-
1 Samuele 24:11Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
11 Ntate,+ bona, e, bona moleka oa seaparo sa hao se se nang matsoho letsohong la ka, kaha eitse ha ke seha moleka oa seaparo sa hao se se nang matsoho ha kea ka ka u bolaea. Tseba ’me u bone hore ha ho bobe+ kapa bofetoheli letsohong la ka, ’me ha kea u siteloa, ha u ntse u laletse ho nka moea oa ka.+
-
-
Pesaleme 7:3Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
3 Jehova Molimo oa ka, haeba ke entse sena,+
Haeba ho e-na le ho hloka toka leha e le hofe matsohong a ka,+
-
Johanne 10:32Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
32 Jesu a ba araba: “Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle e tsoang ho Ntate. Le ntlepetsa ka majoe ka lebaka la mosebetsi ofe ho eona?”
-
-
Johanne 18:23Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
23 Jesu a mo araba: “Haeba ke buile ka phoso, paka malebana le phoso eo; empa haeba ke ka nepo, u nkotlela’ng?”
-
-
-