Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w25 September leq. 32
  • Jesu “o Ile a Ithuta ho Mamela”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jesu “o Ile a Ithuta ho Mamela”
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 September leq. 32

DIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG

Jesu “o Ile a Ithuta ho Mamela”

Haesale Jesu a mamela Jehova. (Joh. 8:29) Jwale, ke hobaneng ha Bibele e re: “O ile a ithuta ho mamela dinthong tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela”?—Baheb. 5:8.

Ha Jesu a ntse a le lefatsheng, o ile a tobana le mathata ao a sa kang a tobana le ona ha a ne a le lehodimong. O hodisitswe ke batswadi ba neng ba rata Jehova empa ba sa phethahala. (Luka 2:51) O ile a mamella ho tshwarwa hampe ke baetapele ba bodumedi ba kgopo le balaodi. (Mat. 26:59; Mar. 15:15) Hape “o ile a ikokobetsa mme a mamela ho fihlela a shwa” lefu le bohloko.—Bafil. 2:8.

Ka hoo, tsela eo Jesu a ileng a ithuta ho mamela dinthong tse ileng tsa mo hlahela ha a le lefatsheng e fapane le tsela eo a ileng a ithuta ho mamela ka yona ha a le lehodimong. Ke ka hoo a neng a tshwaneleha ho ba Morena le Moprista ya Phahameng ya neng a tla re utlwisisa. (Baheb. 4:15; 5:9) Jesu e ile ya eba wa bohlokwa le ho feta ho Jehova ka mora ho ithuta ho mamela dinthong tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela. Le rona re ka ba ba bohlokwa le ho feta ho Jehova mme a re fa mosebetsi le ha e le ofe haeba re dula re mamela le tlasa maemo a thata.—Jak. 1:4.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela