Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 1:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Eitse ka mor’a lefu+ la Joshua bara ba Iseraele ba botsa+ Jehova, ba re: “Ke mang ho rōna ea tla nyoloha pele ho ea loantša Bakanana?”

  • Baahloli 20:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ba ema ba nyolohela Bethele ’me ba botsa Molimo.+ Joale bara ba Iseraele ba re: “Ke mang ho rōna ea tla etella pele ho loantša bara ba Benjamine?”+ Eaba Jehova o re: “Juda a etelle pele.”+

  • 1 Samuele 14:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 Joale Saule a re: “Lahlang lotho+ e le hore le etse qeto pakeng tsa ka le mora oa ka Jonathane.” Jonathane a nkoa.

  • Nehemia 11:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Joale likhosana+ tsa sechaba li ne li lula Jerusalema;+ empa ha e le batho ba bang kaofela, ba ile ba lahla lotho+ e le ho tlisa a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a lule Jerusalema motseng o halalelang,+ le likarolong tse ling tse robong metseng e meng.

  • Liproverbia 16:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Lotho e lahleloa kotleng ea seaparo,+ empa qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ka eona e tsoa ho Jehova.+

  • Liketso 1:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Kahoo ba lahla lotho+ bakeng sa bona, ’me lotho ea oela ho Mathiase; eaba o balelloa le baapostola ba leshome le motso o mong.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela