GEORGIA
Lerato le Hlola Meedi e Entsweng ke Batho
NAKWANA pele Sanel a hlaha, dingaka di ile tsa bolella batswadi ba hae hore haeba a ka hlaha a phela, o ne a tla ba le mathata a ho kula. Ho tloha letsatsing la pele feela a hlahile, o ile a lokela ho etswa opereishene. Batswadi ba hae, ba neng ba dula Abkhazia, e leng naha e ileng ya tswa pusong ya Georgia, ba ne ba sa fumane ngaka eka etsang Sanel opereishene e sa tshele madi.
Batswadi ba Sanel ba ile ba ikopanya le Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele.a Ba ile ba kgothatswa ke ha bara baborona ba Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele ba ba bolella hore ba fumane ngaka Tbilisi, eleng motsemoholo wa Georgia, e neng e dumetse ho etsa opereishene e sa tshele madi. Empa mme wa Sanel o ne a ntse a fokola kamora ho ba le ngwana. Kahoo, bonkgono ba Sanel, bao e neng e le Dipaki Tsa Jehova, ba ile ba isa Sanel sepetlele, Tbilisi.
Opereishene eo e ile ya atleha. Nakwana kamora moo, bonkgono ba ile ba re: “Re qetile matsatsi a 20 re le sepetlele. Ha re ntse re le moo, bara le baradibabo rona ba Georgia ba ne ba re utlwela bohloko, ba re etela ba bile ba re thusa ka dintho tseo re di hlokang. Re nnile ra bala ka lerato le bontshwang ke bara ba motho empa kgetlong lena, re ile ra bona ha seo se etsahala ho rona.”
[Mongolo o botlaseng ba leqephe]
a Baholo ba sebeletsang Komiting ya Bohokahanyi le Dipetlele Georgia, ba na le lethathamo la dingaka tse fetang 250 tse dumelang ho etsa diopereishene di sa tshele madi.