Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 128-129
  • Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • O ka Fumana Molemo Ofe ha o Bala Bibele?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke ile ka Iponela ka Mahlo Seo Bibele e se Rutang!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 128-129

GEORGIA

Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!

Marina Kopaliani

  • O HLAHILE KA 1957

  • O KOLOBEDITSWE KA 1990

  • PALE YA BOPHELO BA HAE Marina le monna wa hae Badri, e ile ya eba bahweletsi ha ba ntse ba hodisa bara ba bona ba babedi. Hamorao Badri o ile a sebeletsa e le moemedi wa komiti ya naha mme a hlokahala ka 2010 a ntse a tshepahala.

Marina Kopaliani

KA SELEMO sa 1989, nna le monna waka re ile ra kopana le Dipaki ntlong ya moahisane wa rona. Moraborona Givi Barnadze ya neng a ithuta Bibele le moahisane wa rona, o ne a sena Bibele kaha di ne di sokoleha ka nako eo, Georgia.

Re ile ra ananela seo re ileng ra se utlwa mme ra batla ho ba le Bibele ya rona. Ha monna wa ka a bona abuti wa hae, o ile a mo bolella hore o ntse a batla Bibele. O ile a makala haholo ha abuti wa hae a mo jwetsa hore o na le phetolelo e ntjha ya Bibele ka Segeorgia mme a ka thabela ho mo fa yona.

Ha Badri a kgutlela hae, o ile a dula tafoleng yaba o bala Bibele ho fihlela bosiu bo esa. Letsatsing le hlahlamang o ile a nna a e bala . Le ha ke tjhaisa, ke fumane a ntse a le ho yona. O ne a e bala bosiu le motsheare! Ke ile ka re a nke matsatsi a seng makae a phomolo e le hore a ka e qeta. Qetellong, o ile a e bala kaofela.

Ha re ne re qala ho bala buka ya ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le morabo rona Barnadze, re ne re se re ena le Bibele. Morabo rona Barnadze o ne a se na Bibele ha rona re se na buka ya ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Kahoo, re ne re shebisana. Kamora selemo, re ile ra kolobetswa.

Marina le Badri Kopaliani
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela