LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 November leq. 31
  • O ka Thuswa ke Eng Hore o Etse Thuto ya Botho Beke e Nngwe le e Nngwe?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Thuswa ke Eng Hore o Etse Thuto ya Botho Beke e Nngwe le e Nngwe?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • Ntlafatsa Tsela ya Hao ya ho Ithuta!
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 November leq. 31
Moradi wa bo rona o sebedisa laptop, Bibele le bukana eo a ngollang dintlha ho yona ha a etsa thuto ya botho. O sebedisa tjhate e reng “Mebuso ya Lefatshe e Profetilweng ke Daniele” e hlahang ho Dintlha Tsa B9 tsa “Bibele​—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.”

O ka Thuswa ke Eng Hore o Etse Thuto ya Botho Beke e Nngwe le e Nngwe?

NA O thatafallwa ke ho etsa thuto ya botho beke e nngwe le e nngwe o le mong, hona na o thabela ho etsa jwalo? Mohlomong kaofela ha rona re na le ho ikutlwa jwalo ka dinako tse ding. Empa nahana ka dintho tse ding tseo re di etsang ka mehla jwalo ka ho hlapa. Ho hlapa ho hloka nako le boiteko empa re ikutlwa re kgatholohile ka mora moo. Ho ithuta Bibele ho ka tshwantshwa le ho kgathollwa ke ‘ho hlwekiswa ka metsi e leng lentswe la Modimo.’ (Baef. 5:26) A re bueng ka ditlhahiso tse latelang tse ka re thusang:

  • Iketsetse lenaneo. Thuto ya botho ke e nngwe ya “dintho tsa bohlokwa haholo” tseo Mokreste a lokelang ho di etsa. (Bafil. 1:10) E le hore o kgone ho latela lenaneo leo o iketseditseng lona, le behe moo o ka le bonang ha bonolo, mohlomong leboteng kapa lemating la fridge. Ntho e nngwe e ka o thusang, ke ho etsa hore fono ya hao e o hopotse nako ya ho ithuta nakwana pele e fihla.

  • Kgetha nako le tsela ya ho ithuta e ka o tswelang molemo. Na o nolofallwa ke ho tsepamisa mohopolo ha o bala nako e telele kapa e kgutshwanyane? Ke wena ya tsebang maemo a hao hantle. Etsa hore maemo a hao a dumellane le nako eo o e behileng ya ho ithuta. Haeba ha nako ya hao ya ho ithuta e fihla mme o ikutlwa o tswafa, leka ho nka metsotso e leshome feela o ithuta. Ho etsa jwalo, ho molemo ho feta ho se ithute ho hang. Mohlomong ka mora metsotso eo e leshome o tla ikutlwa o se o batla ho tswela pele.—Bafil. 2:13.

  • Kgetha dihlooho tseo o tla ithuta tsona esale pele. Haeba ha o dula fatshe ke hona o nahanang ka hore na o tlo ithutang, o tla be o sa ‘sebedise nako ya hao hantle.’ (Baef. 5:16) Ngola lethathamo le dihlooho kapa dintlha tseo o batlang ho ithuta tsona. Nako le nako ha ho etsahala hore o ipotse potso e amanang le Bibele, e ngole fatshe. Ka mehla ha o qeta ho ithuta, ngola dintlha tse ding fatshe tseo o tla thabela ho ithuta haholwanyane ka tsona.

  • Etsa diphetoho ha ho hlokahala. Leka ho etsa diphetoho lenaneong la hao la ho ithuta, tse kang nako eo o e qetang o ithuta kapa dihlooho tseo o batlang ho ithuta tsona. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore o etse thuto ya botho beke e nngwe le e nngwe. E le hore o kgone ho etsa jwalo, o ka fetola nako kapa letsatsi leo o ithutang ka lona, nako eo o e qetang o ithuta kapa wa fetola dihlooho tseo o batlang ho ithuta tsona.

Ka nnete ho etsa thuto ya botho beke e nngwe le e nngwe ho tla re tswela molemo. Ha re etsa jwalo, setswalle sa rona le Jehova se tla matlafala, re tla etsa diqeto tse bohlale bophelong ebile re tla ikutlwa re kgatholohile.—Josh. 1:8.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share