Lenyalo
Ke mang ya entseng hore ho be le lenyalo?
Mokreste o lokela ho kgetha motho ya jwang hore e be molekane wa hae?
Ke hobaneng ha motswadi wa Mokreste a ke ke a tshehetsa qeto ya mora kapa moradi wa hae ya kolobeditsweng ya ho nyalana le motho ya sa kolobetswang?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 24:1-4, 7—Le hoja Abrahama a ne a se a tsofetse, o ile a etsa qeto ya ho batlela mora wa hae Isaka mosadi ho batho ba sebeletsang Jehova eseng ho Bakanana ba neng ba rapela medimo e meng
Ge 28:1-4—Isaka o ile a laela mora wa hae Jakobo hore a batle mosadi ya sebeletsang Jehova eseng wa Mokanana
Jehova o ikutlwa jwang ka Dipaki tse nyalanang le batho ba sa mo sebeletseng?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Ma 11:1-6, 9-11—Jehova o ile a halefela Morena Solomone hobane a ile a hana ho mo mamela, a nyala basadi ba baditjhaba a ba a ba dumella hore ba mo kgelose
Ne 13:23-27—Letona Nehemia le yena o ile a halefela Baiseraele ba neng ba nyalane le batho ba dinaha tse ding ba neng ba sa sebeletse Jehova
Ke hobaneng ha o lokela ho kgetha molekane ya sebeletsang Jehova a bile a tsebahala e le motho ya hantle?
Sheba le Ef 5:28-31, 33
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Sa 25:2, 3, 14-17—Nabale e ne e le morui empa e ne e se monna ya lokileng hobane o ne a le bohale a bile a sotla mosadi wa hae Abigaile
Pr 21:9—Haeba o sa kgethe molekane ya o tshwanelang, o ke ke wa thaba ebile le ke ke la phedisana ka kgotso
Bar 7:2—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ha mosadi a nyalwa, o lokela ho hopola hore o tlameha ho mamela monna wa hae eo ka dinako tse ding a tla etsa diphoso. Ka lebaka leo, o lokela ho kgetha hantle hore na o nyalwa ke motho ya jwang
Ha o itokisetsa lenyalo
Ke hobaneng ha monna a lokela ho itlhahloba hore na a ka kgona ho hlokomela mosadi le bana pele a nyala?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Pr 24:27—Pele monna a nyala mme a ba le bana, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a tle a kgone ho hlokomela lelapa la hae
Ke hobaneng ha baratani ba lokela ho kopa dikeletso le ho tsebana hantle ho ena le ho sheba feela hore na motho eo a ratanang le yena o motle hakae?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ru 2:4-7, 10-12—Boase o ne a tseba hore na Ruthe ke motho ya jwang hobane o ile a mo bona ha a ne a sebetsa ka thata le ha a ne a hlokomela Naomi. O ile a boela a utlwa dintho tse ntle tseo batho ba neng ba di bua ka yena le ka moo a neng a rata Jehova ka teng
Ru 2:8, 9, 20—Ruthe le yena o ile a bona hore Boase ke motho ya mosa, ya fanang le ya ratang Jehova
Ke hobaneng ha Jehova a batla hore batho ba itshware hantle ha ba ntse ba ratana le ha ba se ba tshepisane ho nyalana?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Pr 5:18, 19—Ho na le dintho tseo batho ba ratanang ba sa lokelang ho di etsa pele ba nyalana
Sef 1:2; 2:6—Ha morwetsana wa Moshulame le modisana ba ne ba ratana, ba ne ba buisana le ho bontshana lerato ka tsela e neng e ena le seriti
Sef 4:12; 8:8-10—Morwetsana wa Moshulame o ile a dula a itshwere hantle hoo Bibele e reng o tshwana le serapa se kampetsweng
Ke hobaneng ha banyalani ba lokela ho ngodisa lenyalo la bona ka molao?
Boikarabelo ba monna ka lapeng
Ke boikarabelo bofe boo Jehova a bo fileng banna ka lapeng?
Ke mohlala wa mang oo monna wa Mokreste a lokelang ho o etsisa?
Ke hobaneng ha monna wa Mokreste a lokela ho bontsha hore o rata mosadi wa hae le hore o utlwisisa tsela eo a ikutlwang ka yona?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 21:8-12—Ha Abrahama a ne a sa dumellane le seo mosadi wa hae Sara a neng a kopa hore a se etse, Jehova o ile a mo laela hore a mamele mosadi wa hae
Pr 31:10, 11, 16, 28—Ditemana tsena di bontsha hore monna ya bohlale ha a laole mosadi wa hae ebile ha a dule a mo tshwaya diphoso empa o a mo tshepa le ho mo rorisa
Ef 5:33—Mantswe a moapostola Pauluse a bontsha hore mosadi o batla ho ikutlwa a ratwa ke monna wa hae
Mosadi a ka thusa lelapa la hae jwang?
Jehova o lebeletse hore basadi ba etseng?
Na Jehova o nka basadi e le batho ba bohlokwa?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Pr 1:8; 1Ko 7:4—Modimo o file basadi le bomme matla a itseng ka lapeng
1Ko 11:3—Moapostola Pauluse o ile a re Jehova o entse hore batho bohle ba mo sebeletsang ba be le motho eo ba ikarabellang ho yena. Le ha ho le jwalo ka ha Modimo ke ya Phahameng ka ho Fetisisa yena ha ho na motho eo a ikarabellang ho yena
Heb 13:7, 17—Ka phuthehong banna le basadi ba lokela ho hlompha le ho mamela batho ba kgethilweng hore ba ba etelle pele
Mosadi eo monna wa hae e seng Paki ya Jehova a ka etsang hore a thabise Jehova?
Ke hobaneng ha mosadi a lokela ho dula a hlompha monna wa hae?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 18:12; 1Pe 3:5, 6—Sara o ne a hlompha monna wa hae haholo a bile a mo bitsa “morena” le ha a nahana ka yena
Bibele e re ke mosadi ya jwang ya lokelang ho roriswa?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 24:62-67—Rebeka o ile a tshedisa monna wa hae Isaka ka mora hore mme wa hae a hlokahale
1Sa 25:14-24, 32-38—Abigaile o ile a sireletsa monna wa hae ya se nang kelello le lelapa la hae ka ho kopa Davida hore a ba hauhele
Est 4:6-17; 5:1-8; 7:1-6; 8:3-6—Mofumahadi Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makgetlo a mabedi ka hore a ye ho morena a sa bitswa. O ne a yo kopa hore morena a sireletse batho ba Modimo
Banyalani ba ka rarolla mathata jwang?
Ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba rarolle mathata?
Ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba sebedise tjhelete hantle?
Lu 12:15; Baf 4:5; 1Ti 6:9, 10; Heb 13:5
Sheba le “Tjhelete”