Kolobetso e Bolelang?
Karabo ya Bibele
Kolobetso ke ha motho a qwediswa ka metsing mme ka mora moo a ntshwa.a Ho na le ditlaleho tse ngata ka Bibeleng tsa batho ba ileng ba kolobetswa. (Diketso 2:41) E mong wa bona ke Jesu, ya ileng a qwediswa Nokeng ya Jordane. (Matheu 3:13, 16) Dilemo ha morao, monna e mong wa Moethiopia o ile a kolobeletswa ‘moo ho neng ho e na le metsi’ a neng a le haufi le tsela eo a neng a tsamaya ho yona.—Diketso 8:36-40.
Jesu o ile a ruta hore balatedi ba hae ba lokela ho kolobetswa. (Matheu 28:19, 20) Moapostola Petrose le yena o ile a hatisa thuto eo.—1 Petrose 3:21.
Sehloohong sena
Ho bolelang ho kolobetswa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moya o halalelang?
Batho ba bang ba ileng ba kolobetswa ba tlalehilweng ka Bibeleng
Kolobetso e bolelang?
Ha motho a kolobetswa, o bontsha batho hore o baketse dibe tsa hae le hore o tshepisitse Modimo hore o tla etsa thato ya hae maemong ohle. Sena se bolela hore o tla mamela Modimo le Jesu dinthong tsohle. Motho ya kolobeditsweng o phela ka tsela eo Modimo a e batlang e le hore a tle a fumane bophelo bo sa feleng.
Ho qwela ka metsing ke tsela e hlakileng ya ho bontsha hore motho o fetotse bophelo ba hae. Jwang? Bibele e tshwantsha ho kolobetswa le ho patwa ha bafu. (Baroma 6:4; Bakolose 2:12) Ha motho a qwela ka metsing, o bontsha hore o shwele mesebetsing eo a neng a e etsa pele. Ha a tswa ka metsing, o bontsha hore o qala bophelo bo botjha e le Mokreste ya inehetseng ho Modimo.
Bibele e reng ka kolobetso kapa tlhatsuwo ya masea?
Ha ho na moo Bibele e buang ka “tlhatsuwo”b ya masea ebile ha e rute hore masea a lokela ho kolobetswa.
Ho kolobetswa ha masea ha ho dumellane le thuto ya Bibele. Bibele e ruta hore ho na le dintho tseo motho ya batlang ho kolobetswa a lokelang ho di etsa. Ka mohlala, bonyane o lokela ho utlwisisa dithuto tsa motheo tsa Bibele le ho phela tumellanong le tsona. O lokela ho bakela dibe tsa hae. Hape o lokela ho inehela ho Modimo ka thapelo. (Diketso 2:38, 41; 8:12) Masea ha a kgone ho etsa dintho tsena.
Ho bolelang ho kolobetswa ka lebitso la Ntate, la Mora le la moya o halalelang?
Jesu o ile a laela balatedi ba hae hore ba ‘etse batho barutuwa, ba ba kolobetse ka lebitso la Ntate, la Mora le la moya o halalelang. Ba ba rute ho mamela dintho tsohle tseo a ba laetseng tsona.’ (Matheu 28:19, 20) Ho kolobetswa “ka lebitso la” ho bolela hore motho ya kolobetswang wa utlwisisa ebile o amohela matla le boemo ba Ntate le Mora ebile o utlwisisa karolo e bapalwang ke moya o halalelang. Ka mohlala, Moapostola Petrose o ile a re ho monna ya neng a hlahile a holofetse: “Ka lebitso la Jesu Kreste wa Monazaretha, ema o tsamaye.” (Diketso 3:6) Sena se bontsha hore Petrose o ne a utlwisisa hore o atlehile ho fodisa monna enwa ka mohlolo ka lebaka la matla a neng a tswa ho Kreste.
“Ntate” ke Jehovac Modimo. Jwalo ka Mmopi, Mofani wa Bophelo le Modimo ya Matla ohle, Jehova ke yena ya nang le bolaodi bo phahameng ka ho fetisisa.—Genese 17:1; Tshenolo 4:11.
“Mora” ke Jesu Kreste, ya faneng ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (Baroma 6:23) Re ke ke ra pholoha haeba re sa utlwisise ebile re sa amohele karolo ya Jesu ho phethahaleng ha morero wa Modimo ka batho.—Johanne 14:6; 20:31; Diketso 4:8-12.
“Moya o halalelang” ke matla a Modimo a sebetsang.d Modimo o sebedisitse moya o halalelang ho bopa, ho fana ka bophelo, ho fa baprofeta le batho ba bang melaetsa le ho ba matlafatsa hore ba etse thato ya hae. (Genese 1:2; Jobo 33:4; Baroma 15:18, 19) Modimo o sebedisitse moya o halalelang ho susumetsa bangodi ba Bibele hore ba ngole menahano ya hae.—2 Petrose 1:21.
Na ke sebe ho kolobetswa hape?
Batho ba bangata ba etsa qeto ya ho ya bodumeding bo bong. Empa ho thweng haeba motho eo a se a kolobeditswe kerekeng eo a neng a le ho yona pele? Na ke sebe hore a kolobetswe hape? Batho ba bang ba re ke sebe hobane ba nahana ka se tlalehilweng ho Baefese 4:5, e reng: “Morena o mong, tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe.” Le ha ho le jwalo, temana ena ha e bolele hore motho a ka se kolobetswe hape. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?
Moelelo. Moelelo wa Baefese 4:5 o bontsha hore moapostola Pauluse o ne a hatisa bohlokwa ba hore Bakreste ba dumele dintho tse tshwanang ba be ba be le tumelo e le nngwe. (Baefese 4:1-3, 16) Bonngwe boo, bo ne bo ka ba teng feela haeba ba latela Morena a le mong, Jesu Kreste. Haeba ba e na le tumelo e le nngwe kapa kutlwisiso e tshwanang ya dithuto tsa Bibele mme ba latela dintho tseo Bibele e reng ba lokela ho di etsa e le hore ba kolobetswe.
Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa ba bang ba neng ba se ba kolobeditswe hore ba kolobetswe hape. O ile a etsa sena hobane ba ne ba kolobeditswe ba se na kutlwisiso e feletseng ya dithuto tsa Bokreste.—Diketso 19:1-5.
Mabaka a nepahetseng a ho kolobetswa. E le hore kolobetso e amohelehe ho Molimo, e lokela ho thehwa dinneteng tsa Bibele. (1 Timothea 2:3, 4) Haeba motho a kolobetswa a rutilwe dithuto tse kgahlanong le Bibele, kolobetso e jwalo ha e amohelehe ho Molimo. (Johanne 4:23, 24) Le haeba motho ya jwalo a ne a e na le boikemisetso bo botle, ha a etsa dintho “ho ya ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) E le hore Modimo a mo amohele, o lokela ho ithuta dinnete tsa Bibele, a sebedise seo a ithutileng sona bophelong ba hae, a inehele ho Modimo a be a kolobetswe hape. Maemong ana, ho kolobetswa hape e tla be e se sebe. Ha e le hantle, o tla be a etsa se nepahetseng.
Batho ba bang ba ileng ba kolobetswa ba tlalehilweng ka Bibeleng
Bibele e bua ka batho ba bang ba ileng ba kolobetswa empa e le ka morero o fapaneng le wa balatedi ba Kreste ba ileng ba qwela ka metsing. A re shebe e meng ya mehlala e latelang.
Kolobetso e entsweng ke Johanne Mokolobetsi.e Bajuda le batho ba neng ba sokolohetse Bojudeng ba ile ba kolobetswa ke Johanne ho bontsha hore ba baketse dibe tseo ba neng ba di entse ho latela Molao wa Moshe e leng Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe. Kolobetso ya Johanne e ne e lokisetsa batho ho amohela Mesia, e leng Jesu wa Nazaretha.—Luka 1:13-17; 3:2, 3; Diketso 19:4.
Kolobetso ya Jesu. Kolobetso ya Jesu e entsweng ke Johanne Mokolobetsi e ne e ikgethile. Jesu e ne e le motho ya phethahetseng ya se nang sebe. (1 Petrose 2:21, 22) Ka hoo, kolobetso ya hae e ne e sa kenyelletse ho baka kapa ho “kopa Modimo hore a mo thuse ho ba le letswalo le kgutsitseng.” (1 Petrose 3:21) Empa e ne e bontsha hore o fana ka bophelo ba hae ho Modimo e le hore a etse thato ya hae jwalo ka Mesia ya tshepisitsweng kapa Kreste. Sena se ne se bolela hore o fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona.—Baheberu 10:7-10.
Ho kolobetswa ka moya o halalelang. Johanne Mokolobetsi le Jesu Kreste ka bobedi ba ile ba bua ka ho kolobetswa ka moya o halalelang. (Matheu 3:11; Luka 3:16; Diketso 1:1-5) Mofuta oo wa kolobetso o ne o sa tshwane le ho kolobetswa ka lebitso la moya o halalelang. (Matheu 28:19) Ke hobaneng ha re tjho jwalo?
Ke palo e fokolang feela ya balatedi ba Jesu e kolobeditsweng ka moya o halalelang. Bana ke ba tlotsitsweng ka moya o halalelang hobane ba bitseditswe ho ilo busa le Kreste lehodimong e le marena le baprista.f (1 Petrose 1:3, 4; Tshenolo 5:9, 10) Ba tla be ba busa balatedi ba Jesu ba dimilione ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatsheng.—Matheu 5:5; Luka 23:43.
Ho kolobeletswa ho Kreste Jesu le lefung la hae. Batho ba kolobeditsweng ka moya o halalelang ba boetse ba “kolobeletswa ho Kreste Jesu.” (Baroma 6:3) Ka hoo, kolobetso ena e sebetsa feela ho balatedi ba Jesu ba tlotsitsweng, ba tla busa le yena lehodimong. Ha ba kolobeletswa ho Jesu, e ba karolo ya phutheho ya hae e tlotsitsweng. Ke Hlooho, bona ke mmele.—1 Bakorinthe 12:12, 13, 27; Bakolose 1:18.
Bakreste bana ba tlotsitsweng ba boetse ba ‘kolobeletsoa lefung la Jesu.’ (Baroma 6:3, 4) Jwalo ka Jesu, ha ba sa iphelela empa ba phelela ho mamela Modimo mme ba a tseba hore ha ba sa na tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng. Kolobetso ya bona ya tshwantshetso lefung la Kreste, e fihla pheletsong nakong eo ba shwang mme ba tsosetswa ho ya phela lehodimong e le dibopuwa tsa moya.—Baroma 6:5; 1 Bakorinthe 15:42-44.
Ho kolobetswa ka mollo. Johanne Mokolobetsi o ile a re ho bamamedi ba hae: “Ya tlang ka mora ka yena o tla le kolobetsa ka moya o halalelang le ka mollo. . . . O tshwere kgarafu ya hae e olosang. O tla hlwekisa seotlo sa hae ka ho feletseng, a bokelle koro ya hae ka setorong empa o tla tjhesa mmoko ka mollo o ke keng wa tima.” (Matheu 3:11, 12) Hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa ho kolobetswa ka mollo le ho kolobetswa ka moya o halalelang. Johanne o ne a bolela eng papisong ee?
Koro e tshwantshetsa ba tla mamela Jesu mme ba boetse ba na le tshepo ya ho kolobetswa ka moya o halalelang. Mmoko ona o tshwantshetsa ba sa tlo mamela Jesu. Pheletso ya bona ke kolobetso ya mollo, e tshwantshetsang timetso ya ka ho sa feleng.—Matheu 3:7-12; Luka 3:16, 17.
a Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “kolobetso” le bolela “ho qwediswa ka metsing, ho kwahelwa ka metsi le ho tswa ka ho wona,” ho latela Vine’s Complete Expository Dictionary of Old and New Testament Words.
b Lentswe “tlhatsuwo” ha le yo ka Bibeleng. Tlhatsuwo ke tshebeletso eo dikereke di e etsang ya ho “kolobetsa” masea ka ho ba fafatsa kapa ho ba tshela ka metsi hloohong le ho ba rea mabitso.
c Jehova ke lebitso la Modimo. (Pesaleme ya 83:18) Bala sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”
d Bala sehlooho se reng “Moya o Halalelang Keng?”
e Bala sehlooho se reng “Who Was John the Baptist?”
f Bala sehlooho se reng “Ke Bomang ba Yang Lehodimong?”
g Ka dinako tse ding, Bibele e sebedisa lentswe “kolobetso” ho hlalosa ho hlwekisa dintho tse amanang le bodumedi, jwalo ka ho inela disebediswa. (Mareka 7:4; Baheberu 9:10) Le ha ho le jwalo, sena se fapane ka ho feletseng le ho qwediswa ha Jesu ka metsing le balatedi ba hae.