Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 130-131
  • O Ntse o le Hokae Nako ee Yohle?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O Ntse o le Hokae Nako ee Yohle?
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke ile ka Iponela ka Mahlo Seo Bibele e se Rutang!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Lerato la Bakreste ha le Fele le ka Mohla
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 130-131

GEORGIA

O Ntse o le Hokae Nako e Yohle?

Artur Gerekhelia

  • O HLAHILE KA 1956

  • O KOLOBEDITSWE KA 1991

  • PALE YA BOPHELO BA HAE Ka mora dikgwedi tse robedi feela a kolobeditswe, o ile a rekisa ntlo ya hae, a tlohela kgwebo ya hae e neng e atlehile mme a ya moo ho hlokahalang baboledi.

Artur Gerekhelia

E NE ese nako e telele ke kolobeditswe, ha baholo ba mpotsa hore na nka rata ho eketsa tshebeletso ya ka. Ka la 4 May 1992, ke ile ka ya sebokeng sa batho ba neng ba thabela ho ya moo ho hlokahalang baboledi. Letsatsi le latelang, nna le morabo rona e mong, re ile ra fallela sebakeng se bitswang Batumi se Ajaria.

Lekgetlo la pele ha ke ne ke bolela ditaba tse molemo Batumi, ke ne ke tshohile haholo. Ke ne ke ipotsa hore na nka qala moqoqo jwang le batho ba moo. Ke ile ka makala ha ke ultwa mosadi e mong eo ke ileng ka mo pakela a re: “O Ntse o le Hokae Nako ee Yohle?” Mosadi eo o ne a labalabela ho tseba ho eketsehileng ka Dipaki hoo a ileng a qala ho ithuta Bibele le rona letsatsi le latelang!

Pele re tloha Batumi, re ile ra fumana lethathamo la diaterese tsa batho ba neng ba thabela ho ithuta Bibele. Kaha re ne re sa tsebe sebaka seo hantle, re ne re kopa batho ba moo hore ba re bontshe diaterese tsa batho bao re neng re ba batla. Ba bang ba ne ba sa tsebe dibaka tseo re di batlang hobane boholo ba mabitso a diterata a ne a fetotswe. Leha ho jwalo, ba ne ba thabela molaetsa wa rona. Ka pele feela, re ne re se re ena le baithuti ba Bibele ba 10 ho isa ho ba 15.

Dikgwedi tse nne feela re fihlile sebakeng seo, batho ba fetang 40 ba ne ba se ba ya dibokeng. Kahoo re ile ra ipotsa hore na ke mang ya tla sala a hlokomela batho baa ba thahasellang. Ka lebaka la hore lebotho la sesole la Georgia le ne le lwantshana le sehlopha sa bohanyetsi sa Abkhazia, ditho tsa phutheho eo ke neng ke tswa ho yona di ile tsa fallela Batumi. Letsatsing leo ba fihlileng ka lona, ba ile ba theha phutheho e nang le baholo ba nang le phihlelo le bopulamadiboho.

Sehlopha sa baithuti ba Bibele
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela