GEORGIA
Lerato la Bakreste ha le Fele le ka Mohla
Igor: Re ne re le sehlopheng sa Dipaki tse neng di dula toropong ya Tkvarcheli, Abkhazia. Kaha sehlopha sa rona se ne se thuswa ke phutheho e motseng wa Jvari, e bohole ba dikhilomithara tse ka bang 85, ke ne ke ya moo kgwedi le kgwedi ho ya lata dingolwa tsa Bibele. Ka 1992, kamora hore puso ya Soviet Union e fele, Abkhazia e ile ya leka ho ikarola naheng ya Georgia. Sena se ile sa etsa hore batho ba Abkhazia ba neng ba leka ho ipusa ba lwane le masole a naha ya Georgia.
Gizo Narmania le Igor Ochigava
Bara bana babo rona ba babedi ba ile ba thusa badumedi mmoho le bona nakong ya ntwa Abkhazia.
Gizo: Ke ile ka kolobetswa ha ke le dilemo di 21. Kamora moo, dintwa di ile tsa qala. Ha di qala, barababo rona ba ne ba tshohile mme ba ipotsa hore na ba tla bolela ditaba tse molemo jwang. Empa Igor eo e neng e le moholo wa phutheho o ile a re kgothatsa, a re: “Ena ke nako ya hore batho ba tshidiswe. Re tla dula re e na le kamano e ntle le Jehova haeba feela re tswelapele ho bolela ditaba tse molemo.” Kahoo re ile ra tswelapele ho bolella baahisane ba rona molaetsa o tshidisang o tswang Bibeleng re ipatile.
Igor: Ka lebaka la dintwa tsena, re ne re sa kgone ho sebedisa tsela eo re neng re tlwaetse ho e sebedisa ha re lata dingolwa. Ka lebaka la hore ke holetse Jvari, ke ne ke tseba ditsela tse sireletsehileng tseo re neng re ka di sebedisa tse fetang hara masimo a tee le dithabeng. Le ha ho le jwalo, ho tsamaya moo ho ne ho le kotsi kaha motho o ne a ka kopana le banna ba nang le dibetsa kapa a hata dibomo tse tjheketsweng fatshe. Ke ne ke sa batle ho beha bophelo ba barabeso kotsing, kahoo ke ne ke tsamaya ke le mong kgwedi le kgwedi. Jehova o ile a nthusa hore ke kgone ho dula ke lata dingolwa ka nako, e leng se ileng sa re thusa ho dula re na le tumelo e matla.
Le hoja ho ne ho se na dintwa Tkvarcheli, toropo ya rona e ne e thibeletswe mme sena se ne se etsa hore bophelo bo be thata. Ha mariha a kena, dijo di ne di se di ntse di tlo fela kahoo re ne re ipotsa hore na re tla phela jwang. Re ile ra thaba haholo ha re utlwa hore barababo rona ba Jvari ba ikemiseditse ho tlo re thusa!
Gizo: Ka letsatsi le leng, Igor o ile a kopa hore ntlo ya ka e sebedisetswe ho beha dijo tse neng di rometswe ke barababo rona ba Jvari. O ile a ithaopela ho di lata. Re ne re tshwenyehile haholo ka bophelo ba hae kaha o ne a lokela ho feta dibakeng tse kotsi mme a le kotsing ya ho kopana le banna ba hlometseng le mashodu.—Joh. 15:13.
Re ile ra thaba haholo ha re bona Igor a kgutla a sireletsehile, ka koloi e tletseng dijo tse ngata tseo re neng re tla di ja mariha kaofela. Dinakong tseo tse boima re ile ra hlokomela hore lerato la Bakreste ha le fele le ka mohla—1 Bakor. 13:8.