Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 76-81
  • Oceania

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Oceania
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dihloohwana
  • Titjhere e ya Sehopotsong Kamora Dilemo Tse Robong
  • O e Badile ka Makgetlo a Mararo
  • O ile a Etsa Hore Mme wa Hae a Ithute Bibele
  • Ba ne ba le Jwalo ka “Dinku Tse se Nang Modisa”
  • O fa Ngaka Dimpho Tse Ikgethang
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 76-81
Morabo rona o bolella monna e mong molaetsa wa Bibele Vanuatu

Fiji

HO BOLELA LE HO RUTA LEFATSHENG LOHLE

Oceania

  • PALO YA DINAHA 29

  • PALO YA BAAHI 41 051 379

  • PALO YA BAHWELETSI 98 574

  • PALO YA BATHO BA ITHUTANG BIBELE 67 609

Titjhere e ya Sehopotsong Kamora Dilemo Tse Robong

Ha ngwanana e mong wa naheng ya Australia ya bitswang Olivia a ne a kena poraemari, o ile a memela titjhere ya hae Sehopotsong. O ile a etsa sena a sa kgathale ka dilemo tse 8. Ka selemo sa 2016, titjhere e ile ya mo founela mme ya re e tla ya Sehopotsong. E ile ya re e thabetse hore ebe Olivia ha a ka a fela matla dilemong tseo tse 8. Titjhere le monna wa hae ba ile ba ba teng Sehopotsong. Monna wa titjhere eo o hopola ha Holo ya Mmuso e ne e hahwa kaha ka nako eo o ne a sebetsa mmasepaleng. O ile a jwetsa barababo rona hore o ile a kgahlwa ke tsela eo mosebetsi wa kaho o ileng wa tsamaya ka yona. Titjhere le monna wa hae ba ile ba natefelwa ke ho ba Holong hoo ba neng ba sa batle le ho tsamaya.

Olivia, o Australia, o bua le tijhere ya hae ka founo

Australia: Tijhere ya hae e ile ya mo founela kamora dilemo tse 8

O e Badile ka Makgetlo a Mararo

Jacintu le mosadi wa hae ba dula naheng ya Timor-Leste. Kaha ba ne ba rata kereke ya bona haholo, ba ile ba kwata ha motjhana wa bona e ba Paki ya Jehova. Jacintu o ile a bala buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? empa e se ka maikemisetso a matle. O ne a nahana hore o tla fumana dithuto tsa bohata e be o di bontsha motjhana wa hae. O ile a re ho mosadi wa hae: “Ke badile buka ela ya Dipaki. Ke ne ke sa nahane hore e ka ba monate hakaana.”

Mosadi wa hae o ile a re “Ako e bale hape, mohlomong o e otlile ka hodimo feela. Empa jwale lekgetlong lena, o ke o e bale o sa tata.”

Jacintu o ile a e bala hape yaba o re ho mosadi: “Ke o bolelletse, buka eo e monate. E bua nnete feela, ke re le seo e se buang ka bafu se tswa Bibeleng.”

Mosadi wa Jacintu o ile a utlwa e ka ditsebe tsa hae di a mo thetsa, yaba o re: “E tlameha e sa bue nnete, e phethe hape hape empa jwale o seelle mola moo o badileng.”

Jacintu o ile a fela a etsa jwalo. Kamora ho e bala ka lekgetlo la boraro o ile a re: “Buka ena e bua nnete feela! Motjhana wa rona o nepile.” Hona jwale, Jacintu o ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova.

O ile a Etsa Hore Mme wa Hae a Ithute Bibele

Moradiwabo rona wa pulamadiboho ya dulang naheng ya Guam, o ile a bontsha mme e mong ya buang Sepohnpei video e reng Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? O ile a re o tla kgutlela ho mme eo. Nako le nako ha a ya ho yena, o ne a sa mo fumane. Le ha ho jwalo, ka tsatsi le leng o ile a fumana moradi wa mme eo, yaba o mo bontsha e nngwe ya divideo tsa E ba Motswalle wa Jehova. O ile a thabela ho bona video eo haholo. Ha moradiwabo rona a kgutlela hape, o ile a fumana mme elwa a le teng mme ba qoqa ha monate ka Bibele. Ho bonahala moradi wa mme eo, a ile a bolella mme wa hae hore ba ke ba ye kerekeng ya mme a ileng a mo bontsha video ya bana. O ile a etsa hore mme wa hae a batle ho ithuta Bibele. Moradiwabo rona o ile a mo bontsha hore na Dipaki di ithuta Bibele jwang le batho, yaba ba hlophisa hore thuto e tswele pele.

Ba ne ba le Jwalo ka “Dinku Tse se Nang Modisa”

Mopotolohi e mong ya bitswang Terence le mosadi wa hae Stella, ba ne ba le masimong a kantle Inakor e leng sebaka se naheng ya Papua New Guinea. Terence o re: “Hoseng ho hong, re ile ra tsoswa ke motho ya kokotang monyako. Ha e le hantle, e ne e le batho ba bangata! Ba ne ba batla ho ithuta Bibele. Kahoo, re ile ra buisana le bona ho tloha ka 6 hoseng. Yaba motsheare re kopa ho lo hlapa, ha re kgutla ka 2, ra fumana ba se ba eketsehile. Moqoqo wa tswela pele ho fihlela ka 12 bosiu!” Letsatsing le latelang, banyalani bana ba ile ba hla ba di raha, e le hore ba lo bolela ditaba tse molemo sebakeng se seng. Ho ile ha fihla batho ba bang hape moo ba neng ba dula teng empa ka maswabi ba fumana ba se ba tsamaile. Terence o re: “Eitse ha ba tseba moo re neng re le teng, ba re latela ba ba ba re thola. Yaba jwale re qalella ho bua le bona hape. Ha re kgutlela lapeng, ba bang le bona ba ne ba eme ka rona.” Sena se ne se etsahala tsatsi le tjhabang le le dikelang. Batho ba moo, ba ne ba le jwalo ka ‘dinku tse se nang modisa.’”—Mat 9:36.

Batho ba Papua New Guinea ba thabetse ho bona Terence le Stella ba fihla

Papua New Guinea: Terence le Stella ba ne ba fumana batho ba ba emetse

O fa Ngaka Dimpho Tse Ikgethang

Agnès e leng Pulamadiboho e nngwe e dulang naheng ya New Caledonia, o ile a tlameha ho ya ngakeng kaha o ne a opelwa ke letsoho. Ngaka e ile ya bolella Agnès hore e se e kopane le batho ba bangata haholo ba kulang mme e ya ipotsa hore na ebe ke Modimo ya ba sotlang ka tsela eo na. Agnès o ile a rapella ka pelong mme a leboha Jehova hore ebe ke mona o fumane monyetla wa ho bua ka yena. O ile a mo bontsha pampitshana ya Na mathata a tla ke a fele? yaba o mo balla lengolo la Tšenolo 21:3, 4.

Ngaka eo e ile ya re: “Ke nahana hore lengolo leo ha le yo ka Bibeleng yaka hobane e na le Dikosepele feela.” Ha a bona hore Agnès ke Paki ya Jehova, o ile a mo bolella hore o kile a kopana le Dipaki naheng ya habo, Chile.

Agnès o ile a hopola hore o kile a shebella repoto ya lekala la Chile ho JW Broadcasting. Kahoo, ha a ya ngakeng hape, a ya le tablet ya hae, yaba o mo bontsha repoto eo. Ngaka e ile ya tlola ke thabo ha e bona Bethele ya Chile le Holo ya Kopano. Agnès o ile a qetella ka hore: “Ke na le mpho eo ke o tshwaretseng yona, Bibele e feletseng, e nang le Tshenolo 21:3, 4, e leng temana yane eo ke ileng ka o balla yona. U tle o e bale he!” Ngaka ena e ile ya ema e tletse mafolofolo yaba e haka Agnès mme ya re :“Ke a leboha ka dimpho tsena!”

Agnès, e leng pulamadiboho e mong wa New Caledonia, o bontsha ngaka video

New Caledonia: Ngaka ya hae e ile ya thabela ho ithuta

Kgetlong le latelang, Agnès o ile a ya a nkile buka ya Ke Eng Seo Bibele e se Rutang? yaba o tswela pele ho mo hlalosetsa lebaka leo batho ba sotlehang ka lona. Ngaka e ile ya bolella Agnès hore e tloya lapeng Chile mme e tla tsamaya le buka eo e le hore e qetelle ho e bala.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela