Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 108-109
  • “Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Modimo”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • “Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Modimo”
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 108-109

GEORGIA

“Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Modimo”

Natela Grigoriadis

  • O HLAHILE KA 1960

  • O KOLOBEDITSWE KA 1987

  • PALE YA BOPHELO BA HAE Nakwana kamora hore a kolobetswe, Natela o ile a sebedisa tsebo ya hae ya ho tsamaisa kgwebo bakeng sa ho thusa mosebetsing wa ho hatisa dingolwa o neng o etswa ka lekunutu.

Natela Grigoriadis

DILEMONG tsa bo1980, mokganni wa thuto ya Tora ya ho Lebela e ne e le yena feela ya tshwarang khopi ya Tora ya ho Lebela dibokeng, mme hangata e ne e le khopi e ngotsweng ka letsoho. Ke ile ka ya ho Genadi Gudadze, e leng e mong wa baholo ba phutheho ya rona yaba ke etsa tlhahiso ya hore re ka kgona jwang ho iprintela dimakasine.

Pele ho moo, barababo rona ba ne ba sebedisa mimeograph e leng motjhini o monyenyane o neng o etsa dingolwa. Motjhini ona o ne o sa kgone ho hlahisa dingolwa tse lekaneng. Ho ne ho hlokahala motjhini o mo holwanyane e le hore ho ka hatiswa dimakasine tse lekaneng nako le nako. E le ho finyella seo, ba ne ba lokela ho fumana motjhini o kopitsang kapele, motho ya tsebang ho thaepa hantle le disebediswa tse loketseng. Leha ho le jwalo ho ne ho le thata ho etsa sena kaha metjhini e thaepang le pampiri di ne di lokela ho ngodiswa mmusong le ho laolwa ke ba ditshebeletso tsa tshireletso.

Ke ile ka fumana motjhini o thaepang ho motswalle e mong wa ka ya neng a kgona ho fumana metjhini e lahluweng. Ausi wa ka o ne a tseba ho thaepa kahoo o ne a ka re thusa haholo. Barababo rona ba ile ba boela ba etsa motjhini o motjha mme ba fumana disebediswa tse ding tsa ho etsa dingolwa. Dintho di ile tsa tsamaya hantle haholo, mme re ile ra ba le khopi ya pele ya Tora ya ho Lebela ka puo ya Segeorgia.

Kamora nako ho ile ha boela ha hlaha mathata. Ka letsatsi le leng, Genadi o ile a re: “ Re lokela ho batla sebaka se seng moo re ka fumanang disebediswa tsa ho kopitsa.” O ne a bone disebediswa tsa ho kopitsa diofising tsa mmuso, empa o ne a sa kgone ho di reka hobane ba baholong ba ne ba mo behile leihlo. Re ile ra ipotsa hore na re tla di fumana jwang. Ke ile ka re, “Re keke ra kgona ho di fumana!” Genadi o ile a re ho nna: “Tlohela ho tjho jwalo. ‘Dintho tsohle dia kgoneha ho Modimo’!”—Mat. 19:26.

Ke ile ka nahana ka taba ena ka ho teba, mme letsatsing le hlahlamang ka ya diofising tsa mmuso. Jehova o ile a nthusa ho kopana le mosadi e mong ya tsebang ho thaepa ya ileng a fetisetsa kopo ya ka ho monna wa hae, ya neng a ikarabella. Ke ile ka kgona ho reka disebediswa ofising eo mme ho tloha ka nako eo ha re a ka ra hlola re e ba le mathata a ho reka disebediswa.

Natela Grigoriadis reads a Watchtower
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela