Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • yb17 maq. 169-170
  • Batho ba Makurde ba Amohela Nnete

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Makurde ba Amohela Nnete
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 169-170
Moradiwabo rona o ithuta Bibele le mme e mong ka puo ya Sekurde

GEORGIA

Batho ba Buang Sekurde ba Amohela Nnete

GULIZAR o re: “Ke dula ke rapela Jehova ke mo bolella kamoo ke lebohang ka teng hore e be o nthusitse hore ke ithute ka yena ka puo ya ka.”

Gulizar o ne a tsebile Dipaki ka dilemo tse ka bang robedi, empa o ile a kolobetswa kamora hore a utlwe nnete ka puo ya hae ya Sekurde. Ke emong wa batho ba bangata ba buang Sekurde ba ileng ba amohela nnete Georgia dilemong tsa morao tjena. Batho ba buang Sekurde ba hlaha kae?

Haesale Makurde a dula Bochabela bo Hare ka dilemo tse makgolo. Baithuti ba bang ba Bibele ba nahana hore ba hlaha lelokong la Bamede bao ho buuwang ka bona ka Bibeleng. (2 Mar. 18:11; Lik. 2:9) Puo ya bona ke e nngwe ya tse buuwang ke batho ba Iran.

Mehleng ena Makurde a mangata a dula dinaheng tse fapafapaneng tse kang Armenia, Iran, Iraq, Syria le Turkey. Ho na le Makurde a kabang 20 000 Georgia. Boholo ba bona ke batho ba tshabang Modimo.

Hona jwale ho na le bahweletsi ba 500 ba buang Sekurde Georgia, mme ho na le diphutheho tse tharo tsa puo eo. Ntho e thabisang ka ho fetisisa ke hore ka 2014, ho ile ha eba le kopano ya pele ya setereke ka Sekurde Tbilisi. Ho ile ha tla batho ba neng ba tswa Armenia, Germany, Turkey le Ukraine.

Bana ba Makurde ba thabetse video tsa Kalebe le Sofia
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela