Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w25 November maq. 8-9
  • Na ke Lokela ho Kgaotsa ho Kganna?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Kgaotsa ho Kganna?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • HLAHLOBA TSELA EO O KGANNANG KA YONA
  • TATAISWA KE MELAOMOTHEO YA BIBELE
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 November maq. 8-9
Morabo rona ya hodileng o dutse pela fensetere o shebile koloi ya hae ka ntle. O tshwere dinotlolo tsa koloi o ntse a thuisa.

Na ke Lokela ho Kgaotsa ho Kganna?

O SE o ena le dilemo tse ngata o kganna. Haesale o thabela ho kganna koloi ya hao le ho ya hohle moo o batlang, ka nako eo o e batlang. Empa metswalle ya hao le ba lelapa ba tshwenyehile, mme ba ka thaba ha o ka nahana habedi ka taba ena ya ho tswela pele o kganna. Empa ha o utlwisise hore na ke hobaneng ha ba tshwenyehile.

Na o boemong bo tshwanang? Haeba ho jwalo, keng e ka o thusang hore o etse qeto ya hore na o tla tswela pele o kganna kapa tjhe?

Dinaheng tse ding, bakganni ba dilemong tse itseng ba lokela ho fumana tumello ya ngaka e le hore ba ka tswela pele ba kganna. Bakreste ba dulang dinaheng tseo ba mamela melao ya naha. (Bar. 13:1) Empa le haeba ho se na melao e tshwanang moo o dulang, ho na le mekgwa eo o ka e sebedisang ho hlahloba bokgoni ba hao ba ho kganna ka tsela e sireletsehileng.

HLAHLOBA TSELA EO O KGANNANG KA YONA

Websaete ya mokgatlo o mong o bitswang National Institute on Aging (NIA) wa Amerika, e kgothalletsa hore o ipotse dipotso tse latelang pele:

  • Na ke thatafallwa ke ho bala matshwao a tsela kapa ho bona ha e le bosiu?

  • Na ke se ke thatafallwa ke ho tjekisa hlooho e le hore ke bone diipone le dibaka tseo ke sa kgoneng ho di bona ka diipone?

  • Na ke thatafallwa ke ho nka kgato kapele, jwalo ka ho tlosa leoto lefureng ke le isa mariking?

  • Na ke kganna butle hoo ke bakang sephethephethe?

  • Na e se e le ka makgetlo ke batla ke eba le kotsi ya koloi, kapa na koloi ya ka e kgobehile ebile e na le mengwapo hobane ke thutse dintho tse ding?

  • Na nkile ka emiswa ke mapolesa ka lebaka la tsela eo ke kgannang ka yona?

  • Na nkile ka otsela ke ntse ke kganna?

  • Na ke nwa meriana kapa dipidisi tse ka etsang hore ke se ke ka kgona ho kganna hantle?

  • Na ba lelapa kapa metswalle ba mpolelletse hore ba tshwenyehile ka tsela eo ke kgannang ka yona?

Haeba o arabetse ka e! potsong e le nngwe kapa tse pedi ho tse ka hodimo, o ka nahana ka ho etsa diphetoho. Ka mohlala, o ka nna wa fokotsa makgetlo ao o kgannang ka ona, haholo ha e le bosiu. Dula o hlahloba tsela eo o kgannang ka yona. O ka kopa e mong wa lelapa kapa motswalle hore a o bolelle hore na o ikutlwa jwang ka tsela eo o kgannang ka yona. O ka boela wa nahana ka ho ya sekolong ho yo ithuta ho kganna ka tsela e sireletsehileng. Le ha ho le jwalo, haeba o arabetse ka e! dipotsong tse mmalwa tse hlahang ka hodimo, ho ka ba molemo hore o kgaotse ho kganna ka ho felletseng.a

TATAISWA KE MELAOMOTHEO YA BIBELE

Re ka nna ra se ke ra hlokomela hore bokgoni ba rona ba ho kganna bo ntse bo fokotseha, mme ho ka ba thata hore re nahane kapa re bue ka taba ya ho kgaotsa ho kganna. Ka hoo, ke melaomotheo efe ya Bibele e ka o thusang hore o nahane hantle le ho etsa qeto e nepahetseng? Nahana ka ena e mmedi.

Tseba moo matla a hao a fellang teng mme o inyenyefatse. (Diprov. 11:2) Ha re ntse re hola, ha re sa kgona ho bona le ho utlwa hantle, ho nka bohato kapele le mesifa ya rona e a fokola. Ka mohlala, batho ba bangata ba kgaotsa ho bapala dipapadi tse itseng ha ba ntse ba hola, ka ha ba a hlokomela hore ho bonolo hore ba ka lemala. Ho etsahala ntho e tshwanang le ka ho kganna. Ho na le nako eo motho a lokelang ho inyenyefatsa mme a etse qeto ya ho kgaotsa ho kganna hobane a hlokomela hore ha a sa bolokehile. (Diprov. 22:3) Haeba batho ba bang ba bontsha hore ba tshwenyehile ka taba ya hore o ntse o kganna, ikemisetse ho ba mamela.—Bapisa le 2 Samuele 21:​15-17.

Qoba ho ba le molato wa madi. (Deut. 22:8) Koloi ke sebetsa se kotsi haeba e sa kgannwe hantle. Motho ya tswelang pele ho kganna le hoja bokgoni ba hae bo ntse bo fokotseha, o beha bophelo ba hae le ba batho ba bang kotsing. Hape ha a ka baka kotsi yaba motho o a hlokahala, a ka ba molato wa madi.

Haeba o lokela ho etsa qeto e boima ya ho kgaotsa ho kganna, o se ke wa nahana hore seo se tla etsa hore batho ba se ke ba o hlompha. Jehova o o rata hobane o ena le makgabane a matle, a akarelletsang ho inyenyefatsa, boikokobetso le ho ameha ka bophelo ba batho ba bang. Hape o tshepisa hore o tla o tshehetsa le ho o tshedisa. (Esa. 46:4) A ke ke a o lahla le ka mohla. Ka hoo, mo kope hore a o thuse hore o be bohlale le ho ba le temoho ha o etsa qeto ya hore na o tla kgaotsa ho kganna kapa tjhe.

Batho ba Bang ba ka o Thusa Jwang?

Hangata ditho tsa lelapa ke tsona tse boemong bo botle ba ho buisana le ditho tsa lelapa tse hodileng mabapi le tsela eo di kgannang ka yona. Mohlomong o motswalle wa motho ya hodileng ya ntseng a kganna mme o utlwa batho ba bang ba tshwenyehile ka tsela eo a kgannang ka yona. Nka dintho tseo ba di buang ka botebo. O ka nna wa mo kopa hore a tsamaye le wena ha a kganna. Haeba ho hlokahala, bua le yena ka tsela eo a kgannang ka yona. Ha o etsa jwalo, ikenye dieteng tsa hae. Eba mosa empa o bue nnete. O se ke wa ameha haholo ka dilemo tsa hae empa o bue ka tsela eo a kgannang ka yona. Kgetha ho bua dipolelo tse kang “Ke tshwenyehile ka polokeho ya hao ha o kganna” ho ena le hore o re ho yena “Ha o sa kgona ho kganna.” Mo hopotse melaomotheo ya Bibele eo re buileng ka yona sehloohong sena, mme o mo kgodise hore o a tseba hore o rata ho mamela seo Bibele e se rutang.

Kaofela ha rona re lokela ho ikenya dieteng tsa motho ya hodileng ya lokelang ho kgaotsa ho kganna. A ka nna a utlwa eka ha a sa na bolokolohi ba ho iketsetsa dintho. O ka mo thusa jwang? Mo tshehetse le ho mo thusa ka dintho tseo a di hlokang. (Diprov. 17:17) O se ke wa emela hore a o kope hore o mo ise mabakeng a hae, ka ha seo se ka etsa hore a ikutlwe eka ke morwalo ho wena. Mohlomong o ka ithaopela ho etsa kemiso e le hore ho ka dula ho ena le motho ya tla mo isa dinthong tsa bohlokwa tse kang dibokeng, tshimong, dishopong le ngakeng. Mo tiisetse hore o thabela ho mo thusa le ho qeta nako le yena.—Bar. 1:​11, 12.

a Bala sehlooho se reng “Likotsi Tsa Koloi—Na U Sireletsehile?” se hlahang ho Tsoha! ya September 8, 2002, e le hore o fumane dintlha tse eketsehileng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela