Seo Bibele e se Rutang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng se ka re Thusa Haholo
Bibele e thusitse batho ba dimilione maemong ana a mane a fapaneng a bophelo mme re ka e tshepa.
1. Lenyalo
Batho ba na le maikutlo a fapaneng ka lenyalo le ka seo ba se hlokang e le hore ba be le lenyalo le thabileng.
BIBELE E RE: “E mong le e mong wa lona o lokela ho rata mosadi wa hae jwalo ka ha a ithata. Mosadi le yena o lokela ho hlompha monna wa hae haholo.”—Baefese 5:33.
SEO TEMANA ENA E SE BOLELANG: Modimo ke Moqapi wa lenyalo, ka hoo o a tseba hore na banyalani ba hlokang e le hore ba thabe. (Mareka 10:6-9) Banyalani ba tla thaba haeba e mong le e mong a amehile ka seo e mong a se hlokang. Monna ya ratang mosadi wa hae o mo tshwara hantle ebile o a mo hlokomela. Mosadi yena o bontsha hore o hlompha monna wa hae ka tsela eo a buang le yena ka yona le ka tsela eo a itshwarang ka yona.
KELETSO E TSWANG KA BIBELENG E THUSITSE BATHO BA BANG: Quang le Thi, ba tswang Vietnam ba ne ba ikutlwa ba sa thaba lenyalong la bona. Quang o ne a tshwara mosadi wa hae hampe, o re: “Ke ne ke sa tsotelle maikutlo a Thi ebile ke dula ke mo utlwisa bohloko.” Thi o ne a batla ho hlala monna wa hae, o re: “Ke ne ke sa nahane hore nka hlola ke tshepa monna wa ka le ho mo hlompha.”
Ha morao, Quang le Thi ba ile ba ithuta seo Bibele e se rutang ka lenyalo ho Baefese 5:33 le ka mokgwa oo ba ka sebedisang keletso eo ka teng. Quang o re: “Temana ena e nthusitse haholo hore ke be mosa ebile ke kgona ho etsa hore Thi a ikutlwe a ratwa, a tsotellwa maikutlong hape a dule a ena le dintho tseo a di hlokang. Ha ke mo tshwara jwalo Thi o a nthata ebile o a ntlhompha.” Thi o re: “Ha ke sebedisa keletso e hlahang ho Baefese 5:33 ke bontsha monna wa ka hore ke a mo hlompha, sena se etsa hore a nthate le ho feta mme ke ikutlwa ke sireletsehile ebile ke ena le kgotso.”
Ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka lenyalo, bala makasine wa Fadimehang! ya No. 2 2018, eo sehlooho sa yona se reng: “Dintlha Tse 12 Tse ka Thusang Malapa Hore a Atlehe” websaeteng ya jw.org/st-za.
2. Re ka Tshwara Batho ba Bang Jwang?
Hangata batho ba tshwara ba bang hampe ka lebaka la morabe, botjhaba, tsela eo ba shebahalang ka yona, bodumedi kapa hore na ke ba bong bofe.
BIBELE E RE: “Le hlomphe batho ba mefuta yohle.”—1 Petrose 2:17.
SEO TEMANA ENA E SE BOLELANG: Bibele ha e re rute hore re hloye batho ba bang hobane ba tswa dinaheng tse ding, e le ba morabe o mong kapa ba ratana le batho ba bong bo tshwanang. Ho ena le hoo, Bibele e re kgothaletsa ho hlompha batho bohle ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, ba tswa naheng efe, hore na ba ruile kapa ba futsanehile. (Diketso 10:34) Le haeba re sa dumellane le seo batho ba bang ba se dumelang kapa tsela eo ba itshwarang ka yona, re lokela ho ba tshwara ka mosa le ho ba hlompha.—Matheu 7:12.
KELETSO E TSWANG KA BIBELENG E THUSITSE BATHO BA BANG: Daniel o rutilwe hore batho ba tswang Asia ba kotsi naheng ya habo. O ile a qetella a se a hloile motho e mong le e mong ya tswang Asia mme hangata o ne a dula a ba rohaka hara batho ba bang. O re: “Ka ho etsa jwalo ke ne ke utlwa eka ke sireletsa naha ya heso. Ke ne ke sa nahane le hore ntho eo ke e etsang e mpe.”
Daniel o ile a qetella a ithutile Bibele, o re: “Ke ile ka lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka yona. Ke shebe batho ka tsela eo Modimo a ba shebang ka yona. Ke ithutile hore batho bohle ba a tshwana ho sa tsotellehe moo ba tswang teng.” Daniel o hlalosa ka moo a ikutlwang ka teng ha a kopana le batho hona jwale. O re: “Ha ke sa nahana haholo ka hore na motho o tswa hokae. Ke se ke rata batho bohle ebile ke na le metswalle hohle lefatsheng.”
Ho ithuta dintlha tse eketsehileng, bala makasine wa Fadimehang! ya No. 3 2020, e nang le sehlooho se reng “Na Kgethollo e Tla Fela?” websaeteng ya jw.org/st-za.
3. Tjhelete
Batho ba bangata ba hahamalla ho ba le tjhelete e le hore ba thabe bophelong le hore ba be le bokamoso bo tjhabileng.
BIBELE E RE: “Bohlale bo a sireletsa feela jwalo ka ha tjhelete e sireletsa empa bohlale bo boloka bophelo ba motho ya nang le bona.”—Moeklesia 7:12.
SEO TEMANA ENA E SE BOLELANG: Re hloka tjhelete empa ha se motheo wa thabo kapa bokamoso ba rona. (Diproverbia 18:11; 23:4, 5) Ho ena le hoo, re tla thaba e le ka nnete re boele re be le bokamoso bo sireletsehileng haeba re sebedisa bohlale bo tswang ho Modimo bo ka Lentsweng la hae e leng Bibele.—1 Timothea 6:17-19.
KELETSO E TSWANG KA BIBELENG E THUSITSE BATHO BA BANG: Cardo ya tswang Indonesia o ne a amehile haholo ka ho ba le maruo. O re: “Ke ne ke ena le dintho tse ngata tseo batho ba bangata ba neng ba labalabela ho ba le tsona, ke kgona ho ya moo ke batlang, ke reka dintho tse turu, dikoloi le matlo.” Empa tjhelete ya hae e ile ya fela. Cardo o re: “Motho e mong o ile a nkutswetsa mme tjhelete eo ke e sebeleditseng ka thata dilemo tsena kaofela e ile ya fela ka ho panya ha leihlo. Ke qetile bophelo bohle ba ka ke lelekisa maruo empa qetellong ke ile ka ikutlwa ke le motho ya se nang thuso hobane ke se ke se na letho.”
Cardo o ile a qalella ho sebedisa keletso e tswang ka Bibeleng e buang ka tjhelete. Ha a sa sebedisa matla a hae le nako ho ipokelletsa ka maruo empa o kgethile ho nolofatsa bophelo ba hae. O re: “Hona jwale ke thabile hobane ke se ke le motswalle wa Modimo. Ke kgona ho robala ha monate bosiu ke sa tshwenyeha mme ka nnete ke thabile.”
Ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka seo Bibele e se buang ka tjhelete, bala sehlooho se reng: “Na Thuto e Phahameng le Tjhelete di ka Etsa Hore o Dule o Phela ha Monate?” makasineng wa Tora ya ho Lebela ya No. 3 2021, websaeteng ya jw.org/st-za.
4. Thobalano
Batho ba na le maikutlo a fapaneng ka thobalano.
BIBELE E RE: “Le se ke la etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. E mong le e mong a tsebe ho laola mmele wa hae e le hore o dule o halalela ebile o hlompheha. Le se ke la etsisa batho ba ditjhaba ba sa tsebeng Modimo, ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse feteletseng tsa ho etsa thobalano.”—1 Bathesalonika 4:3-5.
SEO TEMANA ENA E SE BOLELANG: Bibele e re fa meedi eo re lokelang ho fella ho yona ha re bontshana lerato ka thobalano. “Boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano” bo akarelletsa bofebe, botekatse, thobalano pakeng tsa batho ba sa nyalanang, banna ba etsang thobalano le banna ba bang le batho ba etsang thobalano le diphoofolo. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Thobalano ke mpho e tswang ho Modimo eo a e fileng monna le mosadi ba nyalaneng feela.—Diproverbia 5:18, 19.
KELETSO E TSWANG KA BIBELENG E THUSITSE BATHO BA BANG: Mme e mong ya dulang Australia ya bitswang Kylie o re: “Ha ke ne ke le lesoha, ke ile ka nahana hore ha nka etsa thobalano ke tla ikutlwa ke ratwa ebile ke sireletsehile empa ho ile ha etsahala seo ke sa se lebellang. Ke ile ka ikutlwa ke sa sireletseha ebile ke utlwile bohloko.”
Ha morao Kylie o ile a ithuta Bibele mme a sebedisa seo a ithutileng sona ka thobalano. O re: “Ke hlokometse hore melao ya Modimo e a re sireletsa e le hore re se ke ra utlwa bohloko. Hona jwale ke ikutlwa ke sireletsehile ebile ke ratwa hobane ke etsa dintho ka tsela eo Jehova a batlang hore ke di etse ka yona. Ho sebedisa keletso ya Bibele ho nthusitse haholo hore ke se ke ka iphumana ke utlwile bohloko.”
Ho ithuta dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng: “Bibele e Reng ka Batho ba Dulang ha Mmoho Pele ba Nyalana?” se hlahang websaeteng ya jw.org/st-za.
Mmopi wa rona o re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Le hoja ho se bonolo ka mehla ho mo mamela empa ho etsa jwalo ho re tswela molemo. Re ka kgodiseha hore haeba re mo mamela re tla ba le thabo e sa feleng.