Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 106-107
  • O ile a Latela Tataiso ya Jehova

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O ile a Latela Tataiso ya Jehova
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Lerato la Bakreste ha le Fele le ka Mohla
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Ke ne ke Bona Eka Ke Phela Hamonate
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Ke ile ka Iponela ka Mahlo Seo Bibele e se Rutang!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Bala Tse Ding
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 106-107

GEORGIA

O ile a Latela Tataiso ya Jehova

Tamazi Biblaia

  • O HLAHILE KA 1954

  • O KOLOBEDITSWE KA 1982

  • PALE YA BOPHELO BA HAE O ile a thusa mosebetsing wa ho printa dingolwa ka sephiri mme e ne e le emong wa balebedi ba potoloho ba pele naheng ya Georgia. O ne a boetse a e na le boikarabelo ba ho hodisa bana ba bane.

Tamazi Biblaia

HA NNA le mosadi wa ka Tsitso re e ba Dipaki Tsa Jehova, mme o ile a re halefela haholo. Ka tsatsi le leng, o ile a bitsa ba lelapa leso e le hore ba tlo re bolella hore re kgaotse ho ikopanya le Dipaki. Ba ile ba re re kgethe hore na re batla ho ba Dipaki kapa re kgetha arohana le lelapa.

Re ile ra etsa qeto ya ho tsamaya. Kaha ke ne ke etsa mosebetsi wa matsoho, re ile ra fallela Kutaisi, e leng toropo e nngwe ya Georgia, moo nka fumanang mosebetsi ha bonolo. Ke ne ke boetse ke tseba hore ho hlokahala baboledi ba ditaba tse molemo motseng oo, kahoo pele ke etsa qeto ya ho ya moo, ke ile ka kopa tataiso ya Jehova.

Hamorao, ke ile ka kopana le motho eo ke neng ke ithuta Bibele le yena, ya neng a dula, Jvari. Ha a utlwa hore re batla ho ya Kutaisi, o ile a nkopa hore re ye Jvari . O ile a re: “Re na le ntlo. Nna le mosadi wa ka le bana re tla dula ka kamoreng e nngwe mme lona le tla sebedisa e nngwe.”

Kaha ke ne ke ntse ke rapella tataiso ho Jehova, ke ile ka bolella moithuti wa ka hore ke tla ya Jvari hang ha ke fumana mosebetsi le sebaka sa bodulo. Mantsiboyeng ao o ile a fihla a tshwere koranta e neng e ngotse mesebetsi e fumanehang.

Kamora matsatsi a seng makae, re ile ra fumana bodulo Jvari. Ke ile ka fumana mosebetsi o patalang hantle. Mongaka o ile a mpha bodulo ntlong e kholo ya khamphani. Nakwana kamora moo, barababo rona ba ile ba nkopa hore ke printe dingolwa tsa Bibele ka sephiri. Kaha ntlo ya rona e ne e le kgolo, re ile etsa qeto ya hore re tla printela ka tlung.

Re ne re boetse re sebedisa ntlo ya rona ho tshwara sehopotso le diketsahalo tse ding tsa bohlokwa ka dilemo tse ngata. Batho ba fetang 500 ba ile ba kolobeletswa hona ntlong eo ya rona! Ke thaba haholo ha ke bona kamoo Jehova a ileng a ntataisa kateng mme ke motlotlo hore ebe ke ile ka mo mamela!

Tamazi Biblaia le mosadi wa hae ba ithuta Bibele le monna e mong
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela