Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w20 September leq. 31
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ho Thaba Batho ba Tshepahallang Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
w20 September leq. 31
Moemedi wa Jehova o dutse teroneng ya emeralde mme o potolohilwe ke mangeloi a mangata. Kganya e potolohile terone.

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Na Moeklesia 5:8 e bua ka babusi kapa Jehova?

Lengolo lena le baleha tjena: “Haeba o bona ho hatellwa le ha e le hofe ha ya nang le ho honyenyane le ho tloswa ho mabifi ha kahlolo le ha ho loka profinseng, o se ke wa makala ka lebaka la taba eo, etswe ya phahametseng ya phahameng o tadimile, mme ho na le ba ba phahametseng.”​—Moek. 5:8.

Ho ya ka tsela eo re nahanang ka yona temana ena re ka e utlwisisa e bua ka ba boholong pusong. Empa haeba re nahanisisa ka yona, re tla hlokomela hore e boetse e re ruta thuto ya bohlokwa ka Jehova e leng ntho e re kgothatsang.

Moeklesia 5:8 e bua ka babusi ba se nang toka le ba hatellang batho ba futsanehileng. Babusi ba lokela ho hopola hore ba shebilwe ke motho ya ba phahametseng ka ho fetisisa. Ha e le hantle ho ka etsahala hore ho na le batho ba bang hape ba ba phahametseng. Ka maswabi, babusi ba lefatshe lena ba ka etsa bobodu mme batho ba bangata ba ba mathateng ka lebaka la bobodu bona.

Ho sa tsotellehe hore na maemo a nyahamisa hakae, ho kgothatsang ke ho tseba hore Jehova o ntse a shebile se etswang ke babusi bana. Re ka kopa hore Modimo a re thuse mme ra mo bolella mathata a rona. (Pes. 55:22; Bafil. 4:6, 7) Re a tseba hore “mahlo a [Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatshe lohle hore a bontshe matla a hae molemong wa bao dipelo tsa bona di feletseng ho yena.”​—2 Likron. 16:9.

Moeklesia 5:8 e re hopotsa ka moo lefatshe leo re phelang ho lona le leng ka teng le hore ka mehla ho dula ho e na le motho ya boemong bo phahameng. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore temana ena e ka re hopotsa hore Jehova ke Mmusi ya phahameng ka ho fetisisa. Ho na jwale Mora wa hae e leng Jesu Kreste o busa e le Morena Mmusong wa hae. Mmopi ya Matla Ohle ya shebileng ntho e nngwe le e nngwe o na le toka jwalo ka Mora wa hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela