8Joale Jehova a re ho Joshua: “U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo.+ Nka batho bohle ba ntoa ’me u tlohe, u nyolohele Ai. Bona, ke nehelane ka morena oa Ai le batho ba hae le motse oa hae le naha ea hae letsohong la hao.+
3 Tumellanong le hoo Joshua le batho bohle ba ntoa+ ba ema ho nyolohela Ai, eaba Joshua o khetha banna ba likete tse mashome a mararo, ba matla ba sebete,+ ’me o ba romela bosiu.