Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 132-133
  • Ke ne ke Bona Eka Ke Phela Hamonate

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke ne ke Bona Eka Ke Phela Hamonate
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke ile ka Iponela ka Mahlo Seo Bibele e se Rutang!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • O ile a Latela Tataiso ya Jehova
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Ke ne ke Batla ho Fetola Bophelo ba ka
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Monna wa ka o ne a e Bala Bosiu le Motsheare!
    Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 132-133

GEORGIA

Ke ne ke Bona Eka ke Phela Hamonate

Madona Kankia

  • O HLAHILE KA 1962

  • O KOLOBEDITSWE KA 1990

  • PALE YA BOPHELO BA HAE E ne e le setho sa mokga wa dipolotiki, mme hamorao o ile a thusa batho ba bangata ho tseba nnete. Ke emong wa batho ba pele ba ho ya Sekolong sa pele sa Baevangeli ba Mmuso ka 2015 Tbilisi.

Madona Kankia

HA KE qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova ka 1989, ke ne ke le setho sa mokga wa dipolotiki motseng wa heso wa Senaki mme ke sebetsa Lekgotleng la Ketsamelao la Soviet Union, eo hona jwale e seng e le palamente. Ke ne ke boetse ke tshepisane lenyalo le mohlankana e mong, kahoo ke ne ke bona dintho tsohle di ntsamaela hantle.

Mme le Ntate ba ne ba nthutile ho rata Modimo. Kahoo ke ne ke dumela hore Modimo o teng, le hoja ke ne ke le setho sa dipolotiki. Ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka fumana dikarabo tsa dipotso tseo ke neng ke dula ke ipotsa tsona, kahoo ke ile ka kgetha ho inehela ho Jehova le ho mo sebeletsa. Leha ho le jwalo, ba lelapa leso, metswalle ya ka basebetsimmoho le mohlankana wa ka, ba ne ba sa dumellane le qeto eo ke e entseng.

Ba lelapa leso ba ile ba ntahla ka lebaka la tumelo ya ka, mme ke ne ke lokela le ho tlohela ho ba setho sa dipolotiki. Ke ile ka etsa qeto ya ho tloha lapeng, ho arohana le mohlankana, ho tlohela mosebetsi, ho tlohela ho ba setho sa dipolotiki le ho ba Lekgotleng la Ketsamelao la Soviet Union. Kamora hore ke kolobetswe, ke ile ka nna ka hanyetswa. Ke ne ke tsebahala haholo motseng wa heso, kahoo, ke ile ka etsa qeto ya ho fallela motsemoholo Kutaisi, e leng moo ke ileng ka qalella ho sebeletsa ke le pulamadiboho.

Ha batho ba ne ba mpotsa hore na ke hobaneng ha ke itshotla hakana, ke ne ke ba bolella hore ha ke itshole ka diqeto tseo ke di entseng. Le hoja batswadi ba ka ba ne ba sa dumellane le diqeto tseo ke ileng ka di etsa, ke thabela hore ba ile ba nthuta ho rata Modimo le ho rata batho ba bang. Dintho tsena di nthusitse haholo bophelong.

Madona Kankia o ithuta Bibele le mosadi e mong
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela