Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 162-168
  • Ba ile ba Hopola Mmopi wa Bona e Moholo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ba ile ba Hopola Mmopi wa Bona e Moholo
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dihloohwana
  • “Hona Jwale ke Thabile e le Kannete!”
  • “Bana ba ka ba Tswela Pele ho Tsamaya Nneteng”
  • Ho Fetolelwa Dingolwa ka Dipuo Tse Ding
  • Diketsahalo Tse sa Lebaleheng
  • ‘Ba Hahamalla Dintho Tse ka Pele’
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 162-168
Batjha ba Georgia ba thabela ho bina

GEORGIA

Ba ile ba Hopola Mmopi wa Bona e Moholo

Maqepheng a fetileng, re badile ka batjha ba ileng ba ‘hopola Mmopi wa bona e Moholo, matsatsing a botjha ba bona.’ (Moek. 12:1) Georgia e na le bopulamadiboho ba 3 197 mme ba ka bang 1 066 ke batjha ba dilemo tse 25 kapa ba ka tlase ho moo. Ebe ke hobaneng ha batjha baa ba bangata haakale ba tiile nneteng?

Ho bonahala ho ena le dintho tse ngata tse entseng hore batjha bana ba rate tshebeletso. Lebaka la pele ke hore, malapa a mangata a Mageorgia a momahane. Konstantine, e leng Ntate ya hodisitseng bana ba hae ba bahlano a ba ruta nnete o re: “Ke ile ka batla ho ba paki kamora hore ke tsebe hore Jehova ke Ntate ya lerato. Ha ke eba ntate, ke ne ke batla hore bana ba ka ba phutholohe ha ba ena le nna.”

Malkhazi le mosadi wa hae ba nang le bana ba bararo, ba leka ka hohle kamoo ba ka khonang ho etsa hore lelapa la bona le momahane. Malkhazi o re: “Re dula re kgothalletsa bana ba rona hore ba nahane ka dintho tse molemo tseo re di etsang hammoho le tseo bana ba bo bona ba di etsang. Ebe re kopa hore ba bue ka tsona ha re etsa borapedi ba lelapa. Kahoo, ba se ba kgona ho bona dintho tse molemo tseo ba bang ba di etsang mme ba a di ananela.”

“Hona Jwale ke Thabile e le Kannete!”

Baholo ba tshehetsa batswadi mosebetsing wa bona wa ho kwetlisa bana ba bona, ka hore ba bafe mesebetsi e itseng ka phuthehong. Nestori, ya kolobeditsweng a le dilemo di 11 o re: “Ho tloha ha ke sa le monyane, baholo ba ne ba mpha mesebetsi e itseng ka phuthehong. Ke ile ka hlokomela hore ke motho wa bohlokwa ka phuthehong.”

Tshehetso eo batho ba behang mohlala o motle ka phuthehong ba fanang ka yona le eo baholo ba fanang ka yona ke ya bohlokwa. Abuti wa Nestori e leng Koba o re: “Ha ke sa le motjha ke ne ke sa tshwane le banabeso kaha ke ne ke le setoutu. Moholo e mong ya motjha dilemong, eo ke neng ke mo rata haholo o ne a dula a leka ho nthusa a sa nkahlole. Ruri o ile a nthusa hore ke kgutlele ho Jehova.”

Nestori le abuti wa hae Koba, hammoho le ausi wa bona Mari ba sebeletsa moo ho hlokahalang bahweletsi ba eketsehileng. Koba o re, “Hona jwale ke thabile e le kannete!”

“Bana ba ka ba Tswela Pele ho Tsamaya Nneteng”

Ofisi ya lekala e leka ho tshehetsa batswadi ho kwetlisa bana ba bona ka ho memela batjha hore ba sebetse diprojekeng tsa mokgatlo. Morabo rona e mong wa Komiti ya Lekala o re: “Re ananela batjha ba rona haholo, kahoo re etsa sohle seo re ka se kgonang ho ba tshehetsa e le hore ba ka finyella seo ba batlang ho se etsa tshebeletsong ya Modimo.”

Dipaki tsa Georgia tse ileng tsa sebetsa le bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding nakong eo ba ntseng ba haha Holo ya Kopano Tbilisi

Dipaki tsa Georgia tse ileng tsa sebetsa le bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding nakong eo ba ntseng ba haha Holo ya Kopano Tbilisi

Batjha ba thabela ho sebetsa le bara le baradibabo rona ba hodileng tsebong mme ba ithuta dintho tse ngata ho bona. Mamuka ya ileng a sebetsa le bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding kahong ya Holo ya Kopano e Tbilisi, o re: “Ke ithutile dintho tse ngata ha ke ntse ke sebetsa kahong le bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding. Ntle le ho ithuta mosebetsi, ke ithutile dintho tse ngata tse tla etsa hore ke be motho ya molemo.”

Batjha ba Georgia ba ile ba thuswa ke malapa a momahaneng, baholo ba ba kgothatsang hammoho le mohlala o motle wa ba bang. Batswadi ba Georgia ba bua mantswe ana ao moapostola Johanne a ileng a a bua ha a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta dintho tsena, hore ebe ke utlwa hore bana ba ka ba tswela pele ho tsamaya nneteng.”—3 Joh. 4.

Ho Fetolelwa Dingolwa ka Dipuo Tse Ding

Ka selemo sa 2013, Sehlopha se Busang se ile sa kopa makala hore a batlisise hore na ke dipuo dife tse ntjha tse hlokang dingolwa. Sena se ne se tla etsa hore batho ba bangata ba fumane ditaba tse molemo.

Kahoo, lekala la Georgia le ile la etsa qeto ya hore dingolwa tse ding di fetolelwe ka Sevaneti le Semingrelia, e leng dipuo tse pedi tse batlileng di tshwana le Segeorgia.

Bopulamadiboho ba tswang moo ho dulang Masevaneti ba re: “Masevaneti ke batho ba ratang Modimo ebile ba hlompha Bibele. Esita le batho ba neng ba sa rate ho nka dingolwa tsa rona, ba ile ba di thabela kaha di ne di ngotswe ka puo ya bona.”

Batho ba buang Semingrelia ba ile ba thaba haholo ha ba eba le diboka ka puo ya bona ka lekgetlo la pele. Giga eo e leng pulamadiboho ya motjha dilemong o re: “Hona jwale ke kgona ho arabela ka mantswe aka ha ke le dibokeng. Ha ho sa hlokahala hore ke fetolele seo ke se balang pele ke arabela.”

Zuri eo eleng moholo phuthehong e buang Semingrelia e Tkaia, o re: “Ke nnile ka etsahallwa ke dintho tse ngata tse monate le tse bohloko bophelong, le ha ho le jwalo ha di eso ka di etsa hore ke lle. Empa letsatsing leo ka lona re ileng ra bina dipina tsa Mmuso ka Semingrelia ka lekgetlo la pele, batho ba ile ba lla ho akarelletsa le nna.”

Diketsahalo Tse sa Lebaleheng

Ka Moqebelo wa la 6 April, 2013 ho ile ha eba le ketsahalo ya bohlokwa haholo historing ya Dipaki Tsa Jehova tsa Georgia. Morabo rona David Splane wa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ha ho nehelwa lekala le ekeditsweng le le ntjhafaditsweng la Georgia, Holo ya Kopano le moaho oo ho neng ho tla kenela dikolo tsa Bibele ho ona. Dipaki tse ngata tse dulang sebakeng seo, di ile tsa amohela baeti ba 338 ba tswang dinaheng tse 24 malapeng a tsona.

Letsatsing le hlahlamang, Morabo rona  Splane o ile a fana ka puo e kgethehileng ho batho ba 15 200 mme bara le baradibabo rona ba bang ba ile ba mamela puo ena ba e shebelletse diphuthehong tsa habo bona. Ena e ne e le ketsahalo e kgolo ka ho fetisisa e kileng ya eba teng Georgia. Bara le baradibabo rona ba ile ba thabela ho ba mmoho le ho khothatsana. Mora e mong wa bo rona ya motjha dilemong o re, “Hona jwale, ke a tseba hore ho tlaba jwang lefatsheng le letjha.”

Ha ho nehelwa lekala, khwaere e ya bina, Dipaki di thabelane kantle, baeti ba saena buka ya baeti

Ho nehelwa Ofisi ya Lekala ya Tbilisi, ka 2013

Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste, seo hona jwale se bitswang Sekolo sa Baevangeli ba Mmuso, ebile tlhohonolofatso ho batho ba Modimo ba Georgia. Ho tloha ka 2013, batho ba fetang 200 ba se ba tswa sekolong seo. Ka lebaka la thuto ya bohlokwa eo ba e fumaneng moo, bara le baradibabo rona ba ikemiseditse ho sebeletsa hohle moo ba kopuwang hore ba ye teng.

‘Ba Hahamalla Dintho Tse ka Pele’

Ruri re leboha bara le baradibabo rona ba ileng ba sebetsa ka thata hore ditaba tse molemo di bolelwe Georgia yohle. Jehova o ba hlohonolofaditse ka lebaka la tumelo ya bona le tsela eo ba ileng ba bontsha hore ba a mo rata le hore ba rata baahelani ba bona ka hore ba etse sohle seo ba neng ba ka se kgona ho ba bolella ditaba tse Molemo.

Bara le baradi ba bo rona ba Georgia ba fetang 18 000, ba ntse ba tswela pele ka mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo le ho thusa baahelani ba bona hore ba dumelle Lentswe la Modimo hore le fetole bophelo ba bona.—Bafil. 3:13; 4:13.

Ditho tsa Komiti ya Lekala la Georgia: Wayne Tomchuk, Levani Kopaliani, Joni Shalamberidze le Michael E. Jones

Ditho tsa Komiti ya Lekala la Georgia: Wayne Tomchuk, Levani Kopaliani, Joni Shalamberidze le Michael E. Jones

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela