hos 11:1, 4—Jehova o bontsha hore o nka bontate ba le bohlokwa ka hore ebe o ba behela mohlala jwalo ka Ntate. O ruta batho ba hae le ho ba hlokomela ka lerato feela jwalo ka ha ntate a hlokomela bana ba hae
Lu 15:11-32—Jesu o ile a bontsha hore o nka bontate ba le bohlokwa ka ho etsa mohlala ona ho bontsha hore Jehova o lerato ebile o tshwarela baetsadibe ba bakang