Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • wp20 No. 2 maq. 4-5
  • Ke Hobaneng ha re Hloka Mmuso wa Modimo?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobaneng ha re Hloka Mmuso wa Modimo?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • BATHO BA QALA HO BUSA
  • NAKO YA HORE MODIMO A NKE KGATO!
  • Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Bobe le Mathata?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Ke Hobaneng ha Modimo a ile a Bopa Batho?
    Bibele e re Rutang?
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 2 maq. 4-5
Adama le Eva ba shebile noka e phalla metsi serapeng sa Edene.

Ho ne ho rena kgotso tlasa Mmuso o lerato wa Modimo

Ke Hobaneng ha re Hloka Mmuso wa Modimo?

Ha Jehova a ne a qala ho bopa batho e ne e le yena feela Mmusi lefatsheng. O ne a busa ka tsela e lerato. O ile a etsetsa batho lehae le letle serapeng sa Edene e le hore ba ka dula ho sona. O ile a boela a ba fa dijo tse ngata. Ho ekelletsa moo, o ile a ba fa mosebetsi wa bohlokwa oo ba neng ba lokela ho o etsa. (Genese 1:28, 29; 2:8, 15) Batho ekabe ba ntse ba phela ka kgotso hona jwale haeba ba ile ba dumella hore Modimo a nne a tswele pele hore a ba buse.

Adama o tshwere tholwana eo ba thibetsweng ho e ja eo a e filweng ke Eva.

Batswadi ba rona ba pele ba ile ba fetohela bobusi ba Modimo

Bibele e bontsha hore lengeloi la lerabele leo ha morao le ileng la bitswa Satane Diabolose ka lebaka la ho se hlomphe Modimo, le ile la leka tokelo ya Modimo ya ho busa. O ile a re batho ba tla phela ha monate ka ntle ho tataiso ya Jehova le bobusi ba hae. Ka maswabi, batswadi ba rona ba pele e leng Adama le Eva, ba ile ba etsisa Satane mme ba qala ho fetohela Modimo.​—Genese 3:1-6; Tshenolo 12:9.

Ka lebaka la hore Adama le Eva ba ile ba fetohela Modimo, ba ile ba lahlehelwa ke lehae la bona la Paradeise le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng ba phethahetse. (Genese 3:17-19) Qeto eo ba ileng ba e etsa e ile ya ama le bana ba bona ba neng ba tla hlaha hamorao. Bibele e re ka lebaka la hore Adama o ile a etsa sebe, “sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe.” (Baroma 5:12) Sebe se ile sa baka bothata bo bong hape, Bibele e re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ka mantswe a mang, haeba batho ba ipusa ho tla dula ho e na le mathata.

BATHO BA QALA HO BUSA

Nimrode o eme ka tsela e bontshang boikgohomoso. Ka mora hae, batho ba ntse ba haha moaho.

Nimrode o ile a hanyetsa bobusi ba Jehova

Motho wa pele ya ileng a busa lefatsheng eo Bibele e buang ka yena, ke Nimrode. O ne a hanyetsa bobusi ba Jehova. Ho tloha mehleng eo ya Nimrode, batho ba ne ba sebedisa matla a bona a ho busa ka tsela e hatellang. Dilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng, Morena Solomone ya bohlale o ile a re: “Bonang! meokgo ya ba ntseng ba hatellwa, empa ba ne ba se na motshedise, bahatelli ba bona ba ne ba e na le matla.”​—Moeklesia 4:1.

Ha ho letho le fetohileng le kajeno. Ka 2009, buka e nngwe ya United Nations e ile ya re bobusi bo hatellang bo ntse bo tswela pele mme “leo ke lona lebaka la hore ho dule ho etsahala dintho tse mpe lefatsheng.”

NAKO YA HORE MODIMO A NKE KGATO!

Batho ba hloka mmusi le mmuso o molemo. Mme ke seo Modimo a re tshepisitseng sona!

Ditshwantsho tse bontshang ditlamorao tsa mebuso ya batho. 1. Mosadi wa Asia o dutse seterateng mme o kukile ngwana wa hae ya ntseng a lla. 2. Ntatemoholo o robetse betheng ya bakudi sepetlele. 3. Masole a ntweng a ntse a thunya. 4. Batho ba halefileng ba ntse ba etsa toyitoyi. 5. Mme le moradi wa hae ba eme ka ntle, ba fumane fenstere ya lemati la bona e thubehile. 6. Toropo e nang le dithapo tsa motlakase le difeme tse ntshang mosi o mongata.

Le hoja ho e na le mebuso e busang hantle, ha e kgone ho rarolla mathata a batho

Modimo o hlomme Mmuso o tla fedisa mebuso e meng kaofela ya batho mme “o tla ema ho isa dinakong tse sa lekanyetswang.” (Daniele 2:44) Ona ke wona Mmuso oo haesale batho ba bangata ba ntse ba o rapella. (Matheu 6:9, 10) Modimo o kgethile mang hore a buse Mmusong wa hae? O kgethile motho ya kileng a phela lefatsheng hore ebe yena Mmusi ya tla busa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela