Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lmd thuto 6
  • O se ke wa Tshoha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O se ke wa Tshoha
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Jesu o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?
  • O ka Etsisa Jesu Jwang?
  • Fumana Dikarabo Tsa Dipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ya Potoloho ya 2018-2019 le Molebedi wa Potoloho
  • O re fe Sebete
    Binelang Jehova le Thabile
  • U re fe Sebete
    Binelang Jehova—Lipina Tse Ncha
  • Jehova o Tla o Thusa Hore o be Sebete
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 6

HA O QALA MOQOQO

Jesu o kopa Zakiase hore a theohe sefateng mme batho ba bang ba a makala.

Luka 19:​1-7

THUTO YA 6

O se ke wa Tshoha

Keletso ya Bibele: “Modimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella ditaba tse monate tse tswang ho yena.”​—1 Bathes. 2:2.

Jesu o Ile a Etsang?

Jesu o kopa Zakiase hore a theohe sefateng mme batho ba bang ba a makala.

VIDEO: Jesu o Bua le Zakiase

1. Shebella VIDEO kapa o bale Luka 19:​1-7 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. E ka nna yaba ke hobaneng ha batho ba bang ba ne ba qoba ho bua le Zakiase?

  2. Ke eng e ileng ya susumeletsa Jesu hore a bue le Zakiase ho sa tsotellehe seo batho ba neng ba se nahana ka yena?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re hloka ho ba sebete e le hore re bolelle batho bohle ka Mmuso wa Modimo.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Tshepa Jehova. Moya wa Modimo o ile wa thusa Jesu hore a bue le batho ka Modimo, le wena moya o halalelang o ka o thusa. (Mat. 10:​19, 20; Luka 4:​18) Kopa Jehova hore a o thuse hore o kgone ho bua le batho bao o ba tshabang.​—Dik. 4:29.

4. O se ke wa ahlola batho. Ka dinako tse ding re ka tshaba ho bua le batho ka lebaka la tsela eo ba shebahalang ka yona, boitshwaro ba bona, bodumedi ba bona, botumo ba bona kapa hobane e le barui. Empa hopola hore:

  1. Ke Jehova le Jesu feela ba tsebang dintho tseo batho ba di nahanang.

  2. Jehova a ka kgona ho thusa motho le ha e le ofe hore a mo tsebe.

5. Eba sebete empa o shebe maemo. (Mat. 10:​16) Qoba ho ngangisana le motho eo o buang le yena. Kgaotsa ho qoqa le motho haeba a sa batle ho o mamela kapa o utlwa o sa sireletseha.​—Diprov. 17:14.

O KA BOELA WA SHEBA

Dik. 4:​31; Baef. 6:​19, 20; 2 Tim. 1:7

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela