LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w18 July leq. 32
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
w18 July leq. 32

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Haeba batho ba babedi ba sa nyalanang ba qeta bosiu ba le mmoho sebakeng seo ba sa bonweng ke batho, na ebe hoo ho ka ballwa e le sebe se lebisang komiting ya boahlodi?

Dikoloi tse pedi di pakile ka ntle bosiu

Ee, haeba ba qeta bosiu ba le mmoho sebakeng seo ba sa bonweng ke batho ntle ho mabaka a utlwahalang, ntho eo ka boyona ke bopaki bo matla ba hore batho bana ba entse boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. Ka hona, komiti ya boahlodi e tla thehwa, ntle la ha ho na le mabaka a utlwahalang a hore komiti e se ke ya thehwa.—1 Bakor. 6:18.

Sehlopha sa baholo se tla hlahlobisisa maemo hantle ho bona hore na komiti ya boahlodi e tshwanelwa ho thehwa kapa tjhe. Ka mohlala: Na ebe batho bana ba ne ba ratana? Na ba kile ba kgalemellwa boitshwaro ba bona bo belaetsang? Ke maemo afe a entseng hore ba be ba qete bosiu ba le bang? Na ba rerile seo esale pele? Na ba ne ba na le boikgethelo kapa ho ne ho na le lebaka le ba qobellang hore ba qete bosiu ba le mmoho, kapa na ho ile ha ba le ntho e ka hodimo ho matla a bona e jwalo ka ketsahalo e sa lebellwang kapa taba ya tshohanyetso e ileng ya etsa hore ba iphumane ba se na monyetla ha e se feela ho qeta bosiu ba le mmoho? (Moek. 9:11) Hona ba robetse hokae? Ka ha maemo a a fapana, baholo ba tla itshetleha ka boemo ba taba ha ba etsa qeto.

Ka mora hore ho sekasekwe dintlha le maemo kaofela, jwale sehlopha sa baholo se tla nka qeto ya hore na batho bana ba lokela ho hlaha ka pela komiti ya boahlodi kapa tjhe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share